Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/07 maq. 28-30
  • Bosodoma—Nka bo Qoba Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bosodoma—Nka bo Qoba Joang?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Nka Bosodoma Joang?
  • Hana Mekhoa e Fosahetseng
  • U se ke ua Tela!
  • Nka Qoba Bosodoma Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Hlalosa Pono ea Bibele Joang ka Bosodoma?
    Tsoha!—2010
  • Bibele e Re’ng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tšoanang ba Ratana?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 2/07 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Bosodoma—Nka bo Qoba Joang?

“Ha ke le lilemo li 12, ke ile ka khahloa ke ngoanana e mong sekolong. Ke ne ke ferekane ’me ke tšoenyehile hore e se ke eaba ke mosodoma.”—Anna.a

“Ha ke sa le lilemong tse ka tlaase ho tse 20, ke ile ka loana le maikutlo a ho khahloa ke banna ba bang. Tlaase botebong ba pelo ke ne ke tseba hore mehopolo e joalo e ne e se ea tlhaho.”—Olef.

“’Na le motsoalle oa ka oa ngoanana re kile ra sunana ka makhetlo a seng makae. Kaha ke ne ke ntse ke khahloa ke bashanyana, ke ile ka ipotsa hore na ebe seo ha se bolele hore mohlomong ke rata ba batona le ba batšehali ka ho lekana na.”—Sarah.

HO LUMELLA maikutlo a sa tšoaneng ho atileng kajeno ho entse hore bacha ba bangata ba kopetse kamanong ea ho ratana le motho oa bong bo tšoanang le ba bona. Becky ea lilemo li 15 o re: “Banana ba bangata sekolong seo ke kenang ho sona ba re bona ke basodoma, kapa ba rata ba batona le ba batšehali ka ho lekana, kapa ba bohelehele ho tseba hore na ho joang ho ratana le ba batona le ba batšehali.” Christa ea lilemo li 18 le eena o re boemo boa tšoana le sekolong seo a kenang ho sona. O re: “Ha e le hantle, ke se ke ile ka ferehoa ke banana ba babeli. E mong o kile a ’ngolla a mpotsa hore na ha ke batle ho tseba hore na ho joang ho robala le ngoanana e mong.”

Kaha joale likamano tsa batho ba bong bo le bong e se e se ntho e patoang, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na bosodoma bo hlile bo bobe? Ho thoe’ng haeba ke khahloa ke motho oa bong ba ka? Na seo se bolela hore ke mosodoma?’

Molimo o Nka Bosodoma Joang?

Kajeno, batho ba bangata—esita le baruti ba bang—ba bebofatsa taba ea bosodoma. Leha ho le joalo, Bibele eona e hlakile tabeng ena. E re bolella hore Molimo o entse monna le mosali le hore o ne a rerile hore takatso ea ho kopanela liphate e khotsofatsoe ke monna le mosali lenyalong feela. (Genese 1:27, 28; 2:24) Ka hona, ha ho makatse hore ebe Bibele e nyatsa liketso tsa bosodoma.—Baroma 1:26, 27.

Ke ’nete hore ba bangata ba tla re Bibele e feletsoe ke nako. Ka mohlala, Megan ea lilemo li 14 o re: “Tse ling tsa lintho tseo Bibele e buang ka tsona ha li sa sebetsa mehleng ena.” Empa ke hobane’ng ha ba bang ba potlakela ho bua joalo? Hangata ke hobane maikutlo a Bibele a fapana le a bona. Ba hana Lentsoe la Molimo hobane le ruta ntho e fapaneng le eo bona ba batlang ho e lumela. Leha ho le joalo, pono eo e fosahetse ’me Bibele e re khothalletsa hore re hlōle maikutlo ao a bontšang ho se nahane ka ho teba! Ha e le hantle, Lentsoeng la hae Jehova Molimo o re khothalletsa hore re nahane ka taba ea hore litaelo tseo a faneng ka tsona li molemong oa rōna. (Esaia 48:17, 18) Seo sea utloahala. Etsoe ha e le hantle ke mang ea tsebang mokhoa oo re entsoeng ka oona ho feta ’Mōpi oa rōna?

Kaha u sa le mocha, u ka ’na ua tleloa ke maikutlo a fapa-fapaneng. Ho thoe’ng haeba u khahloa ke motho oa bong bo tšoanang le ba hao? Na see se bolela hore joang kapa joang u mosodoma? Che. Hopola hore u sa le ‘paleseng ea bocha,’ nako eo ka eona ho iketsahallang feela hore u tsoheloe ke takatso ea ho kopanela liphate. (1 Bakorinthe 7:36) Ka nako e itseng u ka ’na ua thahasella motho oa bong ba hao. Empa ho ba le maikutlo ao ha ho bolele hore u mosodoma. Ha e le hantle, lipalo-palo li bontša hore maikutlo a joalo a atisa ho fela qetellong. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Maikutlo aa a qala joang?’

Ba bang ba re bosodoma ke ntho e tsamaeang le liphatsa tsa lefutso. Ba bang ba re ke ntho eo motho a e hlaolelang. Sepheo sa sehlooho sena ha se ho tšohla taba ea hore na ke “boikutlo ba tlhaho kapa bo hlaoleloang” na. Ka sebele ho bonahala e ne e tla ba ho bebofatsa taba haholo ho nka hore bosodoma bo bakoa ke ntho e le ’ngoe. Ho bonahala bosodoma—ho tšoana le mekhoa e meng ea boitšoaro—e le taba e rarahaneng ho feta eo.

Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke sefe, ntho ea bohlokoa e lokelang ho lemohuoa ke hore Bibele e nyatsa liketso tsa bosodoma. Ka hona, motho ea loantšanang le takatso ea ho kopanela liphate le motho oa bong ba hae a ka ipehela pakane eo a ka e finyellang—a ka khetha ho se latele takatso eo. Ho etsa mohlala: Motho e ka ’na ea e-ba “ea ratang ho halefa.” (Liproverbia 29:22) Nakong e fetileng, e ka ’na eaba o ile a itlohella hore a tlale bohale. Leha ho le joalo, ka mor’a ho ithuta Bibele a hlokomela hore ho hlokahala hore a hlaolele ho ithiba. Na see se bolela hore a ke ke a hlola a halefa? Che. Leha ho le joalo, kaha o tseba seo Bibele e se buang ka bohale bo sa laoleheng, oa ithiba hore a se ke a hlōloa ke maikutlo. Hoa tšoana le ka motho ea kileng a khahloa ke batho ba bong ba hae empa hona joale a se a ithutile hore Bibele e re’ng ka mekhoa ea bosodoma. Ka linako tse ling, takatso e fosahetseng e ntse e ka ba teng. Empa ha motho a mamela keletso ea Bibele, a ka qoba ho latela takatso eo ea hae.

Ke ’nete hore ho lakatsa ho kopanela liphate le motho oa bong bo tšoanang le ba hao ho ka ’na ha e-ba matla. Leha ho le joalo, kholiseha hore esita le litakatso tse mpe tse metseng ka metso li ka hlōloa. (1 Bakorinthe 9:27; Baefese 4:22-24) Qetellong, ke uena ea laolang tsela eo u phelang ka eona. (Matheu 7:13, 14; Baroma 12:1, 2) ’Me ho sa tsotellehe hore na batho ba bua se fapaneng le seo hakae, u ka ithuta ho laola maikutlo a hao—kapa bonyane ua qoba ho etsa lintho ho latela maikutlo ao.

Hana Mekhoa e Fosahetseng

U ka ithiba joang hore u se kenelle liketsong tsa bosodoma?

◼ Ntlha ea Pele Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho Jehova thapelong, u kholisehile hore ‘oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7; Pesaleme ea 55:22) Jehova a ka u matlafatsa ka khotso e “fetang monahano oohle.” Sena se ka ‘lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello’ ’me sa u fa “matla a fetang se tloaelehileng” hore u qobe ho etsa se fosahetseng. (Bafilipi 4:7; 2 Bakorinthe 4:7) Sarah, ea neng a khathatsoa ke maikutlo a hore e se ke eaba o rata ba batona le ba batšehali ka ho lekana, o re: “Nako le nako ha maikutlo ao a nkhathatsa, kea rapela; ’me Jehova oa ’matlafatsa. Ntle le thuso ea hae, nka be ke sa khone ho sebetsana le bothata bona. Thapelo ke eona e nthusang haholo!”—Pesaleme ea 94:18, 19; Baefese 3:20.

