Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/07 maq. 28-30
  • Nka Qala ho Laetsana Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Qala ho Laetsana Neng?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho “Laetsana [Dating]” ke Eng?
  • Sepheo sa Hao ke Sefe?
  • U Lilemo li Kae?
  • Na U se U Loketse ho Kena Lenyalong?
  • Na ke se ke Loketse ho Intša?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ho Intša ka Sekhukhu—Ho Kotsi Hakae?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Eng se Phoso ka ho Buisana?
    Tsoha!—1992
  • Ho Thoe’ng Haeba Batsoali ba ka ba Nahana Hore ke sa le Monyenyane Haholo Hore Nka Intša le Moshemane Kapa Ngoanana?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 1/07 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Qala ho Laetsana Neng?

“Sekolong u ikutloa eka ha ua fella ha ho se motho eo u laetsanang le eena—ke re leha e ka ba mang!”—Brittany.

“Ke tlas’a khatello e khōlō ea hore ke laetsane. Ka mona le teng ho na le bashanyana ba bangata ba batle.”—Whitney.

◼ U bona moshanyana le ngoanana ba tsamaea ba iketlile phasejeng ea sekolo ba tšoarane ka matsoho. U ikutloa joang?

□ Ha ke tsotelle

□ Ke khala ho se hokae

□ Ke ba shoela mōna

◼ U baesekopong le metsoalle ea hao ’me ha u re phapha! u fumana hore ba ikabile u setse u le mong. U ikutloa joang?

□ Ha ke tsotelle

□ Ke khala ho se hokae

□ Ke ba shoela mōna

◼ Motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo o sa tsoa qala ho bontša thahasello mothong ea itseng oa bong bo fapaneng ’me ba qalile ho intša. U ikutloa joang?

□ Ha ke tsotelle

□ Ke khala ho se hokae

□ Ke ba shoela mōna

Haeba lipotsong tse ka holimo u tšoaile “ke khala ho se hokae” kapa “ke ba shoela mōna” hase uena feela. Linaheng tseo ho laetsana ho tloaelehileng, bacha ba bangata ba ka araba ka tsela e tšoanang. Yvette ea lilemo li 14 o re: “Ka linako tse ling u ikutloa eka u fetoa ke ho itseng kaha lithaka tsohle tsa hao li na le bahlankana ’me uena ha u na eena.”

Takatso ea ho ba le motho eo u mo nkang e le oa bohlokoa—le ea u nkang u le oa bohlokoa—e ka hōla ka tsela e hlollang. Moshanyana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o re: “Takatso ea hore ke be le kharebe e ba matla letsatsi le letsatsi, ’me ha ho bonolo ho sebetsana le eona!” Ba bang ba bile ba qala ho laetsana ba sa le banyenyane. Ka mohlala, phuputso e entsoeng ke makasine ea Time e utolotse hore karolo e etsang 25 lekholong ea bana ba lilemo li 13 e se e ntse e “intša kapa e laetsana.” Na u nahana hore ba ne ba se ba loketse seo? Na uena u se u loketse ho laetsana? Ho araba lipotso tseo, re tlameha ho qala ka ho hlahloba potso e ’ngoe ea bohlokoa.

Ho “Laetsana [Dating]” ke Eng?

◼ U lula u e-ea kae-kae le motho ea itseng oa bong bo fapaneng.

Na ua laetsana? □ E □ Che

◼ U romella motho ea itseng oa bong bo fapaneng melaetsa ka “cell phone” kapa le qoqa fonong ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi.

Na ua laetsana? □ E □ Che

◼ Uena le motho ea itseng oa bong bo fapaneng le metsoalle lekunutung. Batsoali ba hao ha ba tsebe. Ha u e-s’o ba bolelle hobane ua tseba hore ba tla hana.

Na ua laetsana? □ E □ Che

◼ Nako le nako ha le kopane le metsoalle, u ikaba le motho ea itseng oa bong bo fapaneng kamehla.

