Pono ea Bibele
Na Bokreste bo Hlōlehile?
BATHO ba ka etsang karolo ea boraro ea baahi ba lefatše ba ipolela hore ke Bakreste. Leha ho le joalo, ho bonahala lefatše le arohane litsekana lipolotiking ebile le le hlaha ho feta leha e le neng pele. Na see se bolela hore Bokreste boo Jesu a bo rutileng bo na le mathata kae-kae? Kapa na ebe bothata ke tsela eo batho ba bangata ba sebelisang lithuto tsa Kreste ka eona?
Sehlooho sena se tla hlahloba seo ha e le hantle Kreste a se rutileng hammoho le mohlala oo a o behetseng balateli ba hae. Se tla boela se hlahlobe maikutlo a tloaelehileng har’a batho ba ipitsang Bakreste, ao ha e le hantle a leng khahlanong le Bokreste ba ’nete.
Mofuta o Khopameng oa Bokreste
Lilemo tse makholo ka mor’a lefu la Kreste, mokhoa o khopameng oa Bokreste ke oona o ileng oa ratoa e le bolumeli ’Musong oa Roma. Kaha li ne li se li amoheleha sechabeng, litho tsa sehlopha sena se neng se ipitsa Bakreste li ile tsa iphumana li keneletse ka matla lipolotiking le maemong a bophelo sechabeng sa Roma. Baeta-pele ba Kereke, ba kang Augustine, ba ile ba amohela phetoho ena ka ho ruta hore ’Muso oa Molimo oo e leng khale o letetsoe joale o fihlile. Baeta-pele ba joalo ba ile ba ruta hore tšusumetso eo joale ba nang le eona lipolotiking le bolumeling e ne e le mokhoa oa ho etsa hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng. Ka hona, ho ile ha hatisoa bohlokoa ba hore batho ba lokela ho etsa boiteko ho tsamaiseng litaba tsa lefatše.
Ka lebaka leo, ba bangata ba lumela hore Mokreste o lokela ho phetha karolo e itseng litabeng tsa lipolotiki. E le ho etsa joalo, ba bangata ba lumela hore Mokreste o lokela hore ka linako tse ling a hatelle litumelo tse itseng tsa hae e le hore a phethe thato ea sechaba seo a phelang ho sona. Ka mohlala, ka molomo batho ba bangata ba bolela hore ba lumellana le thuto ea Kreste ea lerato le khotso, ha ka nako e tšoanang ba tšehetsa lintoa tse sehlōhō. Kahoo likereke tse ngata li ka ’na tsa khothalletsa balateli ba tsona hore ba rapelle ’Muso oa Molimo, ha ka nako e tšoanang li tšehetsa babusi ba hatellang.
Mofuta ona oo e seng oa ’nete oa Bokreste hase bona bolumeli bo ileng ba thehoa ke Jesu. Ho e-na le hoo, ke bo iketselitsoeng ke batho ’me bo lateloa ke ba bangata ba ipitsang Bakreste kajeno. Bokreste ba mofuta ona ka sebele bo hlōlehile, joalokaha ho bonahala bathong ka kakaretso ka ho se hlomphe melao-motheo ea Bibele Bokreste-’mōtoaneng kajeno.
Ha e le Hantle Jesu o ne a Ruta Eng?
Ho ka ’na ha makatsa ba bang ho tseba hore ha e le hantle Jesu o ile a re balateli ba hae ha ea lokela ho ba “karolo ea lefatše, feela joalokaha [eena e ne e] se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:15, 16) Ke hobane’ng ha Kreste a ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba etse seo? Moapostola Johanne, e leng morutuoa eo Jesu a neng a mo rata, o ile a fana ka karabo. O ngotse: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”—1 Johanne 5:19.
Ka hona, lithuto tsa Kreste ha li tataisetse batho mekhatlong ea batho, empa li ba tataisetsa ’Musong oa leholimo oa Molimo oo e leng oona o tla etsa hore lefatše lena e be la toka le ho loka. (Matheu 6:10) Jesu ka boeena ha aa ka a bontša tšekamelo le e nyenyane ea ho kenella tsamaisong ea sechaba ea mehleng ea hae. O ile a hana ka ho toba setulo sa lipolotiki. (Johanne 6:15) O ile a boela a hana hore pefo e ka ba tsela ea ho rarolla liqabang. (Matheu 26:50-53; Johanne 18:36) Jesu ha aa ka a siea melao ea motheo e lokelang ho lateloa pusong kapa melao e tsamaisang sechaba. Ha aa ka a kenella lipolotiking tsa mehleng ea hae. Ka mohlala, ha ea ka ea e-ba moloaneli oa litokelo tsa makhoba, ’me ha aa ka a kenella ntoeng ea Bajuda khahlanong le Baroma.
Empa sena ha se bolele hore Jesu o ne a sa tsotelle batho le mathata a bona. Jesu o ile a ruta haholo ka boikarabelo boo motho ka mong a nang le bona bathong ba bang. O ile a khothalletsa botšepehi tabeng ea ho lefa makhetho le ho hatella tlhokahalo ea ho ikokobelletsa ba boholong. (Matheu 22:17-21) O ile a ruta hore na batho ba ka ba le thahasello ea sebele joang boiketlong ba batho ba hlokang. O ile a boela a ruta hore na ho ka hlomphuoa seriti sa ba bang joang le hore na batho e ka ba ba nang le kutloelo-bohloko, ba tšoarelang le ba mohau joang. (Matheu khaolo ea 5-7) Ke ntho e tsebahalang hore lithuto tsa Jesu li ne li hatisa taba ea ho rata Molimo le moahelani.—Mareka 12:30, 31.
Bakreste ba ’Nete Kajeno
Joale molateli oa ’nete oa Kreste o lokela ho itšoara joang? O lokela ho etsa seo Jesu a neng a se etsa. Ha a ntse a mamela melao ea naha ka botšepehi, o lokela ho lula a sa jele paate litabeng tsa lipolotiki. (Johanne 12:47, 48) A ke ke a sekisetsa melao-motheo ea Bokreste, esita le haeba a le tlas’a khatello e khōlō. (1 Petrose 2:21-23) Ka nako e tšoanang, ha ho bolele hore e lokela ho ba ea sa tsotelleng. Mokreste oa ’nete o thahasella boiketlo ba batho ba mo pota-potileng, joalokaha Jesu a ne a etsa. (Mareka 6:34) O tla boela a thuse ba bang hore ba phele bophelo bo thabileng haholoanyane ka ho ba thusa ho utloisisa le ho phela ka lithuto tsa Kreste.—Johanne 13:17.
Ka hona, Lipaki Tsa Jehova kajeno li leka ka matla ho etsisa Kreste tseleng eo li sebelisanang le litaba tsa lefatše ka eona. Le hoja e le baahi ba nang le khotso ba mamelang molao, hase karolo ea lefatše. Joaloka Jesu, li hana ho ba karolo ea pefo le lintoa tsa lipolotiki tse atileng kajeno. Li na le tšepo e tiileng ea hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tharollo mathateng ao lefatše le tobaneng le ’ona. Bokreste ba ’nete bo etsa batho ba thabileng le ba utloanang. (Johanne 13:34, 35) Ka sebele ha boa hlōleha.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Na Bakreste ba lokela ho kena lipolotiking?—Johanne 6:15.
◼ Na Kreste o ile a khothalletsa pefo e le tsela ea ho rarolla liqabang?—Matheu 26:50-53.
◼ Letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete ke lefe?—Johanne 13:34, 35.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
EL COMERCIO, Quito, Ecuador