◼ Ntlha ea Bobeli Lula u nahana ka lintho tse hahang tsa moea. (Bafilipi 4:8) Bala Bibele kamehla. Le ka mohla u se ke ua halala matla a eona a ho susumelletsa kelello le pelo ea hao botleng. (Baheberu 4:12) Mohlankana e mong ea bitsoang Jason o re: “Bibele—ho akarelletsa mangolo a kang la 1 Bakorinthe 6:9, 10 le Baefese 5:3—e nkamme ka tsela e matla haholo. Ke bala mangolo ana neng le neng ha takatso e fosahetseng e fihla.”

◼ Ntlha ea Boraro Qoba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le boitsebiso leha e le bofe bo buellang bosodoma, kaha tsona li tla beseletsa menahano e fosahetseng.b (Pesaleme ea 119:37; Bakolose 3:5, 6) Libaesekopo tse ling le mananeo a thelevishene le tsona li khothalletsa maikutlo a hore bosodoma e mpa e le e ’ngoe feela ea litsela tseo motho a ka khethang ho phela ka eona. Anna o re: “Maikutlo a sothehileng a lefatše a ile a ama tsela eo ke nahanang ka eona ’me a mpherekanya le ho feta tabeng ea botona le botšehali. Hona joale ke baleha ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ea buellang bosodoma.—Liproverbia 13:20.

◼ Ntlha ea Bone Batla motho eo u ka mo phetlelang sefuba ’me u mo bolelle maikutlo a hao. (Liproverbia 23:26; 31:26; 2 Timothea 1:1, 2; 3:10) Olef, ea ileng a batla thuso ho moholo oa Mokreste, oa hopola: “Keletso ea hae e ile ea sebetsa haholo. Ke lakatsa eka nka be ke ile ka bua le eena khale.”

U se ke ua Tela!

Ke ’nete hore ba bang ba tla re ho etsa sena ke ho hamela letanteng, ho molemo hore u mpe u ikamohele kamoo u leng kateng. Empa Bibele eona e re u ka etsa se molemo ho feta seo! Ka mohlala, e re bolella hore Bakreste ba bang ba pele bao e neng e kile ea e-ba basodoma ba ile ba fetoha. (1 Bakorinthe 6:9-11) Le uena u ka hlōla ntoeng ena—esita le haeba hona joale e ntse e kupa ka pelong feela.

Haeba takatso eo e ntse e phehella, u se ke ua tela kapa ua etsa qeto ea hore u ke ke ua hlola u loka le khale. (Baheberu 12:12, 13) Kaofela ha rōna re loana le ho sekamela ho etsa se fosahetseng nako le nako. (Baroma 3:23; 7:21-23) Haeba u hana ho latela takatso e fosahetseng, ka mor’a nako e ka ’na ea kokobela. (Bakolose 3:5-8) Ka holim’a tsohle, itšetlehe ka Jehova hore a u thuse. Oa u rata ’me oa tseba hore na ke eng e tla u fa thabo. (Esaia 41:10) E, “tšepa Jehova ’me u etse se molemo . . . , o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.”—Pesaleme ea 37:3, 4.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

b Mokhoa o mong oa bophelo o ntseng o kekela ke oa banna ba lebisang thahasello e feteletseng ponahalong ea bona, ’me sena se entse hore ho se hlole ho e-ba le lekhalo le lekaalo pakeng tsa basodoma le batho bao e seng basodoma. Ho latela mohloli o mong oa boitsebiso, monna oa mofuta ona e ka ’na ea e-ba mosodoma ka ho feletseng, ea se ke ea e-ba mosodoma kapa a rata ba batona le ba batšehali ka ho lekana, empa sena ha se sa bohlokoa hakaalo kaha ho hlakile hore o ithata ka tsela e khethehileng ’me o thabisoa ke seo a ikhethelang sona tabeng ea botona kapa botšehali.” Encyclopedia e ’ngoe e re mokhoa ona o atile haholo “ka mor’a hore ho be le banna ba bangata ba basodoma sechabeng, hammoho le ho fokotseha ha sekhobo sa ho ba mosodoma le ho fetoha ha maikutlo tabeng ea hore na monna oa sebele ke ea joang.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke hobane’ng ha Molimo a nyatsa bosodoma?

◼ U ka etsa eng haeba u loantšana le maikutlo a ho khahlehela ba bong ba hao?

◼ U ka phetlela mang sefuba haeba u loana le maikutlo a ho ba mosodoma?

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Batla tšehetso ea Mokreste ea hōlileng lilemong le tsebong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela