Mopopotlo oa Likorale Tsa Leoatle oa Belize—Sebaka sa Bohlokoahali Lefatšeng
KA MONGOLI OA TSOHA! MEXICO
“Ho fokotseha kapa ho nyamela ha ntho leha e le efe ea setso kapa ea tlhaho e fumanehang libakeng tsa bohlokoahali ho futsanehisa lefa la lichaba tsohle tsa lefatše ka tsela e mpehali. . . . Ke ntho e tlamang lichaba tsohle hore li be le seabo ho sireletseng lefa la lintho tsa setso le tsa tlhaho tsa bohlokoa bo ikhethang lefatšeng ka bophara.”—Se Builoeng Sebokeng sa UNESCO sa Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng.
TUMELLANONG le mantsoe a ka holimo, Sebaka se Sirelelitsoeng sa Mopopotlo oa Likorale oa Belize se ile sa kenngoa lethathamong la Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng ka 1996. Ka hona, se ile sa behoa boemong bo tšoanang le ba Machu Picchu e Peru, Grand Canyon ea United States le libaka tse ling tse hlollang lefatšeng ho pota. Ke eng e etsang hore sebaka see e be sa “bohlokoa bo ikhethang lefatšeng ka bophara”?
Lefa le Tlamehang ho Bolokoa
Mopopotlo oa Likorale oa Belize ke sebaka sa bobeli se seholo ka ho fetisisa lefatšeng se nang le likorale tse phelang, se latela Mopopotlo o Moholo oa Likorale oa Australia, ’me ke oona o molelele ka ho fetisisa Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše. O bolelele ba lik’hilomithara tse 300 ho iphaphatha le Hloahloa ea Yucatán, ho kenella karolong e khōlō ea lebōpo la naha ea Belize e Amerika Bohareng. Ho phaella mopopotlong ka booona—oo ha e le hantle e leng mokoloko oa mepopotlo—sebaka sena sa bohlokoa se akarelletsa lihlekehleke tse nyenyane tse 450, lihlekehleke tse tharo tsa mahoholi a likorale tsa leoatle a lika-likelitseng matangoana a botle bo hlollang. Sebokeng se neng se bua ka Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng ho ile ha hlahisoa ka ho khetheha taba ea hore ho sireletsoe libaka tse supileng tse nang le liphoofolo tsa leoatle tse sebakeng sena se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 960.
Ho totobetse hore ke habohlokoa ho sireletsa mepopotlo ea likorale hobane ho eona ho phela karolo ea 25 lekholong ea limela le liphoofolo tsa leoatle. Bonneteng, ha ho tluoa tabeng ea mefuta-futa ea lintho tse phelang, mepopotlo ea likorale e na le lihloliloeng tse ngata tse phelang ho eona, e fetoa feela ke meru ea tropike. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba lemosa hore karolo ea 70 lekholong ea likorale tsohle tse teng lefatšeng e tla be e senyehile lilemong tse 20 ho ea ho tse 40 tse tlang, haeba batho ba sa khaotse ho silafatsa maoatle ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng, ha ho se na melao e laolang tsa bohahlauli ’me ba sa khaotse mekhoa e silafatsang joaloka ho sebelisa chefo ea cyanide ha ba tšoasa litlhapi.
Mefuta e 70 ea likorale tse nang le likhetla, e 36 ea tse se nang tsona hammoho le mefuta e 500 ea litlhapi e ’nile ea bonoa Sebakeng se Sirelelitsoeng sa Mopopotlo oa Likorale oa Belize. Ke sebaka seo ho sona ho phelang liphoofolo tsa leoatleng tse kotsing ea ho timela, tse kang likolopata tsa mefuta e sa tšoaneng hammoho le li-manatee le likoena tsa Amerika. Ha a hlalosa mefuta-futa e tsotehang ea lintho tse phelang metsing sebakeng sena, Julianne Robinson, eo e leng mofuputsi oa mepopotlo ea likorale, o re: “Sebaka se Sirelelitsoeng sa Mopopotlo oa Likorale oa Belize se fana ka menyetla e mengata e ikhethang bakeng sa batho ba etsang liphuputso le ba etileng. . . . Ke se seng sa libaka tse ’maloa tse setseng moo u ka bonang lintho tsa tlhaho boemong ba tsona ba tlhaho, leha ho le joalo, lintho tsena li kotsing.”
