Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/06 maq. 13-15
  • Ke Bile Mora ea Lehlasoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bile Mora ea Lehlasoa
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Tloha Lapeng
  • Ha ke le Litoropong Tse Khōlō
  • Ke ba Semokolara sa Lithethefatsi
  • Kea Tšoaroa le ho Hlahleloa Ntloana-tšoana
  • Ke Khutlela “Khoebong”
  • Ke Khutlela ho Molimo
  • Ho Lefella Nako eo ke e Sentseng
  • “Lerato ha le Hlōlehe le ka Mohla”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ke Entse Khotso le Molimo Hammoho le ’Mè oa Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ke Matlafalitsoe ke Khotsofalo ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 12/06 maq. 13-15

Ke Bile Mora ea Lehlasoa

JOALOKAHA HO BOLETSE MEROS WILLIAM SUNDAY

Ke rutiloe ho tloha boseeng hore ke rate Molimo; empa ha ke le lilemo li 18, ke ile ka ba lerabele ’me ka tloha lapeng. Ka lilemo tse 13, ke ile ka phela joaloka mora ea lehlasoa eo Jesu a buileng ka eena papisong ea hae. (Luka 15:11-24) Ke ile ka rekisa lithethefatsi ’me ka batla ke senya bophelo ba ka. E-re ke u bolelle hore na ke eng e ileng ea etsa hore ke fetole tsela eo ke neng ke phela ka eona le e ileng ea etsa hore qetellong ke sokolohe litseleng tsa ka.

KE HLAHILE ka 1956, ’me ke hlahetse lapeng la Bakreste, ke ngoana oa bobeli ho ba robong. Re ne re lula motseng oa Ilesha, o ka boroa-bophirimela Nigeria. Ntate o ne a hōlisitsoe e le Mok’hatholike, empa ka 1945 rangoane oa hae o ile a mo fa buka ea The Harp of God.a Ka mor’a ho e bala, Ntate o ile a batla Lipaki Tsa Jehova. Ka 1946 o ile a kolobetsoa, ’me ’Mè a kolobetsoa nakoana ka mor’a moo.

Ke sa ntse ke hopola kamoo ke neng ke nka Jehova e le oa sebele kateng ha ke sa le ngoana le kamoo ke neng ke bolela ka cheseho kateng le batsoali ba ka. Ntate o ne a ithuta Bibele le ’na. Ka linako tse ling ke ne ke rutoa ke Alice Obarah, eo monna oa hae e neng e le molebeli ea tsamaeang sebakeng sa habo rōna. Batsoali ba ka ba ne ba rata ha nka ba mosebeletsi oa nako e tletseng. Leha ho le joalo, ’Mè o ile a fana ka tlhahiso ea hore ke ee sekolong sa sekondari pele.

Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana ke le moo, ha ke le lilemo li 16, ke ile ka ba booatla ba ho tloaelana le bana ba neng ba sa hlomphe melao-motheo ea Bibele. Eo e bile phoso e booatla hakaakang! E se khale, ke ile ka qala ho tsuba le ho kopanela boitšoarong bo bobe. Ke ile ka lemoha hore tsela e ncha eo ke phelang ka eona ha e lumellane le seo ke neng ke se rutoa libokeng tsa Bokreste, ka hona ke ile ka khaotsa ho ea libokeng le ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo. Batsoali ba ka ba ile ba utloa bohloko bo tebileng, empa ke ne ke se ke sa khathalle hore na ba bang ba ikutloa joang.

Ke Tloha Lapeng

Ka mor’a lilemo tse peli feela ke le sekolong sa sekondari, ke ile ka tloha lapeng ’me ka qala ho lula le metsoalle hona motseng oa heso. Ka linako tse ling ke ne ke nyonyobela lapeng ho ea utsoa lijo tseo nka li fumanang, ebe kea baleha. A tsielehile, Ntate o ile a khaotsa ho ntefella sekolo, ka tšepo ea hore ke tla fetoha.

Leha ho le joalo, nakong eona eo, ke ile ka fumana thuso ea ho lefelloa sekolo. Motho ea neng a ntefella o ne a romela chelete ea sekolo a le Scotland ’me ka linako tse ling a bile a mpha limpho tse akarelletsang chelete. Ho sa le joalo, barab’eso ba babeli le bona ba ile ba tlohela ho kopanela le Lipaki Tsa Jehova, ’me seo se ile sa tlisetsa batsoali ba rōna mahlomola a sa hlaloseheng. ’Mè o ile a ipiletsa ho ’na ka makhetlo a mangata a lla. Le hoja seo se ne se nkama pelo, ha kea ka ka fetola litsela tsa ka.

Ha ke le Litoropong Tse Khōlō

Ha ke qeta sekolong ka 1977, ke ile ka ea Lagos ’me ka fumana mosebetsi. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka fumana chelete ka matšoephelele ’me ka reka tekesi. Kaha joale ke ne ke se ke e-na le chelete e ngata, ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi le ho qeta nako e ngata ke le libakeng tsa boithabiso ba bosiu le matlong a botekatse. Ka mor’a nakoana ke ile ka tenoa ke bophelo ba Lagos ’me ka 1981, ke ile ka fallela London. Ha ke tloha moo, ke ile ka ea Belgium, moo ke ileng ka ithuta Sefora ’me ka sebetsa nakoana reschorenteng. Leha ho le joalo, nako e ngata ke ne ke e qeta ke romela likoloi le thepa ea elektronike Nigeria ka sekepe.

Ntate o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Belgium ’me a kōpa hore ba iteanye le ’na ’me ba leke ho nkhannela thuto ea Bibele. Empa nako le nako ha Lipaki li tla moo ke lulang, ke ne ke li leleka. Ke ile ka qala ho ea kerekeng eo re neng re e-ja, re e-noa le ho bapala lipapali tsa mefuta ka mor’a litšebeletso.

Ke ba Semokolara sa Lithethefatsi

Ka 1982, ke ile ka romela ka sekepe koloi e majabajaba e bitsang chelete e ngata Nigeria ’me ka ea koung ea Nigeria ho ea e lokolla ka bonna. Lefapha la Lekhetho la Thepa e Kenang Nigeria le ile la fumana hore lipampiri tsa lekhetho e ne e le tsa maiketsetso, ’me ke ile ka ba litlamong matsatsi a ka bang 40. Ntate o ile a ntefella beile. Kaha ke ne ke hloka chelete hore ke lefelle nyeoe, ke ile ka khutlela Belgium le thepa e itseng e neng e akarelletsa matekoane a boima ba lik’hilograma tse itseng. Ka mor’a hore ke fumanoe ke se molato ka lipampiri tsa maiketsetso tsa lekhetho, ke ile ka tsitsa khoebong ea lithethefatsi.

Leetong le leng ke ile ka tšoaroa Netherlands. Liofisiri tsa lefapha la tsa bojaki li ile tsa nthomela naheng ea heso, ka kenngoa sefofaneng se neng se leba Nigeria. Leetong leo, ke ile ka kopana le limokolara tse ling tsa lithethefatsi ’me ra lumellana ho kopanela khoebo ea lithethefatsi. Ka January 1984, ke ile ka fallela naheng e ’ngoe ea Afrika. Kaha ke ne ke khona ho bua Sefora, e leng puo e buuoang moo, ke ile ka khona ho etsa setsoalle ka potlako le mapolesa, masole le liofisiri tsa lefapha la tsa bojaki. Ka hona, re ile ra khona ho kenya matekoane a boima ba lik’hilograma tse likete naheng eo.

Kea Tšoaroa le ho Hlahleloa Ntloana-tšoana

Joale ke ile ka boela ka kena khathatsong. Ke ne ke hlophisitse le molaoli oa lebotho hore a tl’o nthusa ho fetisa thepa ea ka boema-fofane naheng eo. Empa o ile a lieha ho fihla, ka hona ke ile ka tšoaroa. Mapolesa a ile a nteteka le ho ntlhokofatsa hampe hoo ke ileng ka ilibana. A ile a nkisa sepetlele ’me a ntjoatlanya moo ka tšepo ea hore ke tlil’o shoa. Empa ha kea ka ka shoa ’me hamorao ke ile ka qosoa, ka fumanoa ke le molato ’me ka hlahleloa ntloana-tšoana.

Nakong eo ke tsoang chankaneng, motsoalle oa ka eo ke neng ke mo kōpile hore a sale a ntlhokomeletse ntlo o ne a rekisitse thepa eohle ea ka ’me a iphile limenyane. E le ho iphelisa, ka potlako ke ile ka qala ho rekisa matekoane. Leha ho le joalo, matsatsi a leshome hamorao ke ile ka tšoaroa hape ’me ka koalloa likhoeli tse tharo chankaneng. Nakong eo ke lokolloang, ke ne ke kula hoo ke ileng ka boela ka batla ke e-shoa. Ka lehlohonolo, ke ile ka khona ho khutlela Lagos.

Ke Khutlela “Khoebong”

Ha ke le Lagos, ke ile ka kopana le basebetsi-’moho le ’na ’me ra leba India, moo re ileng ra reka heroine ea boleng ba chelete e kaalo ka $600 000. Re ile ra tloha Bombay (hona joale ke Mumbai) ’me ra ea Switzerland, ra fetela Portugal ’me qetellong ra fihla Spain. Kaofela ha rōna re ile ra fumana phaello e ngata haholo ea chelete ’me ra khutlela hae Lagos ka litsela tse fapaneng. Ho elella mafelong a 1984, ke ile ka rekisa lithethefatsi tse ling hape. Toro ea ka e ne e le hore ke etse milione ea lidolara ebe joale ke il’o raha qhebelele United States.

Ka 1986, ke ile ka bokella chelete eohle eo ke neng ke e-na le eona ’me ka reka heroine ea makhonthe e sa tsoakoang le letho, Lagos. Ke ile ka e isa naheng e ’ngoe, empa e ile ea oela liatleng tsa mohoebi e mong ea meharo ’me ha aa ka a ntefa. E le hore ke pholose bophelo ba ka, ke ile ka khutlela Lagos ’me ka le nyaea la koloba ka se etsahetseng. Ke ne ke hula ka thata licheleteng ke bile ke imetsoe maikutlong. Ka lekhetlo la pele, ke ile ka lula fatše ’me ka nahana ka morero oa bophelo. Ke ile ka ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha lintho li sa ntsamaele hantle ka linako tsohle?’

Ke Khutlela ho Molimo

Ka bosiu bo bong nakoana ka mor’a moo, ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse. Ka le hlahlamang, ke ile ka eteloa ke monna-moholo e mong le mosali oa hae moo ke lulang. E ne e le Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka ba mamela ka khutso ’me ka amohela makasine. Ke ile ka ba bolella: “Batsoali ba ka ke Lipaki Tsa Jehova. Alice Obarah o ne a atisa ho ithuta Bibele le ’na.”

Monna-moholo eo, e leng P. K. Ogbanefe, o ile a araba: “Re tseba ba ha Obarah haholo. Hona joale ba sebeletsa ofising ea lekala la rōna la Nigeria le Lagos.” Ba ile ba phehella hore ke e’o ba bona. Ho kopana ha ka le ba ha Obarah ho ile ha nkhothatsa haholo. Ka mor’a moo, Mor’abo rōna Ogbanefe o ile a qala ho ithuta Bibele le ’na, ’me ka potlako ke ile ka qala ho fetola litsela tse mpe tseo ke neng ke phela ka tsona. Sena ha sea ka sa e-ba bonolo hobane ho sebelisa lithethefatsi ho ne ho se ho nkene maling. Leha ho le joalo, ke ne ke ikemiselitse ho hloekisa bophelo ba ka.

Empa ke ne ke feta tlas’a liteko le likhatello tse ngata haholo! Ba neng ba ipitsa metsoalle ea ka ba ne ba tla moo ke lulang ’me ba nteke ka lintho tse hohelang. Ke ile ka boela ka khutlela mokhoeng oa ho tsuba le ho kopanela boitšoaro bo bobe ka nakoana. Ke ile ka tšollela pelo ea ka ho Molimo thapelong. Kapele ka mor’a moo, ke ile ka tseba hore kaha metsoalle ea lefatše ke eona e ileng ea nkhelosa tseleng, le hona joale e ne e ke ke ea nthusa. Ke ile ka lemoha hore haeba ke batla ho tsoela pele moeeng, ke lokela ho tloha Lagos. Empa ke ne ke le lihlong ho khutlela hae Ilesha. Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka ngolla Ntate le Abuti ’me ka botsa hore na nka khutlela hae na.

Ntate o ile a ntiisetsa hore ba tla nkamohela ka matsoho a mabeli ha ke khutla, ’me Abuti o ile a re o tla nthusa licheleteng. Ka hona, lilemo tse leshome ka mor’a ho furalla batsoali ba ka, ke ile ka khutlela lapeng. Ke ile ka amoheloa ka mofuthu o moholo. ’Mè o ile a re: “Kea u leboha Jehova!” Mantsiboea ha Ntate a fihla, o ile a re, “Jehova o tla u thusa.” Ha lelapa le feletse kaofela, o ile a rapela Jehova, a mo kōpa hore A nthuse ha e le mona ke khutlile ho tla etsa thato ea Hae.

Ho Lefella Nako eo ke e Sentseng

Ke ile ka qalella ho ithuta Bibele ’me ka tsoela pele hantle ka potlako; ke ile ka kolobetsoa ka la 24 April, 1988. Hang-hang ke ile ka cheseha tšebeletsong. Ka la 1 November, 1989, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho—moevangeli oa nako e tletseng. Ka 1995, ke ile ka memeloa ho ba tlelaseng ea bo10 ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Nigeria. Joale ka July 1998, ke ile ka abeloa ho ba molebeli ea tsamaeang, ke etela liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova. Selemo hamorao, ke ile ka hlohonolofatsoa ka Ruth, eo e ileng ea e-ba mosali oa ka le molekane oa ka mosebetsing oa ho tsamaea.

Litho tse ling tsa lelapa le tsona li entse tsoelo-pele e ntle moeeng. Mor’eso e mong, ea neng a ile a khaotsa ho sebeletsa Jehova, le eena o ile a khutlela borapeling ba ’nete ’me a kolobetsoa. Ke thabile haholo hore Ntate o re bone ha re khutla. O ile a sebeletsa ka thabo e le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong ho fihlela ha a hlokahala ka 1993 a le lilemo li 75. ’Mè o ntse a sebeletsa Jehova ka cheseho Ilesha.

Ke tsamaile linaha tse 16 kaofela Europe, Asia le Afrika moo ke batlang leruo. Ka lebaka leo, ke ile ka itlhaba hohle ka bohloko bo boholo. (1 Timothea 6:9, 10) Ha ke hetla morao, ke ikoahlaea ka ho tebileng hore ebe ke sentse nako e ngata hakana bocheng ba ka ka lithethefatsi le boitšoaro bo bobe. Ke ikoahlaela ho utloisa Jehova Molimo bohloko hammoho le lelapa leso. Leha ho le joalo, ke thabetse hore ke ile ka phela ho fihlela kelello ea ka e khutla. Ke ikemiselitse ho lula ke tšepahala ho Jehova le ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova, empa hona joale ha e sa hatisoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ha ke sa le lerabele

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Letsatsing la kolobetso

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

’Na le mosali oa ka, Ruth

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela