Ke Khethile Mosebetsi o Nepahetseng
Joalokaha ho Boletse Sonia Acuña Quevedo
Ke ile ka tšepisoa hore ke tla nyolloa mosebetsing bankeng. E ne e le mosebetsi o phahameng o bileng o lefang chelete e ngata. Leha ho le joalo, ke ne ke sa tsoa memeloa ho ea sebeletsa phuthehong e hojana ke le mosebeletsi oa pula-maliboho oa kamehla. Ha ke hetla morao ka mor’a lilemo tse 32, kea tseba hore ke khethile tsela e bohlale.
’MÈ O hōlisitsoe e le Moroma oa kereke e K’hatholike empa o ne a e-na le khoao ka lithuto tsa kereke. O ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha litšoantšo—tse entsoeng ke batho ka matsoho—li hlomphuoa li bile li rapeloa? O ne a nka ’nete ea bolumeli e le ntho ea bohlokoa, ka lebaka leo o ne a tsoa kerekeng e ’ngoe a ea ho ’ngoe a ntse a batla likarabo empa ha aa ka a atleha.
Ka letsatsi le leng o ne a lutse ka pel’a ntlo ea lapeng Tuxtla, Mexico, a ntse a hahloa ke moea ha e mong oa Lipaki Tsa Jehova a fihla ho eena. A khahliloe ke likarabo tsa hae tse tsoang Bibeleng, o ile a lumela hore a mo etele hape. Ha a khutla, ’Mè o ne a mo letetse a e-na le moruti oa kereke ea Sabatha, oa kereke e K’hatholike, le oa kereke ea Nazarene. O ile a botsa potso ka Sabatha ’me ke Paki feela e ileng ea mo fa karabo e khotsofatsang e thehiloeng Mangolong. Ha e le hantle, ke eona feela e neng e tšoere Bibele! O ile a kolobetsoa hore e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka 1956, ka mor’a hore a ithute Bibele ka likhoeli tse tšeletseng feela. Ke ne ke le lilemo li robeli.
Mabaka a Utloahalang ao ka ’Ona Ntate a Neng a Khathatsehile
Ntate o ne a se khahlanong le ha ’Mè a ithuta Bibele. Empa eitse ha a qala ho re ruta—re le bana ba bane, bashanyana ba babeli le banana ba babeli—a bile a ea libokeng tsa Bokreste, Ntate o ile a qala ho senya libuka tsa hae. Kaha o ne a kholisehile hore rea khelosoa, o ile a leka ho sebelisa Bibele ea K’hatholike ho paka hore Lipaki li ne li kentse lebitso la Molimo—Jehova—ka bolotsana phetolelong ea tsona. Ha ’Mè a mo bontša lona lebitso leo ka Bibeleng ea hae, o ile a makala haholo ’me maikutlo a hae ka Lipaki a ile a qala ho fetoha.—Pesaleme ea 83:18.
Mexico, ha ngoanana a qeta selemo sa bo15 eo ke ketsahalo ea bohlokoa haholo. Kaha ho keteka matsatsi a tsoalo ha hoa thehoa Mangolong, ke ne ke se ke khaolitse ho keteka letsatsi la ka la tsoalo.a Empa Ntate o ile a tsitlella hore o batla ho nketsetsa ntho e khethehileng. Ke ile ka nahana ka taba ena eaba ke re, “Ke batla hore uena u be mpho ea ka ka hore u ee le ’na kopanong e hlahlamang ea Lipaki Tsa Jehova.” O ile a lumela ’me thahasello ea hae Bibeleng e ile ea ’na ea hōla.
