Pono ea Bibele
Na Boikokobetso bo Bontša Bofokoli Kapa Matla?
BATHO ba ikhantšang le ba itšepang ho tlōla ba atisa ho nkoa e le mehlala lefatšeng. Ba ikokobelitseng le ba bonolo ba nkoa e le ba fokolang, ba lihlong kapa ba ratang ho khahlisa ba bang. Empa na boikokobetso ba sebele bo hlile bo bontša ho fokola? Hona na boikhantšo bo bontša matla? Bibele e re’ng?
Li sa tloha feela, ho loketse ho bolela hore Bibele e bua hantle ka mefuta e itseng ea boikhantšo. Ka mohlala, Bakreste ba lokela ho ikhantša ka taba ea hore Jehova ke Molimo oa bona le hore o oa ba tseba. (Pesaleme ea 47:4; Jeremia 9:24; 2 Bathesalonika 1:3, 4) Batsoali ba ka ikhantša ka bana ba bona ha ba beha mohlala o motle oa boitšoaro bo bontšang hore ke Bakreste le ha ba emela borapeli ba ’nete ka sebete. (Liproverbia 27:11) Leha ho le joalo, boikhantšo bo boetse bo kotsi.
Ho Hlahlobisisa Taba ea Boikhantšo le Boikokobetso
Tlhaloso e ’ngoe ea boikhantšo ke ho inkela holimo ho tlōla tekano. Boikhantšo bo fa motho maikutlo a fosahetseng a hore ke oa bohlokoa ebile o phahametse ba bang, mohlomong ka lebaka la botle, morabe, boemo, litalenta kapa leruo la hae. (Jakobo 4:13-16) Bibele e bua ka batho ba “ikhohomosang ka boikakaso.” (2 Timothea 3:4) Ka mantsoe a mang, ba inka e le ba bohlokoa ka tsela e feteletseng, ka tsela e sa utloahaleng.
Ka lehlakoreng le leng, baikokobetsi ba leka ho inka kamoo ba hlileng ba leng kateng, ba lemoha mefokolo ea bona le boemo ba bona bo tlaase ka pel’a Molimo. (1 Petrose 5:6) Ho feta moo, ba lemoha litšobotsi tse ntle tseo ba bang ba nang le tsona, ebile baa ba thabela. (Bafilipi 2:3) Ka hona, ha ba ba honohele kapa ho ba shoela mōna. (Bagalata 5:26) Ke ho utloahalang hore ebe boikokobetso ba ’nete bo etsa hore batho ba be le likamano tse ntle ’me ba ikutloe ba sireletsehile ba bile ba tsitsitse maikutlong.
Nahana ka mohlala oa Jesu. Pele a tla lefatšeng, e ne e le sebōpuoa se matla sa moea leholimong. Ha a le lefatšeng, e ne e le motho ea phethahetseng, ea se nang sebe. (Johanne 17:5; 1 Petrose 2:21, 22) O ne a e-na le matla, bohlale le tsebo tseo ho seng e mong ea nang le tsona. Leha ho le joalo, le ka mohla ha aa ka a ba makōkō ka seo, empa o ile a lula a ikokobelitse. (Bafilipi 2:6) O ile a ba a hlatsoa maoto a baapostola ba hae ka lekhetlo le leng; ’me o ne a thahasella bana ka tsela ea sebele. (Luka 18:15, 16; Johanne 13:4, 5) Ha e le hantle, a behile ngoana lehlakoreng la hae, Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea tla ikokobetsa joaloka ngoana enoa e monyenyane ke eena e moholo ’musong oa maholimo.” (Matheu 18:2-4) Mahlong a Jesu—le a Ntate oa hae—boholo ba sebele bo hlahisoa ke boikokobetso, eseng boikhantšo.—Jakobo 4:10.
Boikokobetso ke Pontšo ea Matla
Le hoja e bile mohlala oa boikokobetso, ho hlakile hore Jesu e ne e se motho ea mpang a rata ho khahlisa ba bang feela. O ile a bua ’nete ka sebete ’me o ne a sa tšabe motho. (Matheu 23:1-33; Johanne 8:13, 44-47; 19:10, 11) Ka hona, o ile a ba a hlomphuoa ke ba bang ba bahanyetsi ba hae. (Mareka 12:13, 17; 15:5) Empa ha ho mohla Jesu e kileng ea e-ba ea hatellang. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso, mosa le lerato, o ile a khahla batho, ka hona a hapa lipelo tsa bona ka tsela eo moikhantši a neng a ke ke a ba hapa ka eona. (Matheu 11:28-30; Johanne 13:1; 2 Bakorinthe 5:14, 15) Esita le kajeno, batho ba limilione ba ikokobelletsa Kreste ka botšepehi hobane ba mo rata e le kannete ’me ba mo hlompha ka ho tebileng.—Tšenolo 7:9, 10.
