Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/06 maq. 10-12
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ha ke sa le Ngoana”!
  • Na ho Molemo ha Melao e le Sieo?
  • Puisano e Sebetsang
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Utloa ’Mè le Ntate?
    Tsoha!—1988
  • Bacha—Tataisoang ke Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ke Hobane’ng ha Eka Batsoali ba ka ha ba Batle ha ke Ithabisa?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 12/06 maq. 10-12

Bacha Baa Botsa . . . 

Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?

“Ke ne ke halefisoa ke ho beheloa nako ea hore na ke fihle neng lapeng! Ke ne ke khentšoa ke hore ba bang ba ne ba lumelloa ho fihla malapeng abo bona bosiu.”—Allen.

“Ha ho ntho e tenang joaloka hore ebe fono ea motho e lula e hlahlojoa. Ke ikutloa eka ke etsoa ngoana!”—Elizabeth.

NA U ikutloa u imetsoe ke melao ea lapeng? Na u se u kile ua ba tekong ea ho tsoa u nyenyelepa lapeng, kapa ea ho thetsa batsoali ba hao ka ntho e itseng eo u e entseng? Haeba ho joalo, maikutlo a hao a tšoana le a mocha e mong ea hlalosang batsoali ba hae e le ba tšabanang le eena ho feta tekano ’me o re: ‘Ba lokela ba ke ba mphe nako ea ho hema!’

Melao ea lapeng ke litaelo tseo batsoali kapa bahlokomeli ba hao ba u fang tsona tsa hore na u etse eng, u se ke ua etsa eng. Melao ena e ka ’na ea akarelletsa seo ho lebeletsoeng hore u se etse malebana le mosebetsi oa sekolo, oa lapeng le melao ea hore na u fihle lapeng neng, haesitana le ho beheloa meeli ea ho sebelisa fono, ho shebella TV le ho ba k’homphieutheng. E ka ’na ea se ke ea fella lapeng feela, ea fetela le sekolong tabeng ea hore na u lokela ho itšoara joang le ea metsoalle eo u e khethang.

Bacha ba bangata ba atisa ho iphumana ba tlōtse melao ea batsoali ba bona. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng, bacha ba ka bang babeli ho ba bang le ba bang ba bararo bao ho builoeng le bona ba itse ba ile ba fumana kotlo ka lebaka la ho tlōla melao ea lapeng, e leng lona lebaka le ka sehloohong la ho fuoa kotlo lapeng.

Leha ho le joalo, bacha ba bangata baa lumela hore melao e meng ea hlokahala bakeng sa ho boloka taolo e itseng. Empa haeba ka sebele melao ea lapeng ea hlokahala, ke hobane’ng ha e meng ea eona e tena? Hona haeba u utloa melao ea batsoali ba hao e u bipetsa, u ka fumana mokhoa oa ho hema joang?

“Ha ke sa le Ngoana”!

Mocha e mong ea bitsoang Emily oa botsa: “Nka etsa joang hore batsoali ba ka ba lemohe hore ha ke sa le ngoana ’me ba ke ba ntlohele ke be motho e moholo?” Na u kile ua ikutloa ka tsela eo? Joaloka Emily, u ka ’na ua halefisoa ke melao e itseng hobane u utloa u nkoa joaloka leseanyana le se nang thuso. Ke ’nete hore batsoali ba hao e ka ’na eaba ba bona lintho ka tsela e fapaneng. Mohlomong ba nka hore melao ea bona ea hlokahala hore ba u sireletse le ho u lokisetsa hore u be le boikarabelo ha u se u le moholo.

Esita le haeba u e-na le tokoloho e itseng, u ka ’na ua nka hore melao ea lapeng eona e eme nģa e le ’ngoe ha uena u ntse u hōla. Sena se ka u utloisa bohloko haholo haeba ho bonahala eka banab’eno bona ha baa beheloa melao e thata joaloka uena. Mocha e mong ea bitsoang Marcy o re: “Ke lilemo li 17 empa ke behetsoe hore ha shoalane e tšoara ke be ke le lapeng. Ke fuoa kotlo bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e fosahetseng eo ke e etsang, empa abuti oa ka eena ha a ne a lekana le ’na, o ne a sa beheloa nako ea hore na a fihle neng lapeng ebile o ne a sa fuoe kotlo.” Ha a hopola lilemong tseo e neng e le mocha ka tsona, Matthew o ile a re ka khaitselinyana ea hae le bo-motsoal’ae, “Banana bana bona ba ne ba lumelloa ho etsa borata!”