Bosiung bo bong, ka mor’a sefefo se matla, Ntate o ile a thetsa thapo ea motlakase e neng e oele fatše eaba e mo ntša likotsi tse mpe. Ha a ntse a hlaphoheloa sepetlele, Lipaki tsa moo li ile tsa mo hlokomela bosiu le motšehare—’me ena e ile ea e-ba pontšo ea lerato la Bokreste eo a neng a ke ke a hlola a e lebala. Hamorao o ile a qala ho kopanela mosebetsing oa boboleli ’me a inehela ho Jehova. Ka masoabi, o ile a hlokahala ka la 30 September, 1975, khoeli pele a kolobetsoa. Re lebeletse ka tjantjello e khōlō ho mo amohela ka liatla tse peli ha a tsosoa!—Liketso 24:15.
Tšusumetso e Ntle ea Lelapa
Haesale ausi oa ka Carmen a rata tšebeletso ea nako e tletseng haholo. Nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe ka 1967, e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla, a qeta lihora tse ka bang 100 mosebetsing oa boboleli khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ka mor’a nako, o ile a fallela motseng oa Toluca, o Mexico bohareng. Ke ile ka fumana mosebetsi bankeng ’me ka kolobetsoa ka la 18 July, 1970.
Carmen o ne a thabela tšebeletso ea nako e tletseng haholo ’me o ile a nkhothalletsa hore ke tl’o sebetsa le eena Toluca. Ke ile ka nahana ka taba eo ka letsatsi le leng ha ke ne ke mametse puo e neng e bontša hore balateli ba Jesu ba lokela ho sebelisa matlotlo a bona a moea ho rorisa Molimo. (Matheu 25:14-30) Ke ile ka ipotsa, ‘Na ke sebetsa ka thata ho sebelisa matlotlo a moea ao ke a filoeng?’ Maikutlo a mofuta ona a ile a etsa hore ke be le takatso ea ho sebeletsa Jehova haholoanyane.
Ho Khetha Pakeng Tsa Lintho Tse Peli
Ka 1974, ke ile ka etsa kōpo ea ho ea sebeletsa ke le pula-maliboho tšimong e ’ngoe. Nakoana ka mor’a moo, ha ke le mosebetsing ke ile ka fumana mohala o tsoang ho moholo e mong oa Mokreste oa Toluca. O ile a re: “Esale re u emetse. Ha ua tla ke’ng?” Ke ile ka makala ha ke fumana hore ke ne ke khethiloe hore ke il’o sebeletsa Toluca ke le pula-maliboho ea khethehileng, empa ho bonahala eka lengolo la ka la kabelo le ne le lahlehile posong! (Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba lumela ho sebeletsa kamehla hohle moo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o reng ba sebeletse teng.)
Hang-hang ke ile ka tsebisa banka hore ke entse qeto ea ho tsamaea. Mookameli oa ka o ile a re, “Sonia, ak’u eme hanyenyane,” a ntse a tsoka leqetšoana la pampiri. “Re sa tsoa bolelloa hore u e mong oa basali ba supileng ba khethetsoeng hore e be batlatsi ba baokameli. K’hamphani ea rōna e qala ho khethela basali mosebetsing oa boemo boo. Na kannete u ka hana mosebetsi o joalo?” Joalokaha ho boletsoe qalong, mosebetsi ona o ne o tla bolela hore ke tla ba le botumo bo itseng ke be ke fumane moputso o hlamatsehang. Ho ntse ho le joalo, ke ile ka leboha mookameli oa ka ’me ka mo bolella hore ke ikemiselitse ho sebeletsa Molimo ka botlalo. O ile a re: “U ka ikela. Empa u hopole hore bankeng mona mamati a tla lula a butsoe haeba u batla mosebetsi.” Ka mor’a matsatsi a mabeli ke ile ka hata ke kena Toluca.