Ho ka etsahala hore ntho e ka sehloohong e sokelang mopopotlo oa likorale oa Belize ke ho soeufala ha mebala-bala ea likorale. (Bona lebokose le leqepheng la 26.) National Geographic News e tlaleha hore ha ho ne ho otla Leholiotsoana Mitch, ka nako eona eo, likorale tse ngata li ile tsa soeufala ka 1997 le 1998 e leng ho ileng ha fokotsa tse phelang ka karolo ea 48 lekholong. Tšenyo ee e ne e bakiloe ke eng? Le hoja lipatlisiso li ntse li tsoela pele, setsebi sa saese ea mafika, Melanie McField, se re: “Ho soeufala hona ha likorale ho amana haholo le ho phahama ha mocheso leoatleng. . . . Khanya ea mahlaseli a kotsi le eona e baka ho soeufala, ’me ha e kopana le ho phahama ha mocheso leoatleng, likorale li soeufala le ho feta.” Leha ho le joalo, ho thabisang ke hore mopopotlo oa Belize o ea o ntse o ntlafala butle-butle.a
Paradeise ka Tlas’a Metsi
Metsi a hlakileng a mopopotlong oa Belize, a futhumetseng ka likhato tse 26 tsa Celsius, a ratoa haholo ke liqoeli le ba sesang ba kentse lipeipi tse ba thusang ho hema. Karolo ea 90 lekholong ea mopopotlo ona ke hona e tla hlahlojoa. O bohōle ba limithara tse makholo a ’maloa feela ho tloha San Pedro e Sehlekehlekeng sa Ambergris, ’me o keneha habonolo le moo. Lik’hilomithara tse tšeletseng ka boroa-bochabela ho San Pedro ke Hol Chan Marine Reserve, sebaka se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse robeli metsing a sa tebang hakaalo se nang le lekhalo mopopotlong.
Se seng sa libaka tse tsotehang lefatšeng seo batho ba ka qoelang ho sona ke Blue Hole, sebaka se sirelelitsoeng seo e leng se seng sa Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng, se lik’hilomithara tse ka bang 100 ho tloha sebakeng se ommeng Belize se Mopopotlong oa Lighthouse. Se ile sa tumisoa ke setsebi sa leoatle sa Mofora, Jacques-Yves Cousteau, nakong eo se neng se le lipatlisisong ka sekepe sa Calypso. Blue Hole e leoatleng le nang le metsi a boputsoa bo botalana, ke koeetsa e lejoeng la mokoetla le boputsoa bo loileng, eo molomong oa eona e leng selikalikoe sa likorale tse phelang. Bophara ba eona ke limithara tse 300 ’me ho ea tlaase ke limithara tse fetang tse 120. Pele metsi a leoatle a phahama, sebaka sena se hlollang sa tlhaho e ne e le lehaha le ka tlas’a lefatše, leo hamorao bokaholimo ba lona bo ileng ba hohlomela. Mabota a lona a botebo ba limithara tse ka bang 35, ’me a entse libōpeho tsa mefuta tse kang mafika tse leketletseng fatše. Ha motho a qamaka hohle ka tlas’a metsi ke botle bo hlollang, ’me motho a ka bona lintho ho ea bohōle ba limithara tse 60. Ho na le liphoofolo tse ’maloa tse phelang metsing ana ntle ho lishaka. Ba qoelelang tlaase ka meqongoana ea oksijene ba lokela ho lemoha hore mona khatello e matla haholo ka metsing, ka hona ba se nang phihlelo ha baa lokela ho qoela mona. Leha ho le joalo, ho na le sebaka se setle sa ba sesang ba kentse lipeipi tse ba thusang ho hema metsing a hloekileng sebakeng sena sa likorale.
