Thabela ho Utloa ka Nōka e Khōlō ea Mekong
NŌKA EA MEKONG, e tsoelipanang linaheng tse tšeletseng tsa Asia, e fana ka metsi bathong ba limilione tse 100 ba matsoalloa le ba merabe e ka bang 100. Selemo le selemo, ho tšoasoa litlhapi tse ka etsang lithane tse limilione tse 1,3 nōkeng ena—e leng palo e menang ea litlhapi tse tšoasoang leoatleng la North Sea ka makhetlo a mane! Ke eona nōka e telele ka ho fetisisa Asia Boroa-bochabela kaha e bolelele ba lik’hilomithara tse 4 350. ’Me kaha e feta linaheng tse ngata, nōka ena e na le mabitso a mangata, empa le tsebahalang haholo ke la Mekong, e leng khutsufatso ea lebitso la Sethai le reng Mae Nam Khong.
Nōka ea Mekong, eo mohloli oa eona o leng lithabeng tsa Himalaya, e phorosela matsoapong le ho lelemela likhohlong. Nakong eo e tsoang Chaena, moo e bitsoang Lancang, e se e haotse hoo e ka bang halofo ea leeto la eona ’me e se e theohetse sebakeng se tlaase ka limithara tse 4 500. Halofo e setseng ea Nōka ea Mekong e tlaase ka limithara tse 500 feela. Ka lebaka leo, mona ea hoasa. Ha e tsoa Chaena, nōka ena e seha moeli pakeng tsa Myanmar le Laos, hape e seha moeli pakeng tsa Laos le Thailand. Ha e fihla Cambodia e aroha makala a mabeli a lebang Vietnam, e ntan’o kena Leoatleng le ka Boroa Chaena e se e le makala a ’maloa.
Ho ea bofelong ba lilemo tsa bo-1860, Mafora a ile a leka ho fumana tsela e eang Chaena ka likepe a sebelisa Nōka ea Mekong. Leha ho le joalo, a ile a soetseha ha a fihla moo metsi a phallang ka lebelo haufi le motse oa Kratie, Cambodia, hammoho le letotong la liphororo tse tšosang tse bitsoang Liphororo Tsa Khone, ka boroa Laos. Metsi a Liphororo Tsa Khone a mangata ho feta a phororo leha e le efe lefatšeng, ebile a kopola a Liphororo Tsa Niagara, tse moeling oa Canada le United States.
Nōka ea Bophelo
Nōka ea Mekong ke ea bohlokoa moruong oa linaha tse Asia Boroa-bochabela. Vientiane, e leng motse-moholo oa Laos, le Phnom Penh, motse-moholo oa Cambodia, e na le likou nōkeng ena. Ho elella molomong oa eona, Mekong ke mohloli o ka sehloohong oa boipheliso ho batho ba Vietnam. Teng e aroha makala a supileng, a phallang sebakeng se boholo ba lisekoere-mithara tse 40 000 ho leba leoatleng, ’me ho hakanngoa hore linōkana tsena li bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 3 200. Metsi ana a mangata a nosetsa masimo le libaka tseo ho lengoang raese ho tsona, ’me a tla a hohotse mobu o nonneng, e leng ho etsang hore lihoai li kotule raese hararo ka selemo. Ka sebele, Vietnam ke eona naha ea bobeli e latelang Thailand lefatšeng, e fepelang linaha tse ling ka sejo sena se tloaelehileng.
Ho hakanngoa hore litlhapi tse Nōkeng ea Mekong e ka ba mefuta e 1 200, ’me tse ling tsa tsona hammoho le mefuta ea makhala, lia ruuoa bakeng sa khoebo. Tlhapi e ’ngoe e tloaelehileng sebakeng seo, e leng trey riel, e tumme ka ho hong hape—chelete ea Cambodia e bitsoang riel, e reheletsoe ka eona. Nōka ea Mekong e boetse e na le mofuta oa tlhapi e kotsing ea ho timela, e bitsoang catfish, e ka hōlang ho fihlela e ba bolelele ba limithara tse 2,75. Ka 2005, batšoasi ba litlhapi ba ile ba tšoasa e boima ba lik’hilograma tse 290, mohlomong ke eona tlhapi e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea fumanoa lefatšeng! Mofuta o mong o kotsing ea ho timela Nōkeng ea Mekong ke Irrawaddy dolphin. Bafuputsi ba re e ka ’na eaba ho setse tse ka tlaase ho 100 nōkeng ena.
Ntle le hore e fa batho ba limilione lijo, Nōka ea Mekong ke tsela e khōlō bakeng sa likepe tsa boholo bo sa tšoaneng—likepe tse nyenyane tsa baeti, tse khōloanyane tsa lijo hammoho le tsa thepa tse kenang le ho tsoa leoatleng. Nōka ena e boetse e ratoa ke bahahlauli, bao bongata ba bona ba ratang ho feta le Liphororong Tsa Khone ha ba ea Vientiane. Motse ona o tummeng ka likanale tsa oona, litempele tsa Mabuddha le matlo a hahiloeng holim’a lipalo, o qetile lilemo tse fetang 1 000 e le setsi sa khoebo, sa lipolotiki le sa bolumeli. Ho tloha Vientiane motho a ka ’na a nyolosa le nōka ho ea Louangphrabang, leetong le ka ’nang la e-ba kotsi. Motse ona o koung e kile ea e-ba motse-moholo oa ’muso o moholo oa Thai-Lao, ’me ka nako e itseng, ho akarelletsa le nakong ea puso ea Mafora, e bile motse-moholo oa boreneng oa Laos. Le kajeno ho ntse ho e-na li lintho tse supang hore motse ona oa khale e kile ea ba kolone ea Fora.
Morao tjena ho bile le liphetoho tse tšoenyang ho iphaphatha le nōka ena ea Mekong. Tsona li akarelletsa mekhoa ea ho tšoasa litlhapi e bakang tšenyo, ho rema meru le ho haha matamo a maholo a fehlang motlakase ka metsi. Ho ba bangata, ho bonahala eka boemo bona bo tsoa taolong. Empa tšepo e teng.
Bibele e tšepisa hore haufinyane ’Mōpi oa rōna ea lerato o tla kenella litabeng tsa batho ka ho tlisa ’Muso oa hae. (Daniele 2:44; 7:13, 14; Matheu 6:10) Tlas’a tataiso ea puso eo e phethahetseng ea lefatše, lefatše lohle le tla khutlisetsoa boemong bo botle, ’me ka puo ea tšoantšetso, linōka li tla ‘opa liatla’ ke thabo. (Pesaleme ea 98:7-9) E se eka nōka ena e khōlō ea Mekong e ka kopanela thabong eo.
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
CHAENA
MYANMAR
LAOS
THAILAND
CAMBODIA
VIETNAM
Nōka ea Mekong
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Masimo a raese, Molomong oa Nōka ea Mekong
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Litlhapi tsa mefuta e ka bang 1 200 li fumaneha Nōkeng ea Mekong
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
’Maraka holim’a metsi, Vietnam
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 24]
Rice paddies: ©Jordi Camí/age fotostock; fishing: ©Stuart Pearce/World Pictures/age fotostock; background: © Chris Sattlberger/Panos Pictures
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]
Market: ©Lorne Resnick/age fotostock; woman: ©Stuart Pearce/World Pictures/age fotostock