Ho ba Pula-maliboho ea Khethehileng Mexico
Ha ke ne ke fihla ho eena, Carmen o ne a se a sebelelitse e le pula-maliboho ea khethehileng Toluca lilemo tse peli. Re ile ra thaba hakaakang ha re boetse re le ’moho hape! Empa re ile ra ba ’moho ka nako e khutšoanyane feela. Ka mor’a likhoeli tse tharo ’Mè o ile a hlaheloa ke kotsi e ileng ea etsa hore a tlamehe ho hlokomelloa lapeng. Ka mor’a ho buisana le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, re ile ra lumellana hore Carmen a khutlele hae ho ea hlokomela ’Mè, ’me o ile a etsa joalo ka lilemo tse 17. Ka nako eo, Carmen o ne a sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla ’me o ne a kōpa batho bao a ithutang Bibele le bona hore ba tle lapeng ha ba tl’o ithuta e le hore a be haufi a tle a ’ne a thuse ’Mè.
Ka 1976, ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa Tecamachalco, e leng motse o neng o e-na le lintho tse sa tšoaneng—mafutsana a ne a lula lehlakoreng le leng la motse ha barui bona ba lula ho le leng. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le mosali-moholo e mong ea neng a sa ka a nyaloa ea neng a lula le khaitseli ea hae ea morui. Ha mosali-moholo eo a mo bolella hore o ne a batla ho ba Paki, o ile a mo tšosa ka hore o tla mo leleka lapeng. Leha ho le joalo, mosali enoa ea ikokobelitseng ha aa ka a tšosoa ke seo, ’me ka mor’a hore a kolobetsoe khaitseli ea hae e ile ea fela ea phethahatsa morero oa eona. Le hoja a ne a le lilemo li 86, o ne a tšepa Jehova ka botlalo. Phutheho e ile ea mo hlokomela ’me o ile a lula a tšepahala ho fihlela lefung.
Ho ea Sekolong sa Gileade, ke Ntoo Fetela Bolivia
Ke ile ka thabela lilemo tse monate tse hlano tseo ke li qetileng Tecamachalco. Joale ke ile ka fumana memo ea hore ke ee sekolong sa pele sa Gileade se Tšoareloang Linaheng Tse Ling se ileng sa tšoareloa Mexico. Joalokaha lebitso le bolela, ke sekolo se tšoanang le se tšoareloang New York. ’Mè le Carmen ba ile ba tsitlella hore ke amohele memo eo, ka lebaka leo ke ile ka kena tseleng ho ea ofising ea lekala e Mexico City thupelong ea libeke tse leshome, ’me ena e bile ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka ba moea. Sehlopha sa rōna se ile sa fumana mangolo ka la 1 February, 1981, ’me ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa La Paz, Bolivia, le Enriqueta Ayala (eo hona joale e seng e le Fernández).
Ha re fihla La Paz, barab’abo rōna ba neng ba tšoanela ho re khahlametsa ba ne ba e-s’o fihle. Re ile ra re: “Ke hobane’ng ha re senya nako?” Ka lebaka leo re ile ra qala ho fana ka bopaki ho batho ba neng ba le boema-fofane. Ka mor’a nako e monate ea lihora tse tharo, re ile ra kopana le barab’abo rōna ba tsoang lekaleng. Ka mor’a ho kōpa tšoarelo, ba ile ba re tšubuhlellano e ne e le khōlō literateng ka lebaka la moketjana oa moo oa boithabiso.
Ho Fana ka Bopaki ka Holimo ho Maru
La Paz e batla e le bophahamo ba limithara tse ka bang 3 625 ho tloha leoatleng, ka lebaka leo, ka matsatsi a mangata re ne re e-ba ka holimo ho maru. Moea oa teng o nang le oksijene e fokolang o ne o etsa hore ho be boima ho phefumoloha, ’me ke ne ke khathala haholo ka mor’a ho sebetsa nako e khutšoanyane feela tšimong. Le hoja ho ile ha nkuka selemo hore ke tloaele ho lula sebakeng seo se phahameng, litlhohonolofatso tsa Jehova li ne li feta hōle mathata ao ke neng ke e-na le ’ona nameng. Mohlala, hoseng ho hong ka 1984 ke ile ka hloa leralla ka leba ntlong e neng e hahiloe tlhōrōng ea leralla leo. Ke ile ka fihla ke felile ke mokhathala eaba ke kokota monyako, ’me ho ile ha hlaha motho oa mosali. Re ile ra buisana hamonate ’me ke ile ka re ke tla khutla ka mor’a matsatsi a se makae.