Na ho Molemo ha Melao e le Sieo?

Ka ho utloahalang, u ka ’na ua lakatsa hore batsoali ba hao ba se hlole ba u behela melao. Empa na lintho li ne li tla u tsamaela hantle ha ho se lithibelo tseo u li behetsoeng? Mohlomong u tseba ba bang ba lithaka tsa hao ba ka fihlang habo bona ka nako leha e le efe eo ba e ratang, ba ka aparang ntho leha e le efe eo ba e ratang ’me ba ka ea le metsoalle ea bona leha e le kae moo ba ratang ka nako eo ba e batlang. Mohlomong batsoali ba bona ba mpa ba tšoarehile haholo ho lemoha seo bana ba bona ba se etsang. Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, ho hōlisa bana ka tsela ena ho ipakile ho sa atlehe. (Liproverbia 29:15) Ho haella ha lerato ho bonahalang lefatšeng kajeno ho bakoa haholo-holo ke hore le tletse baithati, bao ba bangata ba bona ba hōletseng malapeng a neng a se na molao.—2 Timothea 3:1-5.

Ka letsatsi le leng u ka ’na ua ikutloa ka tsela e fapaneng ka lehae le se nang melao. Nahana ka phuputso e ileng ea etsoa ho basali ba bacha lilemong ba hōletseng malapeng a neng a e-na le melao e fokolang ’me batsoali ba bona ba ba tloheletse hore ba iketsetse borata. Ha ba se ba nahana ka seo, ha ho le ea mong oa bona ea thabelang hore ba ne ba sa beheloa melao. Ho e-na le hoo, ba nka seo e le bopaki ba hore batsoali ba bona ba ne ba sa ba tsotelle kapa ba ne ba sitoa ho ba hōlisa hantle.

Ho e-na le ho khalla bacha ba lumelloang ho etsa seo ba se ratang, leka ho nka melao ea batsoali ba hao e le bopaki ba hore baa u rata ’me ba amehile ka uena. Ka ho beha melao e utloahalang, ba etsisa Jehova Molimo ea reng ho batho ba hae: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—Pesaleme ea 32:8.

Leha ho le joalo, hona joale u ka ’na ua utloa eka melao ena ea u imela. Haeba u ikutloa joalo, nahana ka mehato e itseng e sebetsang eo u ka e nkang ho etsa hore u thabele bophelo lapeng.

Puisano e Sebetsang

Ebang u batla tokoloho e eketsehileng kapa u mpa u batla hore u se ke ua imeloa ke melao eo u e behetsoeng, ntho e tla u thusa ke puisano e ntle. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Empa ke lekile ho buisana le batsoali ba ka, ha ho thuse letho!’ Haeba ke tsela eo u ikutloang ka eona, ak’u ipotse, ‘Na nka ntlafatsa mekhoa ea ka ea puisano?’ Puisano ke ea bohlokoa hobane e ka u thusa hore (1) u fumane seo u se batlang kapa (2) u hlakeloe hantle hore na ke hobane’ng ha u haneloa ka seo u se batlang. Ka sebele, haeba u batla ho tšoaroa joaloka motho e moholo, joale ho hlakile hore u lokela ho ba le mekhoa ea puisano e bontšang hore u se u hōlile.

◼ Ithute ho laola maikutlo. Bibele e re: “Ea hlokang kelello o hlahatsa moea oohle oa hae, empa ea bohlale o o boloka o khutsitse ho fihlela qetellong.” (Liproverbia 29:11) Puisano e ntle ha e bolele feela ho tlisa litletlebo. Sena se ka etsa hore u boele u fumane khalemelo! Ka hona, qoba ho lulela ho tletleba, ho ngala feela, hammoho le ho ithaburanya. Ho sa tsotellehe hore na u tlalellane hakae hoo u utloang eka u ka khahlela lemati kapa ua tila fatše ka leoto ha batsoali ba hao ba u thibela ho etsa se itseng, boitšoaro bo joalo bo ka etsa hore u beheloe melao e eketsehileng—eseng ho fuoa tokoloho e eketsehileng.