Na ua laetsana? □ E □ Che

Mohlomong ha ua ba le bothata ho arabela potso ea pele, empa e ka ’na eaba u ile ua qeaqea ho se hokae pele u araba tse latelang. Hantle-ntle ho laetsana ke eng? Sehloohong sena, re tla ho hlalosa e le ntho leha e le efe eo u e etsang le motho e mong eo u lebisitseng thahasello ea hao ea lerato ho eena ’me le eena a lebisitse thahasello ea hae ho uena. Ebang le ka har’a batho kapa ke moo le leng bang, ebang ke ka fono kapa ke ha le kopane, ebang ke ’mananeng kapa ke sephiring, haeba uena le motsoalle oa hao oa bong bo fapaneng le e-na le maikutlo a itseng a lerato ka e mong, lea laetsana.

Empa na u se u loketse ho laetsana? Ho hlahloba lipotso tse tharo ho tla u thusa ho fumana karabo.

Sepheo sa Hao ke Sefe?

Litsong tse ngata, ho laetsana ho nkoa e le mokhoa o amohelehang oa hore batho ba babeli ba tsebane haholoanyane. Empa motho o lokela ho ba le lebaka le utloahalang la ho laetsana—ho thusa mohlankana le moroetsana hore ba bone hore na baa tšoanelana na bakeng sa ho nyalana. Hobane’ng?

Bibele e sebelisa poleloana “palesa ea bocha” ha e bua ka nako eo motho a bang le takatso e matla ea ho kopanela liphate le ea ho laetsana. (1 Bakorinthe 7:36) Ho ba le setsoalle se haufi le motho ea itseng oa bong bo fapaneng nakong eo u sa leng ‘paleseng ea bocha’ ho ka beselletsa takatso eo ’me ha etsa hore u ithute habohloko molemo oa ho mamela keletso e bohlale e ho Bagalata 6:7: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”

Ke ’nete hore ba bang ba lithaka tsa hao ba ka ’na ba laetsana e se ka sepheo sa ho kena lenyalong. Ba ka ’na ba nka motho eo ba laetsanang le eena e le bokhabane feela kapa ntho e tla etsa hore ba hlahelle e le ba hlomphehang ho ba bang. Ho bapala ka maikutlo a motho e mong ka tsela eo ke bopelo-mpe, ’me ha ho makatse hore ebe maqhama a bona a atisa ho senyeha ka potlako. Mocha ea bitsoang Heather o re: “Bacha ba bangata ba laetsanang ba khaotsa seo ka mor’a beke kapa tse peli. Ba nka ho laetsana e le ntho ea nakoana—ka mantsoe a mang e le mokhoa oa ho itokisetsa tlhalo ho e-na le lenyalo.”

Ho laetsana ha papali feela kapa ka morero oa ho ithabisa—e leng ho intšetsa monate feela kapa hona hore feela motho a be le mohlankana kapa kharebe—ho ka utloisa motho bohloko maikutlong habonolo. Nahana ka Eric eo ha a le lilemo li 18 a neng a thabela botsoalle boo eena a neng a nahana hore ke botsoalle feela tjee bo haufi le ngoanana e mong. Joale o ile a elelloa hore ngoanana eo eena o ne a sa nke e le botsoalle feela. Eric o re: “Khele! Ke ile ka makalla tsela eo a ileng a tebisa maikutlo kapele ka eona. Ke ne ke nahana hore re mpa re le metsoalle!”

Ke ’nete hore hase phoso ho thabela botsoalle le ba bong bo fapaneng ha le le sehlopha se nang le motho ea le behileng leihlo. Leha ho le joalo, tabeng ea ho laetsana teng, ho molemo ho ema ho fihlela u feta palesa ea bocha ’me u e-ba boemong ba ho nahana ka ho teba ka lenyalo. Ke seo mocha e mong ea bitsoang Chelsea a se hlokometseng. Oa lumela: “Ka linako tse ling ke na le ho nahana hore ho laetsana e lokela ho ba taba ea boithabiso feela, empa ha ho monate ha e mong eena a nka taba eo ka ho teba.”

U Lilemo li Kae?