O ile a araba ka ho re: “Ha ke kholoe.” Leha ho le joalo, ke ile ka khutla ’me ’mè eo o ile a nkōpa hore ke rute morali oa hae Bibele. Ke ile ka re: “Boo ke boikarabelo ba batsoali. Leha ho le joalo, ke tla u thusa haeba u batla hore ke u thuse.” O ile a lumela eaba le eena o amohela hore ke ithute Bibele le eena. Kaha o ne a sa tsebe ho bala, re ile ra qala ho ithuta ka bukana ea Ithute ho Bala le ho Ngola, e hlophisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova bakeng sa maemo a mofuta ona.
Ka mor’a nako lelapa lena le ile la hōla ho fihlela le e-na le bana ba robeli. Ha ke ne ke le etela, bana ba bang ba ne ba etsa mokoloko ba tšoarane ka matsoho hore ba nthuse ho hloa moepeng. Qetellong, lelapa lohle le ile la sebeletsa Jehova—ntate, ’mè le bana ba robeli. Banana ba bararo ke bo-pula-maliboho, moshanyana e mong ke moholo ka phuthehong. Ha a hlokahala ka 2000, ntate oa bona e ne e se e le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. Pelo ea ka e tlala thabo e kaakang ha ke nahana ka lelapa lee le babatsehang le botšepehi ba lona! Ke leboha hore ebe Jehova o ile a ntumella hore ke ba thuse.
Ke Boetse ke Sebetsa ’Moho le Carmen
Ka mor’a lefu la ’Mè ka 1997, Carmen o ile a boela a memeloa hore a sebeletse e le pula-maliboho ea khethehileng. Ka 1998 o ile a abeloa ho sebeletsa Cochabamba, Bolivia, moo ke neng ke sebeletsa teng. E, re ile ra boela ra ba ’moho ka mor’a lilemo tse 18, ’me Carmen o ile a behoa boemong ba baromuoa. Re ile ra thabela nako eo re e qetileng Cochabamba haholo, moo maemo a teng a leholimo a leng monate hoo ho bileng ho nang le polelo e reng mafokotsane ha a falle! Hona joale re se re le Sucre, Bolivia, motseng o motle o nang le baahi ba 220 000 o phuleng e phahameng. Motse ona o kileng oa bitsoa Vatican e Nyenyane kahobane o ne o e-na le likereke tse ngata tsa K’hatholike, hona joale o na le liphutheho tse hlano tsa Lipaki Tsa Jehova.
Ha re kopanya lilemo tsa rōna, ’na le Carmen re bile bo-pula-maliboho ka lilemo tse fetang 60, ’me re bile le tlotla e tsotehang ea ho thusa batho ba fetang lekholo hore ba kolobetsoe. Ruri ho totobetse hore ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle ke tsela e putsang ka ho fetisisa ea bophelo!—Mareka 12:30.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mekete ea matsatsi a tsoalo eo ho buuoang ka eona ka Mangolong ke e ’meli feela eo e neng e le ea bahetene ’me ha ho buuoe hantle ka eona. (Genese 40:20-22; Mareka 6:21-28) Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le khothalletsa hore ha motho a fana a be a susumetsoa ke pelo ea hae ho etsa joalo eseng ke hore na batho ba tla re’ng kapa ke ho hatelloa ke lithaka.—Liproverbia 11:25; Luka 6:38; Liketso 20:35; 2 Bakorinthe 9:7.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke ne ke hloa leralla ha ke il’o ithuta le lelapa lena
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke mosebetsing oa boboleli le ausi oa ka Carmen (ea ka letsohong le letona)