◼ Leka ho kena lieteng tsa batsoali ba hao. Tracy, mocha oa Mokreste ea nang le motsoali a le mong, o fumane sena se mo thusa haholo. O re: “Kea ipotsa, ‘’Mè o leka ho finyella eng ka melao ee ea hae?’ O leka ho nthusa hore ke be motho ea molemo.” (Liproverbia 3:1, 2) Ho ipeha boemong ba motho e mong joalo ho ka u thusa hore u itlhalose hantle ha u bua le batsoali ba hao. Ho tea mohlala, ha re re mohlomong ba leqe ho u lumella ho ea moketjaneng o itseng. Ho e-na le ho ngangisana le bona, u ka ’na ua ba botsa: “Ha nka ka tsamaea le motsoalle ea itseng ea hōlileng le ea tšepahalang teng na le ka ntumella?” Hase kamehla batsoali ba tla lumela seo u se kōpang; empa haeba u utloisisa seo ba amehileng ka sona, u mocheng o motle oa ho fana ka tlhahiso eo ba ka ’nang ba lumellana le eona.

◼ Etsa hore batsoali ba hao ba u tšepe. Ho etsa hore batsoali ba hao ba u tšepe ho tšoana le ho beha chelete bankeng. U ka ntša feela chelete eo u e kentseng bankeng. Ha u ka ntša e fetang moo u fumana kotlo, ’me ha u etsa joalo ka makhetlo, ak’haonte ea hao e ka koaloa. Ho fuoa tokoloho e eketsehileng ho tšoana le ho ntša chelete bankeng; u tla e fuoa hafeela u ipakile hore u na le boikarabelo.

◼ U se ke ua lebella mehlolo. Ke boikarabelo ba batsoali ho laola liketso tsa hao ka tsela e utloahalang. Ka hona, Bibele e bua ka “taelo ea ntat’ao” le ka “molao oa ’m’ao.” (Liproverbia 6:20) Leha ho le joalo, ha ua lokela ho nka hore melao ea lapeng e tla senya bophelo ba hao. Ho e-na le hoo, haeba u ikokobelletsa taolo ea batsoali ba hao, Jehova o tšepisa hore ka mor’a nako u tla “tsoella hantle”!—Baefese 6:1-3.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke melao efe eo u fumanang ho hlile ho le thata ho e mamela?

◼ Ke lintlha life sehloohong see tse tla u thusa hore u sebelisane hantle le melao eo batsoali ba hao ba u behetseng eona?

◼ U ka etsa joang hore batsoali ba hao ba u tšepe haholoanyane?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Ha U Tlōtse Molao

Boemo bona e ka ’na ea e-ba bo tloaelehileng: U fihlile lapeng ka mor’a nako eo u e behetsoeng, ha ua etsa mesebetsi ea lapeng kapa u tlōtse nako eo u neng u lumeletsoe ho bua fonong ka eona. Joale u ka pel’a batsoali! U ka etsa joang hore boemo boo bo bobe bo se ke ba mpefala le ho feta?

◼ Bua ’nete. Ena hase nako ea ho thetsa batsoali ba hao; bua ’nete feela u se ke ua ’na ua pota-pota taba. (Liproverbia 28:13) Ho tla ka lipalenyana ho ka ’na ha etsa hore tšeponyana eo batsoali ba hao ba neng ba ntse ba e-na le eona ho uena e fele. Qoba ho ikemela kapa ho nyenyefatsa se etsahetseng. Kamehla hopola hore “karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.”—Liproverbia 15:1.

◼ Kōpa tšoarelo. Ho bontša hore u soabile ha u entse hore ba tšoenyehe, u ba soetsitse kapa u ba baketse mosebetsi ho sa hlokahale, ho ka ’na ha fokotsa bohale ba kotlo eo u tla e fuoa. (1 Samuele 25:24) Leha ho le joalo, u lokela ho soaba e le kannete.

◼ Amohela liphello. Qalong u ka leka ho ba khahlanong le kotlo, haholo haeba u bona eka e leeme. (Liproverbia 20:3) Leha ho le joalo, ho jara boikarabelo ba seo u se entseng ke letšoao la hore u hōlile. (Bagalata 6:7) Ntho ea bohlokoa eo u ka e khethang ke hore u sebeletse ho etsa hore batsoali ba hao ba boele ba u tšepe.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Leka ho utloisisa seo batsoali ba hao ba amehileng ka sona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela