Ho Sebelisoa ha Mali Phekolong—Na ho Tla Lula ho Sireletsehile?
“Ho sebelisoa ha mali phekolong ho tla ’ne ho batle ho tšoana le ho tsamaea morung o lulang o le motala o sebakeng se chesang se mongobo, oo motho a tsebang hantle hore na tsela e hokae empa ho ntse ho hlokahala hore a tsamaee ka hloko, ebile ho ntse ho ka ’na ha hlaha likotsi tse ling tse bileng li poteletseng tse ka tšoasang ba seng hlokolosi.”—Ian M. Franklin, moprofesa oa tšebeliso ea mali phekolong.
KA MOR’A hore seoa sa AIDS se aparetseng lefatše se bule batho mahlo ka mali lilemong tsa bo-1980, ho ile ha matlafatsoa boiteko ba ho felisa ‘likotsi tse poteletseng.’ Empa ho ntse ho e-na le litšitiso tse khōlōhali. Ka June 2005, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o ile oa lumela hore: “Monyetla oa hore motho a fuoe mali a sireletsehileng . . . o itšetlehile haholo ka sebaka.” Hobane’ng?
Linaheng tse ngata ha ho na mananeo a hokahantsoeng naheng ka bophara ho netefatsa hore tsela eo mali le metsoako ea ’ona a bokelloang, a hlahlojoang le ho tsamaisoa ka eona e sireletsehile. Ka linako tse ling mali a bile a bolokoa ka tsela e sa sireletsehang—a kenngoa ka lihatsetsing tse seng maemong a matle tse sebelisoang malapeng le ka mabokoseng a bolokang lintho li bata! Ha ho se litsela tse lateloang ho bona hore a sireletsehile, bakuli ba ka tšoaetšoa ke mali a nkiloeng ho motho ea lulang sebakeng se hōle le bona ka lik’hilomithara tse makholo—haeba e se tse likete.
Mali a se Nang Tšoaetso—Pakane e Thata ho Finyelloa
Linaha tse ling li re li na le mali a hloekileng ho feta leha e le neng pele. Empa ho ntse ho hlokahala hore batho ba be hlokolosi. “Pampitšana” e ntšitsoeng ka kopanelo ke mekhatlo e meraro ea mali ea United States, leqepheng la eona le qalang e re: “TEMOSO: Kaha mali le metsoako ea ’ona a nkiloe bathong, a ka ’na a jala likokoana-hloko tse tšoaetsanoang, tse joaloka livaerase. . . . Ho khetha ka hloko batho ba fanang ka mali le ho etsa liteko tsa laboratoring ha ho tlose kotsi ea seo.”
Ka ho utloahalang Peter Carolan, ofisiri e khōlō ea Mokhatlo oa International Federation of Red Cross le oa Red Crescent, o re: “Ho ke ke ha tiisoa ka ho feletseng hore mali a sireletsehile.” O phaella ka ho re: “Ho tla ’ne ho be le likokoana-hloko tse ling tse tšoaetsanoang tseo ka nako eo ho se nang mokhoa oa ho li hlahloba.”
Ho thoe’ng haeba ho hlahella kokoana-hloko e ’ngoe e tšoaetsanoang—joaloka ea AIDS, e qetang nako e telele e sa itlhahise empa e tšoaetsanoa ka mali? Sebokeng sa bongaka se neng se tšoaretsoe Prague, Czech Republic, ka April 2005, Dr. Harvey G. Klein oa U.S. National Institutes of Health, o ile a re eo ke taba e bohloko e ka ’nang ea etsahala. A phaella ka ho re: “Batho ba bokellang metsoako ea mali ba tla sitoa ho thibela seoa se tšoaetsanoang ka tšelo ea mali feela joalokaha ba ile ba sitoa ho etsa joalo ha seoa sa AIDS se ne se qala.”
Liphoso Tse Bang Teng le ho se Amohelehe ha Mali ’Meleng
Bakuli ba linaheng tse tsoelang pele ba sokeloa ke lintho life tse kotsi ka ho fetisisa tse tsamaisanang le tšelo ea mali? Ba sokeloa ke liphoso tse bang teng ha ho sebetsanoa le mali le ho se amohelehe ha mali ’meleng. Koranta ea Globe and Mail e tlaleha hore phuputsong e entsoeng Canada ka 2001, e bontšitse hore ka makhetlo a likete batho ba batlile ba bolaoa ke ho tšeloa mali hobane “ho nkiloe mali a mokuli osele e le sampole, ho fapantsoe lileibole tsa mali kapa ho kōpetsoe mokuli ea fosahetseng mali.” Bonyane batho ba 441 ba United States ba bolailoe ke liphoso tse kang tseo pakeng tsa 1995 le 2001.
Motho ea fuoang mali a motho e mong o kotsing e tšoanang le ea motho ea fuoang setho sa motho e mong. ’Mele o atisa ho itšireletsa ka hore o hane setho seo e seng sa oona. Maemong a mang, ho tšeloa mali ho ka ’na ha sitisa ’mele ho itšireletsa maloetseng. Ho hlōleha hona ha ’mele ho itšireletsa maloetseng ho ka etsa hore mokuli a kenoe ke likokoana-hloko habonolo ka mor’a ho buuoa le hore a kulisoe ke livaerase tse neng li ntse li sa mo etse letho. Ke kahoo Moprofesa Ian M. Franklin, ea qotsitsoeng selelekeleng sa sehlooho sena a reng ha a eletsa lingaka: “Nahanang ka hloko pele le tšela bakuli mali.”
Litsebi li Ntša Maikutlo a Tsona
Kaha basebetsi ba ntseng ba eketseha ba fanang ka tlhokomelo ea bophelo ba se ba tseba ka seo, ba sheba taba ena ea ho sebelisa mali phekolong ka leihlo le nchocho. Buka e fanang ka boitsebiso bo eketsehileng ea Dailey’s Notes on Blood e re: “Lingaka tse ling li re ho fa motho mali a e mong ke setlhare se kotsi ’me ho ne ho tla thibeloa haeba ho ne ho lekoloa ka tsela e tšoanang le eo litlhare tse ling li lekoloang ka eona.”
Bofelong ba 2004, Moprofesa Bruce Spiess, o ile a re ha a bua ka ho fa bakuli ba buuoang pelo motsoako o ka sehloohong oa mali: “Ho na le lihlooho tse seng kae feela [tsa bongaka], le hona haeba li teng, tse tšehetsang maikutlo a hore ho tšeloa mali ho thusa mokuli ho hlaphoheloa ka mor’a hore a buuoe.” Ha e le hantle, o re ho tšeloa mali hoo ho atisa “ho baka tšenyo ho e-na le ho thusa maemong a mangata ntle le ha motho a lemetse,” ho eketsa “monyetla oa ho tšoaroa ke nyumonia, ho kenoa ke likokoana-hloko tse tšoaetsanoang, ho ba le ho tsietsana ha pelo le ho otloa ke stroke.”
Ba bangata baa makala ha ba utloa hore melao e tataisang tsela eo ho sebetsanoang le mali ka eona ha e tšoane hohle joalokaha motho a ne a ka lebella. Dr. Gabriel Pedraza o sa tsoa hopotsa basebetsi-’moho le eena Chile hore “taba ea ho fana ka tšelo ea mali ha ea hlalosoa ka ho qaqa,” e leng se etsang hore “ho be thata . . . ho latela melao e tataisang e amohelehang hohle.” Ke kahoo Brian McClelland, motsamaisi oa Blood Transfusion Service e Edinburgh, Scotland, a kōpang lingaka hore “li hopole hore ho tšela motho mali ke ho mo fa setho sa motho e mong ’me kahoo hase qeto feela tjee e sa reng letho.” O etsa tlhahiso ea hore lingaka li ipotse, “Haeba e ne e le ’na kapa e le ngoan’a ka, na ke ne ke tla lumela ho tšeloa mali?”
’Nete ke hore basebetsi ba bangata ba fanang ka tlhokomelo ea bophelo ba itlhalosa ka tsela e tšoanang le eo setsebi se seng sa mali se ileng sa itlhalosa ka eona, ha se re ho Tsoha!: “Rōna ba ithutetseng ka ho khetheha tšebeliso ea mali phekolong ha re rate ho tšeloa mali kapa hona ho fana ka ’ona.” Haeba ena ke tsela eo lirutehi tsa bongaka li ikutloang ka eona, bakuli bona ba lokela ho ikutloa joang?
Na Mekhoa ea Phekolo e Tla Fetoha?
U ka ’na ua ipotsa, ‘Haeba ho sebelisoa ha mali phekolong ho na le likotsi tse ngata hakaale, ke hobane’ng ha mali a ntse a sebelisoa hakana-kana, haholo ha ho e-na le litsela tse ling tse ka sebelisoang?’ Lebaka le leng ke hore lingaka tse ngata li mpa li le leqe ho fetola mekhoa ea phekolo kapa ha li e-s’o hlokomele mekhoa e meng e sebelisoang hona joale e sa hlokeng tšelo ea mali. Ho latela sehlooho se seng se koranteng ea Transfusion, “lingaka li etsa qeto ea ho tšela motho mali li itšetlehile ka seo li se rutiloeng, seo lingaka tse ling li se etsang le ‘ka seo li se boneng ha li hlahloba mokuli.’”
Tsebo ea ngaka e buoang le eona e etsa phapang. Dr. Beverley Hunt oa London, Engelane, o re “taba ea hore na motho o lahleheloa ke mali a makae e itšetlehile haholo ka lingaka tse buoang ebile ho na le thahasello e matla ea ho koetlisa lingaka tse buoang ka mekhoa e loketseng ea ho emisa mali.” Ba bang ba re ho sebelisa litsela tse ling tse sa hlokeng tšelo ea mali ho litšenyehelo li boima, le hoja litlaleho li bontša ka ho fapaneng. Leha ho le joalo, lingaka tse ngata li lumellana le Dr. Michael Rose, eo e leng motsamaisi oa tsa bongaka, ha a re: “Mokuli ea sa tšeloeng mali ha a phekoloa, ha e le hantle, o buuoa ka tsela ea boleng bo holimo ka ho fetisisa e ka khonehang.”a
Na seo u se batlang ha se ho fuoa phekolo ea boleng bo holimo ka ho fetisisa? Haeba ho joalo, u ikutloa ka tsela eo batho ba u tliselitseng makasine ena le bona ba ikutloang ka eona. Ka kōpo bala sehlooho se latelang ho utloa hore na boemo ba bona bo ikhethang ke bofe tabeng ena ea tšelo ea mali.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lebokose le reng “Litsela Tse Ling Tse sa Hlokeng Tšelo ea Mali,” leqepheng la 8.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Nahanang ka hloko pele le tšela bakuli mali.”—Moprofesa Ian M. Franklin
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Haeba e ne e le ’na kapa e le ngoan’a ka, na ke ne ke tla lumela ho tšeloa mali?”—Brian McClelland
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho Shoa ka Lebaka la ho Senyeha ha Matšoafo ho Bakoang ke Tšelo ea Mali
Ho senyeha ha matšoafo ho bakoang ke tšelo ea mali (Transfussion-related acute lung injury [TRALI]), ho tlalehiloeng ka lekhetlo la pele lilemong tse qalang tsa bo-1990, ke boemo bo kotsi bo bakoang ke ha ’mele o hana ho amohela mali a motho e mong. Hona joale hoa tsebahala hore TRALI e bolaea batho ba makholo selemo le selemo. Empa litsebi li nahana hore ke batho ba fetang moo, kaha basebetsi ba bangata ba fanang ka tlhokomelo ea bophelo ha ba hlokomele matšoao a eona. Le hoja ho e-s’o hlake hantle hore na sesosa sa eona ke sefe, makasine ea New Scientist, e re e bakoa ke mali ao “ho bonahalang eka ke a batho ba ’nileng ba tsoaka lihlopha tsa mali a sa tšoaneng, joaloka . . . batho ba tšetsoeng mali ka makhetlo.” Tlaleho e ’ngoe e bolela hore hona joale TRALI ke e ’ngoe ea lisosa tse ka sehloohong tse qetang batho ba tšeloang mali United States le Brithani, e leng ho tšoarisang “litsi tsa pokello ea mali bothata bo tebileng ho feta maloetse a tsebahalang a kang HIV.”
[Lebokose/Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 8, 9]
Likarolo Tse Etsang Motsoako oa MALI
Ka tloaelo ha batho ba fana ka mali ba fana ka ’ona a le joalo. Empa maemong a mangata ba fana ka lero la mali (plasma). Le hoja linaheng tse ling batho ba fuoa mali a ntse a le joalo, mali a atisa ho aroloa ka metsoako ea ’ona e meholo pele a hlahlojoa le ho sebelisetsoa ho phekola. Hlokomela metsoako e mene e ka sehloohong ea mali, seo e se phethang le hore na e etsa karolo e kae ea mali.
LERO LA MALI le etsa karolo e pakeng tsa 52 le 62 lekholong ea mali. Ke mokelikeli o ’mala o mosehla o jereng lisele tsa mali, liprotheine le lintho tse ling le ho li tsamaisa.
Karolo ea 91,5 lekholong ea lero la mali ke metsi. Liprotheine tse hlahisang likaroloana tsa lero la mali, li etsa karolo ea 7 lekholong ea lero la mali (li akarelletsa li-albumin, tse etsang hoo e ka bang karolo ea 4 lekholong ea lero la mali; li-globulin, tse etsang hoo e ka bang karolo ea 3 lekholong; le fibrinogen, e ka tlaase ho ’ngoe lekholong). Karolo e setseng ea 1,5 lekholong ea lero la mali e etsoa ke lintho tse ling, tse kang limatlafatsi, lihormone, moea o eang matšoafong le o tsoang teng, li-electrolyte, livithamine le lintho tse lokelang ho lahloa.
LISELE TSE TŠOEU TSA MALI (leukocytes) li etsa karolo e ka tlaase ho ’ngoe lekholong ea mali. Li hlasela le ho bolaea lintho tse kenang ’meleng tse ka bang kotsi.
LIPLATELETE (thrombocytes) li etsa karolo e ka tlaase ho ’ngoe lekholong ea mali. Li etsa hore mali a etse mahloele, e leng ho emisang mali a tsoang maqebeng.
LISELE TSE KHUBELU TSA MALI (erythrocytes) li etsa karolo e pakeng tsa 38 le 48 lekholong ea mali. Lisele tsena li boloka lihlopha tsa lisele li phela ka ho li tlisetsa oksijene le ho nka carbon dioxide e ho tsona.
Feela joalokaha lero la mali le khona ho hlahisa likaroloana tse ling tse sa tšoaneng, metsoako e ka sehloohong ea mali le eona ho ka etsoa hore e hlahise likaroloana tse ling. Ka mohlala, hemoglobin ke karoloana ea sele e khubelu ea mali.