Lentsoe la Molimo le khothalletsa boikokobetso hobane ba ikokobelitseng pelong ba amohela keletso habonolo ’me ho ba ruta hoa thabisa. (Luka 10:21; Bakolose 3:10, 12) Joaloka Apolose, mosuoe ea hloahloa oa Mokreste oa lekholong la pele la lilemo, ba thabela ho lokisa tsela eo ba bonang lintho ka eona ha ba bolelloa boitsebiso bo bocha bo nepahetseng. (Liketso 18:24-26) Hape ha ba tšabe ho botsa lipotso, athe ba ikhantšang bona hangata ba qoba ho botsa, kaha ba tšaba hore ho tla hlaka hore ha ba tsebe.
Ela hloko mohlala oa leqhalaha la Moethiopia la lekholong la pele la lilemo, le ileng la qakoa ke likarolo tse ling tsa Lengolo. Morutuoa oa Mokreste Filipi o ile a le botsa: “Na u tseba seo u se balang?” Moethiopia o ile a araba: “Ka sebele, nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?” Boo e bile boikokobetso bo bokaakang—haholo-holo ha ho nahanoa hore leqhalaha leo e ka ’na eaba e ne e le motho oa bohlokoa naheng ea habo! Ka lebaka la boikokobetso ba hae, o ile a fumana kutloisiso e tebileng ea Mangolo.—Liketso 8:26-38.
Moethiopia eo o ne a fapane haholo le bangoli ba Bajuda le Bafarisi, ba neng ba inka e le batho ba phahameng bolumeling mehleng eo ea bona. (Matheu 23:5-7) Ho e-na le ho mamela Jesu le balateli ba hae ka boikokobetso, ba ile ba ba khesa ’me ba leka ho ba tšoaea liphoso. Ka hona, boikhantšo ba bona bo ile ba etsa hore ba lule ba le lefifing la moea.—Johanne 7:32, 47-49; Liketso 5:29-33.
Na U Letsopa le Bonolo Kapa le Tiileng?
Bibele e tšoantša Jehova le sebōpi sa lipitsa tsa letsopa ’me e tšoantša batho le letsopa. (Esaia 64:8) Boikokobetso bo thusa motho hore a be joaloka letsopa le bonolo matsohong a Molimo, e be motho ea ka bōptjoang ho ba sejana se setle; athe ba ikhohomosang ba tšoana le letsopa le ommeng, le tiileng leo ha lona e leng ho thuuoa feela. Mohlala o mobe o tsebahalang oa motho ea joalo ke oa Faro oa moikhantši oa Egepeta ea boholo-holo ea ileng a hanyetsa Jehova ’me a lahleheloa ke bophelo. (Exoda 5:2; 9:17; Pesaleme ea 136:15) Ho timetsoa ha Faro ho bontša hantle ’nete ea maele ana: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.”—Liproverbia 16:18.
Se boletsoeng ka holimo ha se bolele hore batho ba Molimo ha ho mohla ba loantšanang le boikhantšo. Ka mohlala, baapostola ba Jesu ba ne ba atisa ho phehisana khang ka hore na e moholo har’a bona ke ofe. (Luka 22:24-27) Leha ho le joalo, ba ne ba se makōkō empa ba ile ba mamela Jesu ’me qetellong ba fetola maikutlo ao a bona.
Solomone o ngotse: “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.” (Liproverbia 22:4) Re na le mabaka a utloahalang hakaakang a ho hlaolela boikokobetso! Hase feela taba ea hore ke tšobotsi e matla le e ratehang empa e boetse e re thusa hore re amohelehe ho Molimo ’me re fumane moputso oa bophelo bo sa feleng.—2 Samuele 22:28; Jakobo 4:10.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Na mefuta eohle ea ho ikhantša e fosahetse?—2 Bathesalonika 1:3, 4.
◼ Boikokobetso bo thusa motho joang hore a ithute?—Liketso 8:26-38.
◼ Na bahlanka ba Molimo ba tlameha ho hlaolela boikokobetso?—Luka 22:24-27.
◼ Baikokobetsi ba letetsoe ke bokamoso bofe?—Liproverbia 22:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]
Bana ba ne ba phutholoha ho ea ho Jesu hobane o ne a ikokobelitse