Haufi le moo ho na le sebaka se seng sa tse supileng tseo e leng Tsa Bohlokoahali Lefatšeng, e leng Sehlekehleke sa Half Moon, sehlekehleke se botle bo hlollang se sirelelitseng linonyana tsa metsing tse menoto e mefubelu tse sa tloaelehang. Ho ’nile ha tlalehoa mefuta e meng e 98 ea linonyana sebakeng sena. Ho qoelela tlaase le ho sesa motho a iphaphathile ka lebōpo la Sehlekehleke sa Half Moon, se koahetsoeng ke likorale tse ntle tse se nang khetla, ’me se le botebo ba limithara tse sekete, ke ntho e ntle ka tsela e hlollang.
Joalokaha re bone ka leeto lena le lekhutšoaane la Mopopotlo oa Likorale Tsa Leoatle oa Belize ho na le lebaka le utloahalang la ho sireletsa letlotlo lena hore meloko e tlang e tl’o hlolloa ke lona. Ho lahleheloa ke lona ruri e ka ba “ho futsanehisa lefa la lichaba tsohle tsa lefatše ka tsela e mpehali.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong ha ho se sekaalo seo baahi ba moo ba ka se etsang ka taba ea ho futhumala ha lefatše ho phahamisang mocheso oa metsi a leoatle, empa ho kenngoa ha mopopotlo ona lethathamong la Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng ho khothallelitse batho ba Belize hore ba chesehele ho sireletsa sebaka sena le ho feta.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho Soeufala ha Likorale
Mopopotlo ke lebota la lintho tse phelang le hahiloeng ke lihlopha tsa liphoofolo tse jang tse ling tse bitsoang coral polyps, tse nang le khetla ea calcuim carbonate, kapa mokoetla. Likorale tse phelang li hahela ’meleng ea tse shoeleng. Bolele bo sa bonahaleng (zooxanthellas) bo phela ’meleng ea likorale ’me ka bobeli lia thusana, bolele bo fana ka oksijene le limatlafatsi tseo likorale li li sebelisang, ebe tsona li fana ka carbon dioxide eo bolele bo e monyang. Kaha likorale li boi ha ho e-ba le phetoho e itseng metsing, ha mocheso o phahama li hlohlora bolele, ’me ebe li lahleheloa ke ’mala o motala, e leng ho etsang hore li qetelle li soeufetse. Ha li le boemong bona ba ho fokola, likorale li ka hlaseloa ke maloetse habonolo le ho shoa. Leha ho le joalo, mepopotlo ea likorale ea itoanela ’me e ka hlaphoheloa haeba e sireletsoa.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Background: Copyright © 2006 Tony Rath Photography - www.trphoto.com
[’Mapa o leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Mexico
BELIZE
Leoatle la Caribbean
Leoatle la Pacific
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Setšoantšo sa sathalaete sa Belize se bontšang mopopotlo oa lik’hilomithara tse 300
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Sehlekehleke sa Rendezvous
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
©kevinschafer.com
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Sekolopata
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
“Blue Hole” Mopopotlong oa Lighthouse, e bakiloeng ke ho hohlomela ha lejoe la mokoetla le neng le entse lehaha
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
©kevinschafer.com
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mopopotlo oa Likorale Tsa Leoatle oa Belize ke lehae la mefuta e 500 ea litlhapi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Inset: © Paul Gallaher/Index Stock Imagery
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 23]
Satellite view: NASA/The Visible Earth (http://visibleearth.nasa.gov/); divers: © Paul Duda/Photo Researchers, Inc.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Copyright © Brandon Cole