[Setšoantšo]
LERO LA MALI
METSI 91,5%
LIPROTHEINE 7%
LI-ALBUMIN
LI-GLOBULIN
FIBRINOGEN
LINTHO TSE LING 1,5%
LIMATLAFATSI
LIHORMONE
MOEA O EANG MATŠOAFONG LE O TSOANG TENG
LI-ELECTROLYTE
LIVITHAMINE
LINTHO TSE LOKELANG HO LAHLOA
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Page 9: Blood components in circles: This project has been funded in whole or in part with federal funds from the National Cancer Institute, National Institutes of Health, under contract N01-CO-12400. The content of this publication does not necessarily reflect the views or policies of the Department of Health and Human Services, nor does mention of trade names, commercial products, or organizations imply endorsement by the U.S. Government
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Mefuta e Meng ea Phekolo e sa Hlokeng Tšelo ea Mali
Lilemong tse tšeletseng tse fetileng, Likomiti Tsa Bohokahanyi ba Lipetlele tsa Lipaki Tsa Jehova li file basebeletsi ba tsa bongaka lefatšeng ka bophara livideo tse likete tse mashome tsa Transfusion-Alternative Strategies—Simple, Safe, Effective ka lipuo tse 25.b Video ena e hlahisa maikutlo a lingaka tse tsebahalang ha li bua ka litsela tse atlehang tse sebelisoang hona joale ho phekola bakuli ka ntle ho tšelo ea mali. Batho ba ela molaetsa oa eona hloko. Ka mohlala, ka mor’a hore ba National Blood Service (NBS), United Kingdom, ba shebelle video eo ho elella bofelong ba 2001, ba ile ba romella lengolo le kopi ea video eo ho baokameli bohle ba litsi tsa pokello ea mali le ho litsebi tse ithutetseng mali likarolong tsohle tsa naha. Ba ile ba khothalletsoa hore ba shebelle video eo kaha “ho ea ho ntse ho hlokomeleha hore sepheo se seng ha ho fanoa ka phekolo e ntle ke ho qoba ho tšela bakuli mali ka hohle kamoo ho ka khonehang.” Lengolong moo ba ile ba lumela hore “molaetsa [o jeroeng ke video eo] oa babatseha le hore NBS e lumellana le oona ka botlalo.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Buisana le e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore u shebelle DVD ea Transfusion Alternatives—Documentary Series, e hlahisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho a arola likaroloana—Ho Sebelisa Likaroloana Tsa Mali ho Phekoleng Maloetse
Saense le theknoloji li etsa hore ho khonehe ho khetholla likaroloana tsa mali le ho li arola. Ka mohlala: Metsi a leoatle, ao karolo ea 96,5 lekholong ea ’ona e leng metsi, le ’ona a ka aroloa ha ntšoa lintho tse kang magnesium, bromine le letsoai. Ka ho tšoanang, lero la mali (plasma), leo karolo e fetang 90 lekholong ea lona e leng metsi, le etsa karolo e khōlō ea mali, ’me ho ka ntšoa likaroloana tse ling ho lona ho akarelletsa liprotheine, tse kang albumin, fibrinogen le mefuta e sa tšoaneng ea li-globulin.
Ngaka e ka ’na ea khothalletsa hore ho sebelisoe karoloana e itseng ea lero la mali e sa hlapolloa ha e fana ka phekolo. Mohlala o mong oa seo ke protheine e nang le cryoprecipitate e ngata, e fumanoang ka ho hoamisa lero la mali le ntan’o qhibilihisoa. Karoloana ena ea lero la mali e lulang e ipōpile e etsa hore mali a etse mahloele ’me e atisa ho fuoa bakuli ho emisa mali ho tsoa. Litsela tse ling tsa phekolo li ka ’na tsa akarelletsa moriana o entsoeng ka karoloana ea mali, ebang ke ka ho tsoaka e seng kae feela kapa ke ka ho e sebelisa e le oona motsoako o ka sehloohong.c Liprotheine tse ling tse tsoang lerong lena la mali li sebelisoa lienteng tse thusang ho matlafatsa ’mele hore o itšireletse ha o ile oa tšoaetsoa likokoana-hloko. Hoo e ka bang likaroloana tsohle tsa mali tse sebelisoang phekolong li na le liprotheine tse nkiloeng lerong lena la mali.
Ho ea ka Science News, “bo-rasaense ba tseba mefuta e makholo a seng makae feela ea liprotheine tseo ho hakangoang hore e ka ’na eaba ho na le mefuta e likete ea tsona maling.” Ha ho ntse ho utloisisoa lintlha tse eketsehileng ka mali nakong e tlang, ho ka ’na ha etsoa meriana e meng e entsoeng ka liprotheine tseo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
c Meriana e meng le eona e sebelisa likaroloana tsa mali a liphoofolo.
[Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]
Basebetsi ba bang ba tsa bongaka ba hlokolosi haholo ha ba lokela ho tšoara mali