Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/07 maq. 21-23
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Mathata a Sephethephethe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Sebetsanang le Mathata a Sephethephethe
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Etsang Hore ho be Thata ho Rarolla Mathata a Sephethephethe
  • Tse Ling Tsa Lintho Tse ka Bebofatsang Bothata
  • Uena U ka Etsa’ng?
  • Likokoanyana li Tsamaea Joang ka Tsela e Hlophisehileng?
    Na e Entsoe?
  • Ho Laola Sephethephethe sa Lifofane—Ho U Sireletsa Joang?
    Tsoha!—2008
  • Metse e Meholo—Ke Hobane’ng ha e le Maqakabetsing?
    Tsoha!—2001
  • Ho Khanna ka Polokeho—Ho Hlokahala ka ho Potlakileng
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 2/07 maq. 21-23

Kamoo U ka Sebetsanang le Mathata a Sephethephethe

KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN

U TŠOANETSE ho ea bonana le ngaka ka nako e itseng, ka hona u tloha hae u ipolella hore nako e sa le ngata, u tla fihla pele ho nako. Empa u ne u sa nahane hore u ka ’na ua thulana le tšubuhlellano ea sephethephethe. Ha metsotso e ntse e feta ’me koloi ea hao e phecha le tse ling, u qala ho ferekana. Qetellong, u fihla ngakeng halofo ea hora ka mor’a nako eo u neng u e behetsoe.

E ’ngoe ea lintho tse tenang ka ho fetisisa bophelong ba metse ea litoropo ke sephethephethe, haholo-holo sa likoloi tse tsamaeang butle tse koetseng litsela ’me li ntse li silafatsa moea. Ka bomalimabe, ha ho bonahale eka pharela ena e tobaneng le baahi ba limilione ba metse ea litoropong e tla fela.

Mokhatlo oa Lipalangoang oa Texas o ile oa tlaleha tjena ka United States: “Libakeng tsena kaofela ho na le tšubuhlellano e khōlō ea sephethephethe.” Tlaleho eo e ile ea phaella ka hore ba boholong ba sitoa ho tla ka tharollo e loketseng litlhokong tse ntseng li eketseha tsa ba sebelisang lipalangoang metseng ea litoropo. Boemo boa tšoana hohle lefatšeng. Bo-ramakoloi ba likete tse ’maloa Chaena ba sa tsoa iphumana ba tšoeroe ke sephethephethe se neng se le bolelele ba lik’hilomithara tse 100, se ileng sa nka mapolesa matsatsi a ’maloa hore a se rarolle. Mexico City teng, leeto la lik’hilomithara tse 20 ho kena ka har’a toropo le ka nka lihora tse fetang tse ’nè—e leng nako e telele ho feta eo motho a ka e nkang a tsamaea ka maoto.

Ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha litsela tsa litoropong li pepeteha. Metse ea litoropo e ntse e hōla ho ea pele, ’me hona joale hoo e ka bang halofo ea baahi ba lefatše e lula metseng ea litoropo. Ha metse ena e hōla, le palo ea likoloi ea eketseha. Sengoli se seng se behile taba tjena: “Batho ba bangata ba na le likoloi tse ngata, ’me kaofela ba batla ho li khanna sebakeng se patisaneng.”

Se Etsang Hore ho be Thata ho Rarolla Mathata a Sephethephethe

Ho itšetleha ha batho ka ho sebelisa likoloi ho bolela ho ba le likoloi tse eketsehileng metseng ea litoropo. Motse oa Los Angeles, United States, o na le baahi ba ka bang limilione tse ’nè ’me hona joale o na le likoloi tse ngata ho feta batho! E ka ’na eaba metse e meng ha e-s’o fihle bohōleng boo, empa ke e ’maloa e ka sebetsanang ka katleho le sekhahla seo likoloi li eketsehang ka sona. Carlos Guzmán, mopresidente oa Komisi ea Metse ea Litoropo Madrid, o re: “Metse e ne e sa ralloa likoloi.” Metse ea boholo-holo e nang le litsela tse patisaneng e bothateng le ho feta, empa esita le litoropong tse khōlō kajeno, litsela tse bulehileng li pepeteha ka potlako, haholo-holo lihoreng tsa hoseng le tsa mantsiboea tsa tšubuhlellano ea sephethephethe. Dr. Jean-Paul Rodrigue tlalehong ea hae e buang ka “Mathata a Sephethephethe Litoropong” o re: “Litoropo tse khōlō hona joale li lula li e-na le sephethephethe hoo e batlang e le ka linako tsohle, ’me tšubuhlellano e ntse e eketseha.”

Kaha likoloi li rekoa ka potlako ho feta kamoo mebuso e etsang mebila e meholo kateng, ho eketseha ha likoloi ho ka etsa hore esita le litsela tse neng li raliloe hantle li be le tšubuhlellano. Buka e reng Stuck in Traffic—Coping With Peak-Hour Traffic Congestion, ea hlalosa: “Qetellong, ho etsa litsela tse ncha kapa ho atolosa tse seng li ntse li le teng ha ho fokotse hakaalo sepenya sa sephethephethe lihoreng tsa tšubuhlellano ea sephethephethe.”

Ho haella ha libaka tsa ho paka makoloi le hona ho baka tšubuhlellano. Ka linako tse ling likoloi tse ngata li ka pota-pota le literata toropong li batla feela moo li ka pakang teng. Ho hakanngoa hore tšilafalo eo sephethephethe sa likoloi se e bakang moeeng—haholo-holo metseng e meholo—e bolaea batho ba ka bang 400 000 selemo le selemo. Ho latela tlaleho e ’ngoe, moea o literateng tsa motse oa Milan, Italy, o silafetse hoo ha motho a qeta letsatsi a o hema, ho tšoanang le ha a tsubile lisakerete tse 15.

Phello e ’ngoe e mpe e bakoang ke tšubuhlellano ea sephethephethe ke lihora tse senyehang le khatello eo bakhanni ba bang le eona kelellong. Ho thata ho lekanyetsa phello e mpe e bang teng maikutlong, empa tabeng ea moruo phuputso e ’ngoe United States e ile ea fumana hore litšenyehelo tse bakoang ke tšubuhlellano ea sephethephethe metseng e meholohali e 75 e ja liranta tse limilione tse likete tse 500 ka selemo. Na ho na le se ka etsoang ho rarolla bothata boo?

Tse Ling Tsa Lintho Tse ka Bebofatsang Bothata

Metse e meng e se e nkile khato e matla. Singapore, e leng se seng sa libaka tse nang le likoloi tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng, e lekanyetsa palo ea likoloi tseo bareki ba ka li rekang. Metse e meng e tummeng historing, ho akarelletsa le e ’maloa Italy, le eona e thibetse likoloi ho kena ka har’a toropo lihoreng tse ngata tsa letsatsi.

Tharollo e ’ngoe e buelloang metseng e meng ke ea “ho lefisa likoloi,” ho bolelang hore bakhanni ba lokela ho lefella ho kena ka har’a toropo. London mokhoa ona o khonne ho fokotsa nako e etsang karolo ea 30 lekholong e neng e senngoa ke tšubuhlellano ea sephethephethe, ’me metse e meng e meholo ho bonahala e ikemiselitse ho latela. Libakeng tse ling tse kang Mexico City, Mexico, teng likoloi li lumelloa ho kena ka har’a toropo ka matsatsi a itseng feela, ho latela linomoro-polata tsa tsona.

Ba boholong metseng e meholo ba boetse ba sebelisitse chelete e ngata ho ntlafatsa lipalangoang tsa sechaba, ho ntlafatsa mebila e meholo le ho etsa mebila e meholo e potang ka thōko ho toropo. Ba sebelisa k’homphieutha ho laola liroboto le ho bolella mapolesa hore a ee sebakeng seo likotsi li etsahetseng ho sona ho ea fasolla tšubuhlellano ka potlako. Litsela tse khethehileng bakeng sa libese le tse koaloang le ho buloa ho latela boemo ba sephethephethe le tsona li thusa ho fokotsa tšubuhlellano. Empa katleho e ntse e itšetlehile haholo ka tšebelisano ea baahi.

Uena U ka Etsa’ng?

Jesu Kreste o itse u lokela ho “etsa ba bang seo le uena u batlang hore ba u etse sona.” (Matheu 7:12, Today’s English Version) Keletso ena e bohlale e ka thusa ho fokotsa a mang a mathata a mpefatsang boemo ba sephethephethe. Empa haeba motho e mong le e mong a nahanne feela ka boiketlo ba hae, esita le boiteko bo botle ka ho fetisisa bo ke ke ba atleha. Tse latelang ke litlhahiso tse ka u thusang hore u sebetsane hantle le tšubuhlellano ea sephethephethe motseng oa heno.

Ha motho a sa ee hōle, ho ka ba molemo ho tsamaea ka maoto kapa ka baesekele. Hangata hoo ho ka ’na ha mo fihlisa kapele moo a eang, ha mo nolofalletsa lintho le ho etsa hore a phele hantle ’meleng. Bakeng sa maeto a maleletsana, ho ka ba molemo ho sebelisa sepalangoang sa sechaba. Metse e mengata e leka ho ntlafatsa tsamaiso ea libese, ea literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše le tse tsamaeang ka holimo, e le ho hohela batho hore ba tlohele ho sebelisa likoloi tsa bona. Ho sebelisa lipalangoang tsena ho ka boela ha bolela ho boloka chelete e itseng. Le haeba u ka tlameha ho tsamaea ka koloi sebaka se itseng, u ka ’na ua sebelisa sepalangoang sa sechaba hore u kene ka har’a toropo.

Haeba u tlameha ho tsamaea ka koloi, nahana hore na ebe ha ho ba bang ba nang le likoloi bao u ka tsamaisanang le bona. Ona ke o mong oa mekhoa e sebetsang haholo ho fokotsa tšubuhlellano ea hoseng le ea mantsiboea. United States, basebetsi ba etsang karolo ea 88 lekholong ba sebelisa likoloi, ’me ba babeli ho ba bararo ba batho bana ba tsamaea ba le bang. Buka e reng Stuck in Traffic e re ho kholisa batho ba bangata hore ba tsamaee hammoho ha ba e-ea mosebetsing, ho ka “ntlafatsa boemo le ho fokotsa tšubuhlellano ea lihoreng tsa hoseng le tsa mantsiboea.” Ho feta moo, libakeng tse ngata ho na le litsela tseo ka ho khetheha li reretsoeng hore ho tsamaee likoloi tse mathang ka lebelo tse nang le batho ba babeli kapa ba fetang moo. Likoloi tse nang le mokhanni feela ha lia lumelloa ho tsamaea litseleng tsena.

Haeba u lokolohile ho ikhethela nako ea ho tsamaea, leka ho qoba ho tsamaea lihoreng tsa tšubuhlellano ea sephethephethe. Sena se tla u nolofalletsa leeto, se be se nolofaletse le bakhanni ba bang. Hape haeba u paka koloi ea hao hantle, e ke ke ea sitisa tse ling ho feta ka bolokolohi. Esita le ha lintho li hlophisitsoe hantle, ha ho bolele hore joang kapa joang u ke ke ua tšoaroa ke tšubuhlellano ea sephethephethe. Ha u le ho sona, ho ba le boikutlo bo nepahetseng ho ka etsa ho hoholo ho fokotsa pherekano.—Bona lebokose.

Ho hlakile hore u tla phela le tšubuhlellano ea sephethephethe haeba u lula motseng o moholo oa litoropo. Leha ho le joalo, haeba uena u nka mehato e bontšang ho ba le boikarabelo ’me u ba ea nahanelang bakhanni ba bang le ho se ba felle pelo, u ka ithuta ho sebetsana hantle le mathata a sephethephethe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho Khoba Matšoafo Moferefereng oa Sephethephethe

Jaime, mokhanni oa tekesi Madrid, Spain, o ’nile a sebetsana le tšubuhlellano ea sephethephethe ka lilemo tse fetang tse 30. O hlalosa kamoo a eeng a khobe matšoafo kateng moferefereng oa sephethephethe:

◼ Ke nka ntho e itseng eo nka e balang. Nakong eo makoloi a emeng tsi!, ha ke lubehe.

◼ Nakong eo makoloi a ntseng a phecha, ke mamela litaba kapa ’malo o rekotiloeng oa Bibele. Ka tsela ena ke ba le ntho e ’ngoe eo nka nahanang ka eona ho e-na le ho nahana ka sephethephethe.

◼ Ke ipehetse molao oa ho se letse hutara kaha ha e thuse ka letho haese ho tšoenya ba bang feela. Ke qoba ho hatelleha maikutlong ka ho bontša ho nahanela bakhanni ba bang ’me ka tsela eo ke ba thusa hore le bona ba etse se tšoanang.

◼ Ke leka ho khoba matšoafo ha ke kopana le bakhanni ba mabifi, ’me ke khannela hōjana le bona. Ha ho na ho hong ho ka sebetsang haese mamello feela.

◼ Le hoja ke leka ho fumana litsela tse se nang tšubuhlellano, ke bolella batho bao ke ba khannelang hore ka linako tse ling tšubuhlellano ea sephethephethe e tla etsa hore ba be morao nakong. Ha ho bonolo ho ba nakong ha motho a khanna ka har’a toropo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela