Seo e Hlileng e Leng sa Bohlokoa ka Mali
“Batho bohle ba phelisoa ke ntho e tšoanang: mali. Ke matla a phelisang batho bohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba ’mala ofe, morabe ofe kapa bolumeli bofe.”—Mopresidente oa Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng.
HA HO pelaelo hore mantsoe a ka holimo ke ’nete. Mali ke a bohlokoa ho batho bohle ba phelang. Ke mokelikeli oa bohlokoahali. Empa na u lumela hore ho sireletsehile ebile ke bohlale ho fa batho mali a batho ba bang ka sepheo sa ho ba phekola?
Joalokaha re se re ithutile, ho na le melao e sa tšoaneng lefatšeng ka bophara e lateloang ho sireletsa mali ebile ho phekola ka mali ho kotsi ho feta kamoo ba bangata ba neng ba nahana kateng. Ho feta moo, lingaka lia fapana ha ho tluoa tabeng ea ho sebelisa mali ho itšetlehile ka seo li se rutiloeng, seo li se tsebang le tsela eo li ikutloang ka eona. Empa tse ngata li se li qoaea ho fana ka mali. Lingaka tse ’maloa li se li khetha ho se sebelise mali ha li fana ka phekolo.
Sena se re khutlisetsa potsong e botsitsoeng qalong ea sehlooho se qalang letotong lena. Hantle-ntle ke’ng se etsang hore mali ebe a bohlokoa hakaale? Haeba ho sebelisoa ha mali ho phekola batho ho hlahisa lipelaelo tse itseng, na mali a na le morero o mong oo a o phethang?
Pono ea ’Mōpi ka Mali
Morao koana mehleng ea Noe, eo e leng moholo-holo oa batho bohle, Molimo o ile a fana ka molao o ikhethang. Le hoja a ile a lumella batho ho ja nama ea liphoofolo, o ile a ba thibela ho ja mali. (Genese 9:4) O ile a ba a fana ka lebaka la seo, a bapisa mali le moea, kapa bophelo ba sebōpuoa. O ile a re hamorao: “Moea [kapa bophelo] o maling.” Ponong ea ’Mōpi, mali aa halalela. A emela mpho ea bohlokoa ea bophelo eo moea o mong le o mong o phelang o nang le eona. Molimo o ile a pheta molao-motheo ona ka makhetlo-khetlo.—Levitike 3:17; 17:10, 11, 14; Deuteronoma 12:16, 23.
Nakoana ka mor’a hore ho thehoe Bokreste lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Molimo o ile a fa Bakreste taelo e reng ba “ile . . . mali.” O ne a sa a thibele hobane a amehile ka likotsi tseo a ka ’nang a li baka ’meleng, empa hobane mali a halalela. (Liketso 15:19, 20, 29) Ba bang ba pheha khang ea hore thibelo ena eo Molimo a faneng ka eona e thibela feela ho ja mali, empa lentsoe ‘ho ila’ lea itlhalosa. Haeba ngaka e re re ile joala, ka sebele re ke ke ra nka hore re ka bo kenya methapong ka ente.
Bibele e tsoela pele ho hlalosa hore na ke’ng se etsang hore mali e be a halalelang. Mali a tšolotsoeng a Jesu Kreste, a emelang bophelo ba botho boo a faneng ka bona molemong oa moloko oa batho, ke motheo oa tšepo eo Bakreste ba nang le eona. Ke motheo oa tšoarelo ea libe le tšepo ea bophelo bo sa feleng. Ha Mokreste a ila mali, ha e le hantle o bontša hore o lumela hore mali a tšolotsoeng a Jesu Kreste ke ’ona feela a ka mo lopollang le ho mo boloka a phela.—Baefese 1:7.
Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka ho nka taelo ena ea Bibele ka ho teba. Li hana ho tšeloa mali ka tsela leha e le efe ho akarelletsa mali a feletse kapa metsoako e mene e meholo ea mali—e leng lisele tse khubelu, lero la mali, lisele tse tšoeu le liplatelete. Ha e le ka likaroloana tse nkiloeng metsoakong eo—le lihlahisoa tse nang le likaroloana tseo—Bibele teng ha e re letho. Ka hona, Paki e ’ngoe le e ’ngoe e iketsetsa qeto lintlheng tseo. Na boemo boo bo thehiloeng Bibeleng bo bolela hore Lipaki li hana phekolo ea meriana kapa hona hore ha li tsotelle ho phela hantle ’meleng le bophelo ka bobona? Le hanyenyane!—Bona lebokose le reng “Pono ea Lipaki Tsa Jehova ka Bophelo.”
Lilemong tsa morao tjena lingaka tse ’maloa li hlokometse hore Lipaki li fumane phekolo e molemo hobane li khomaretse molao oa Bibele. Ka mohlala, ngaka e ’ngoe e sebetsanang le masapo a mokokotlo e sa tsoa hlalosa hore e khetha ho sebelisa litsela tse ling tse sa hlokeng tšelo ea mali. E ile ea re: “Ke tsela e sireletsehileng ka ho fetisisa e ka lateloang, eseng feela ho Lipaki Tsa Jehova, empa le ho motho e mong le e mong.”
Ho etsa liqeto tse tebileng tse amanang le taba ea bophelo e ka ba ho sithabetsang ’me hangata ho ba thata ho etsa qeto e joalo. Ha e le tabeng ea mokhoa o tloaelehileng oa ho tšela batho mali, hlokomela se buuoeng ke Dr. Dave Williams, e leng ngaka ea matšoafo le motsamaisi oa tsa bongaka, ha a re: “Ke habohlokoa hore re hlomphe maikutlo a batho ba bang, . . . ebile re lokela ho ba hlokolosi haholo ka seo re se kenyang ’meleng ea rōna.” Mantsoe ao ke ’nete le ho feta kajeno.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Motsoako o Tsamaisang Oksijene o Entsoeng ka Hemoglobin ke Eng?
Sele e ’ngoe le e ’ngoe e khubelu ea mali e na le limolek’hule tse limilione tse 300 tsa hemoglobin. Hemoglobin e etsa hoo e ka bang karolo ea ’ngoe borarong ea boima ba sele e khubelu e hōtseng ka ho feletseng. Molek’hule ka ’ngoe e na le protheine e bitsoang globin le heme e nang le ’mala o bofubelu bo loileng—’me e na le athomo ea tšepe. Ha sele e khubelu ea mali e feta matšoafong, limolek’hule tsa oksijene li kena seleng eo ebe li itšoarella limolek’huleng tsa hemoglobin. Ka mor’a metsotsoana, oksijene eo e fetisetsoa sehlopheng sa lisele, ho li boloka li phela.
Hona joale lik’hamphani tse ling li hlahisa hemoglobin, ka ho e arola liseleng tse khubelu tsa mali a nkiloeng bathong kapa likhomong. Ka mor’a moo hemoglobin e bokeletsoeng e sefuoa litšila, e ntlafatsoa ka lik’hemik’hale le ho hloekisoa, e ntan’o etsoa mokelikeli ebe ea pakoa. Sehlahisoa sena—se e-s’o amoheloe hore se sebelisoe linaheng tse ngata—se bitsoa hemoglobin-based oxygen carrier, kapa HBOC. Kaha heme ke eona e etsang hore mali a be mafubelu, paente ea HBOC e shebahala joalo feela ka paente ea lisele tse khubelu tsa mali, e leng oona motsoako o ka sehloohong oo e entsoeng ka oona.
Ho fapana le lisele tse khubelu tsa mali, tse lokelang ho behoa ka sehatsetsing le ho lahloa ka mor’a libekenyana, HBOC eona e ha e hloke ho behoa ka sehatsetsing ebile e ka sebelisoa le ha e se e qetile likhoeli. ’Me kaha ho tlositsoe bokaholimo ba sele boo ka ho khetheha bo thusang ’mele ho itoanela, ha ho sa na kotsi e kaalo ea hore ’mele o hane motsoako oo hobane e le oa mali a mofuta o mong. Empa HBOC ha e bapisoa le likaroloana tse ling tsa mali, e na le lintho tse ’maloa tse ka tšoenyang matsoalo a Bakreste ba batlang ho mamela molao oa Molimo tabeng ea mali. Hobane’ng? Kaha HBOC e etsoa ka mali, ho na le lintlha tse peli tse ka ’nang tsa fana ka bothata. Ntlha ea pele ke hore HBOC e etsa mosebetsi o tšoanang hantle le o etsoang ke motsoako o moholo oa mali, e leng lisele tse khubelu. Ntlha ea bobeli ke hore hemoglobin, eo HBOC e entsoeng ka eona, e etsa karolo e khōlō ea motsoako oo. Kahoo, Bakreste ba tobane le ho etsa qeto e tebileng ka sehlahisoa sena le tse ling tse tšoanang le sona. Ba lokela ho thuisa ka hloko ka melao-motheo ea Bibele e mabapi le khalalelo ea mali le ho rapella taba eo. Ba e-na le takatso e matla ea ho boloka kamano e ntle le Jehova, e mong le e mong o lokela ho tataisoa ke letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele.—Bagalata 6:5.
[Setšoantšo]
MOLEK’HULE EA HEMOGLOBIN
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]
Tsela e ’Ngoe e Ipiletsang
The Wall Street Journal e tlaleha hore “lipetlele tse ntseng li eketseha li sebelisa tsela e ’ngoe: ea ho buoa ‘li sa sebelise mali.’” Koranta eo e re: “Mokhoa ona oo qalong o neng o reretsoe Lipaki Tsa Jehova o se o amoheleha hohle, ’me lipetlele tse ngata li se li khothalletsa hore ho sebelisoe mokhoa ona oa ho buoa ho sa sebelisoe mali esita le ho bakuli ba bang bohle.” Lipetlele lefatšeng ka bophara li hlokomela melemo e mengata e tlisoang ke ho sebelisa litsela tsena tse fokotsang tšelo ea mali, haholo-holo ho bakuli. Hona joale, lingaka tse likete li phekola bakuli li sa ba tšele mali.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]
Pono ea Lipaki Tsa Jehova ka Bophelo
Lipaki Tsa Jehova, tseo tse ling tsa tsona e leng lingaka le baoki, li tsebahala lefatšeng ka bophara ka ho hana ho tšeloa mali kapa ho fuoa metsoako ea ’ona e ka sehloohong. Na kaofela ha tsona li hana mali hobane li latela thuto ea motho ea itseng kapa hobane li lumela hore motho a ka folisoa ke tumelo? Le hanyenyane.
Kaha Lipaki li ananela bophelo e le mpho e tsoang ho Molimo, li leka ka matla ho phela tumellanong le Bibele, eo li lumelang hore e “bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16, 17; Tšenolo 4:11) Bibele e khothalletsa barapeli ba Molimo ho qoba mekhoa le litloaelo tse senyang bophelo kapa hona ho bo beha kotsing, tse joaloka ho ja haholo, ho tsuba kapa ho hlafuna koae, ho sebelisa joala hampe le ho sebelisa lithethefatsi ho ithabisa.—Liproverbia 23:20; 2 Bakorinthe 7:1.
Ha re ipoloka re hloekile ’meleng le tikoloho eo re phelang ho eona re e boloka e hloekile ’me re ikoetlisa hantle ’meleng, re etsa lintho tumellanong le melao-motheo ea Bibele. (Matheu 7:12; 1 Timothea 4:8) Ha Lipaki Tsa Jehova li kula, li bontša ho nahanela maemo ka ho batla thuso ea lingaka le ka ho amohela litsela tse ngata tsa phekolo tse fanoang. (Bafilipi 4:5) Ke ’nete hore li mamela taelo ea Bibele ea hore li “ile . . . mali,” li lumela feela hore li phekoloe ka litsela tse sa sebeliseng mali. (Liketso 15:29) ’Me ha li khetha ho etsa seo li atisa ho fumana phekolo ea boleng bo holimo.