◼ U nahana hore mocha o loketse ho qala ho laetsana ha a le lilemong life? ․․․․․

◼ Joale botsa e mong oa batsoali ba hao kapa ka bobeli ba bona ’me u ngole karabo ea bona. ․․․․․

Monyetla o moholo oa hore ebe lilemo tseo u faneng ka tsona li ka tlaase ho tse fanoeng ke batsoali ba hao. Kapa mohlomong ha ho joalo! E ka ’na eaba u har’a bacha ba bangata bao ka bohlale ba liehang ho laetsana ho fihlela ba hōlile ka ho lekaneng hore ba itsebe hantle. Ke seo mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Sondra a entseng qeto ea ho se etsa, le hoja a le lilemong tseo molao o lumellang motho hore a ka nyaloa. Sondra o beha mabaka: “Ha u laetsana le motho, u batla hore a u tsebe. Empa joale haeba u sa itsebe, u ka lebella joang hore motho e mong a u tsebe?”

Danielle ea lilemo li 17 le eena o ikutloa joalo. O re: “Ha ke nahana lilemong tse peli tse fetileng, seo nka beng ke ile ka se lebella ho motho ea tla ’nyala se fapane hōle le seo hona joale ke se lebeletseng. Ha e le hantle, le hona joale ke ntse ke sa itšepe bakeng sa ho etsa qeto e joalo. Ha ke se ke bona hore ho fetile lilemo tse ’maloa botho ba ka bo tsitsitse, ke hona ke tla nahana ka ho laetsana.”

Na U se U Loketse ho Kena Lenyalong?

Kaha ho laetsana ke mohato o lebisang lenyalong, e tla ba hantle hore u ipotse hore na u ka khona boikarabelo bo tsamaisanang le ho ba monna kapa mosali na—kapa hona ho ba ntate kapa ’mè. U tseba joang ha u se u loketse seo? Nahana ka lintlha tse latelang.

◼ Litšebelisano U sebelisana joang le batsoali ba hao le banab’eno? Na hangata u ba fella pelo, mohlomong u sebelise mantsoe a hlabang kapa a phoqang ho hlakisa ntlha? Bona ba ka re’ng ka uena ntlheng ee? Tsela eo u sebelisanang le litho tsa lelapa leno ka eona e bontša hore na u tla tšoara molekane oa hao joang.—Baefese 4:31, 32.

◼ Lichelete U tseba ho sebelisa chelete hantle hakae? Na u lula u le likolotong? Na u tseba ho tšoarella mosebetsing? Haeba ha ho joalo lebaka ke lefe? Na ke ka lebaka la mosebetsi? la mohiri? Kapa ke hobane u e-na le tšobotsi e itseng e sa rateheng? Haeba u sitoa ho laola maemo a hao a lichelete, joale a lelapa u tla a laola joang?—1 Timothea 5:8.

◼ Lintho Tsa Moea Haeba u Paki ea Jehova, ke litšobotsi life tsa moea tseo u nang le tsona? Na u ithaopela ho bala Lentsoe la Molimo, ho ea tšebeletsong le ho arabela libokeng tsa Bokreste? Haeba u sa itlhokomele moeeng, u tla khothalletsa molekane oa hao ho etsa joalo joang?—2 Bakorinthe 13:5.

Tsena ke lintho tse ’maloa tsa tse ling tseo u lokelang ho nahanisisa ka tsona ha u nahanela ho laetsana kapa lenyalo. Ha joale u ntse u ka thabela botsoalle le ba bong bo fapaneng ha le le sehlopha. Hamorao, haeba u khetha ho laetsana, u tla be u se u itseba ’me u tseba hore na u batla molekane oa mofuta ofe bophelong.

Lekunutu la Thabo ea Lelapa

Boitsebiso bo eketsehileng bo ka fumanoa maqepheng a 13-26 a buka ena, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke maemong afe a loketseng moo u ka bang le ba bong bo fapaneng?

◼ Ke eng eo u lokelang ho sebeletsa ho eona haholo e le hore u ka tšoaneleha bakeng sa ho kena lenyalong?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Maikutlo a Lithaka Tse Ling Tsa Hao

“Ka linako tse ling ke na le ho khalla baratani—esita le banyalani. Empa ho laetsana le motho hase feela bakeng sa monate. Haeba u etsa joalo, u bapala ka maikutlo a motho e mong. Ke nahana hore ho laetsana ke mokhoa oa ho fumana hore na motho ea itseng ke eo u hlileng u ka ratang ho nyalana le eena kapa che.”—Blaine, 17.

“Ke nahana hore hase ntho e loketseng ho laetsana le bahlankana e le feela ho ‘itloaetsa’ hore na ho tla ba joang mohla oa sebele a fihlang. Sena se ka utloisa e mong bohloko haholo.”—Chelsea, 17.

“Ke nahana hore motho o lokela a be lilemong tsa ho kena lenyalong pele a ka qala ho laetsana. Ho seng joalo, ho tla tšoana le ha u il’o hlahlobeloa mosebetsi empa u ntse u kena sekolo ’me u sa ikemisetsa ho amohela mosebetsi oo.”—Sondra, 21.

[Lebokose le leqepheng la 30]

TLHOKOMELISO HO BATSOALI

Taba ea ho laetsana joang kapa joang e tla ama bana ba hao neng-neng bophelong. Phillip o re: “Ha ho hlokahale hore ke etse ho itseng! Banana baa itlisa ho tla mphereha, ebe ke sala ke ipotsa, ‘Joale ha ho le tjee ke etsa joang?’ Ho thata ho hana hobane ba bang ba bona baa boheha!”

Ntho e molemo eo uena joaloka motsoali u ka e etsang ke hore u bue le ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha ka litaba sa ho laetsana. Ke hobane’ng ha u sa sebelise sehlooho see ho tšohla le eena taba ee? Botsa mora kapa morali oa hao hore na o ikutloa joang ka phephetso eo a tobanang le eona sekolong kapa esita le ka phuthehong ea Bokreste. Ka linako tse ling u ka buisana le ngoana ka taba ena le iqoqela feela joaloka “ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng.” (Deuteronoma 6:6, 7) Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, hopola hore u lokela ho ‘potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’—Jakobo 1:19.

Haeba mora kapa morali oa hao a thahasella motho ea itseng, u se ke ua tšoha. Ngoanana e mong ea mocha o re: “Ha ntate a utloa hore ke na le mohlankana, o ile a tlokoma ke bohale! O ile a leka ho ntšosa ka ho mpotsa lipotso tse hanang ho fela tsa hore na ke se ke loketse ho nyaloa na—e leng lipotso tseo ha u sa le monyenyane, li ka etsang hore u batle ho lelefatsa nako ea taetsano moo u batlang ho bontša batsoali ba hao hore ba fositse!”

Haeba ngoana oa hao a tseba hore taba ea ho laetsana hase eo a ka lorang a buile ka eona ho uena, ho ka ’na ha hlaha kotsi: A ka ’na a etsa taba eo pinyane. Ngoanana e mong o re: “Ha batsoali ba halefa, sena se etsa hore bana ba pate hore baa laetsana. Ha ba khaotse. Ba ba manere.”

Ho ka ba molemo ha u buisana le ngoana ka botšepehi. Moroetsana e mong ea lilemo li 20 o re: “Batsoali ba ka ba ’nile ba ipuela ka bolokolohi le ’na ka litaba tsa ho laetsana. Ke habohlokoa hore ba tsebe hore na ke mang eo ke mo thahasellang, ’me ke nka hore ke ntho e ntle! Ebe Ntate o tla iteanya le motho eo. Haeba ho e-na le ho itseng ho ba ngongorehisang, batsoali ba ka baa mpolella. Ka tloaelo ke etsa qeto ea ho khaotsa hona moo le pele e ka fetela boemong ba ho laetsana.”

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho ba le ba bong bo fapaneng maemong a loketseng ha le le sehlopha ho ka ’na ha se be le likhathatso ’me ha le tsoela molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela