Bacha Baa Botsa . . .
Na Motho eo o Ntoketse?
Iphe nako ea ho arabela lipotso tse latelang:
Ke makhabane afe ao u nahanang hore ke habohlokoahali hore motho eo u tla nyalana le eena a be le ’ona? Lethathamong le latelang tšoaea ✔ pel’a litšobotsi tse ’nè tseo u li nkang e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa.
․․․․․ o motle
․․․․․ ke motho oa moea
․․․․․ o botsoalle
․․․․․ oa tšepahala
․․․․․ o ratoa ke batho ba bangata
․․․․․ o itšoere hantle
․․․․․ oa qabola
․․․․․ o sepheo
Ha u ne u sa le monyenyane, na u kile ua nkeha maikutlo ka motho ea itseng? Lethathamong le ka holimo mona tšoaea X pel’a tšobotsi eo motho eo a neng a e-na le eona e neng e u khahla haholo ka nako eo.
Ha ho letho le phoso ka tšobotsi leha e le efe ho tse boletsoeng ka holimo. E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e na le seo e u khahlang ka sona. Empa na hase ’nete hore ha u nkehile maikutlo ka motho ea itseng ha u sa le mocha, hangata u haptjoa ke litšobotsi tse kantle feela tse kang tse thathamisitsoeng ka letsohong le letšehali?
Leha ho le joalo, ha u ntse u hōla, u qala ho sebelisa matla a hao a ho nahana ho hlahlobisisa lintho tse tebileng haholoanyane, tse kang tse thathamisitsoeng ka letsohong le letona. Ho tea mohlala, u qala ho hlokomela hore ho ka ’na ha etsahala hore ebe ngoananyana e motle ho feta bohle sebakeng sa heno ha a tšepahale kapa ho ka ’na ha etsahala hore ebe moshanyana ea ratoang haholo sehlopheng sa hao o itšoere hampe. Haeba u se u “fetile palesa ea bocha”—e leng nako eo ka eona bophelong litakatso tsa ho kopanela liphate li qalang ho ipha matla—ho ka etsahala hore ebe joale ha u na ho sheba litšobotsi tse kantle feela ha u araba potso ena e reng, Na motho eo o ntoketse?—1 Bakorinthe 7:36.
Na Motho Ofe Kapa Ofe Feela o Lokile?
Ha nako e ntse e feta, u ka ’na ua khahloa ke bahlankana kapa likharebe tse ’maloa. Empa sena ha se bolele hore ofe kapa ofe feela o lokile. Hopola hore u batla molekane oa bophelo bohle, motho ea tla u thusa hore u bonahatse makhabane ’ohle a hao eo le uena u tla etsa se tšoanang ho eena. (Matheu 19:4-6) Ebe motho eo e ka ba mang? Pele u araba potso eo, ho hlokahala hore u ‘italime ka seiponeng’ ’me u itlhahlobe ka botšepehi.—Jakobo 1:23-25.
Ha u itlhahloba e le hore u itsebisise, araba lipotso tse latelang:
Ke lintho life tseo ke ipabolang ho tsona?
․․․․․
Ke fokola linthong life?
․․․․․
Ke lintho life tseo ke li hlokang maikutlong le moeeng?
․․․․․
Ha ho bonolo hore u itsebe, empa lipotso tse kang tseo li ka u thusa hore u qale ho ikutloisisa.a Ha u ikutloisisa haholoanyane u tla ba boemong bo botle ba hore u tsebe ho fumana motho ea tla u tšehetsa linthong tseo u leng matla ho tsona ho e-na le ea tla u fokolisa le ho feta linthong tseo u fokolang ho tsona. Ho thoe’ng haeba joale u se u fumane motho eo u nahanang hore o u loketse?
Na Kamano ee e Tla Atleha?
Ho araba potso eo, hlahloba motsoalle enoa oa hao u sa iphapanyetse ’nete. Leha ho le joalo, hlokomela! Ho ka etsahala hore u bone lintho tseo u batlang ho li bona feela. Ka lebaka leo, iphe nako. Leka ho bona seo motsoalle enoa oa hao a hlileng a leng sona.
Batho ba bangata ba ratanang ba sheba lintho tse kantle feela. Ba potlakela ho supa lintho tseo ba tšoanang ka tsona tse kang: ‘Re rata ’mino o tšoanang.’ ‘Re rata ho etsa lintho tse tšoanang.’ ‘Re lumellana linthong tsohle!’ Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe pejana, haeba ruri u se u fetile palesa ea bocha, ha u na ho sheba lintho tse kantle feela. U tlameha ho lemoha “motho ea ka sephiring oa pelo.”—1 Petrose 3:4; Baefese 3:16.
Ho tea mohlala, ho e-na le ho shebana le hore na le lumellana hakae, u ka ’na ua buleha mahlo haholoanyane haeba u ela hloko hore na ho etsahala’ng haeba le sa lumellane. Ka mantsoe a mang, motho eo o etsa joang haeba ho e-na le moo le sa lumellaneng teng—na o tsitlella hore lintho li tsamaee ka tsela eo eena a e batlang, mohlomong o bile o “tlakoloha ka bohale” kapa o sebelisa “puo e nyefolang”? (Bagalata 5:19, 20; Bakolose 3:8) Kapa na motho eo o bontša ho ba le kahlolo e molemo—e leng ho ikemisetsa ho inehela molemong oa ho bōpa khotso haeba ho se eo ho ka thoeng o nepile kapa o fositse empa e le taba feela ea hore na motho eena o rata hofe?—Jakobo 3:17.
Ntho e ’ngoe eo u lokelang ho e ela hloko ke ena: Na motho eo o rata ho hula batho ka nko kapa oa boulela? Na o batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang? Moroetsana e mong ea bitsoang Nicole o re : “Haeba motho a batla hore u lule u shebane le eena feela a bile a boulela hoo ke sesupo sa hore mathata a teng. Ke ee ke utloe ho thoe batho ba bang ba ratanang ba ’nile ba qabana hobane e mong a utloa hore hase ntho eo a ka e mamellang ha e mong a sa ‘itlalehe’ hore na o hokae—Ke nahana hore seo se bontša hore bothata bo teng.”
Batho ba bang ba talima mohlankana oa hao kapa kharebe ea hao joang? U ka ’na ua buisana le batho ba tsebileng motho enoa ka nako e telele, ba kang ba hōlileng phuthehong ea habo. Ba tla u bolella haeba motho enoa “a buuoa hantle.”—Liketso 16:1, 2.b
Na le Lokela ho Khaohana?
Ho thoe’ng haeba u hlokomela hore mohlankana oa hao kapa kharebe ea hao e ke ke ea e-ba molekane ea loketseng oa lenyalo? Boemong boo, e ka ba bohlale hore le khaohane. Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.”—Liproverbia 22:3.c
Ha nako e ntse e tsamaea u ka ’na ua fumana mohlankana kapa kharebe e ’ngoe. Haeba seo se etsahala, ho totobetse hore joale u tla sheba lintho ka pono e batsi le ho feta—u tla etsa joalo ka lebaka la lintho tseo u seng u fetile ho tsona. Mohlomong ka nako eo u tla araba potso e reng, “Na motho eo o ntoketse?” ka e!
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana lipotso tse ling tseo u ka ipotsang tsona, bona leqephe la 30 Tsoheng! ea January 2007.
b Sheba hape lipotso tse lebokoseng le leqepheng la 19-20.
c Ho fumana boitsebiso bo bong bo mabapi le ho khaohana, sheba, leqephe la 28-30 Tsoheng! ea April 8, 2001.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ke makhabane afe ao u ka kenang lenyalong u e-na le ’ona?
◼ Ke litšobotsi life tseo u ka li shebang ho motho eo e tla ba molekane oa hao oa lenyalo?
◼ Ke litsela life tseo u ka li sebelisang ho fumana hore na mohlankana oa hao kapa kharebe ea hao ke motho oa mofuta ofe, hore na boitšoaro ba hae bo joang le hore na o tumme joang?
[Lebokose le leqepheng la 19]
Na e tla ba monna ea molemo?
LINTHO TSA MOTHEO
❑ O sebelisa matla ao mohlomong a nang le ’ona joang?—Matheu 20:25, 26.
❑ O batla ho finyella lintho life bophelong?—1 Timothea 4:15.
❑ Na o sebeletsa hore a finyelle lintho tseo?—1 Bakorinthe 9:26, 27.
❑ Metsoalle ea hae ke bo-mang?—Liproverbia 13:20.
❑ Maikutlo a hae ke afe ka chelete?—Baheberu 13:5, 6.
❑ O rata boithabiso ba mofuta ofe?—Pesaleme ea 97:10.
❑ Tsela eo a aparang ka eona e bontša eng ka eena?—2 Bakorinthe 6:3.
❑ O bontša joang hore o rata Jehova?—1 Johanne 5:3.
LINTHO TSA BOHLOKOAHALI
❑ Na ke sekhothali?—Liproverbia 6:9-11.
❑ Na o na le boikarabelo ha ho tluoa litabeng tsa lichelete?—Luka 14:28.
❑ Na o buuoa hantle?—Liketso 16:1, 2.
Na o hlompha batsoali ba hae?—Exoda 20:12.
❑ Na ke motho ea nahanelang ba bang?—Bafilipi 2:4.
MATŠOAO A BONTŠANG HORE HO KA ’NA HA HLAHA MATHATA
❑ Na ke motho ea halefang le feela?—Liproverbia 22:24.
❑ Na o batla ho u hoka hore u kopanele boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate?—Bagalata 5:19.
❑ Na ke motho ea hlekefetsang ba bang ’meleng kapa ea hlabang ba bang ka mantsoe?—Baefese 4:31.
❑ Na o rata ho ithabisa ka ho noa?—Liproverbia 20:1.
❑ Na ke motho ea boulelang ea bileng a inahanang boeena feela?—1 Bakorinthe 13:4, 5.
[Lebokose le leqepheng la 20]
Na e tla ba mosali ea molemo?
LINTHO TSA MOTHEO
❑ O bontša boikokobetso joang ka lapeng le ka phuthehong?—Baefese 5:21, 22.
❑ Tsela eo a aparang ka eona e bontša eng ka eena?—1 Petrose 3:3, 4.
❑ Metsoalle ea hae ke bo-mang?—Liproverbia 13:20.
❑ Maikutlo a hae ke afe ka chelete?—1 Johanne 2:15-17.
❑ O batla ho finyella lintho life bophelong?—1 Timothea 4:15.
❑ Na o sebeletsa hore a finyelle lintho tseo?—1 Bakorinthe 9:26, 27.
❑ O rata boithabiso ba mofuta ofe?—Pesaleme ea 97:10.
❑ O bontša joang hore o rata Jehova?—1 Johanne 5:3.
LINTHO TSA BOHLOKOAHALI
❑ Na ke sekhothali?—Liproverbia 31:17, 19, 21, 22, 27.
❑ Na o na le boikarabelo ha ho tluoa litabeng tsa lichelete?—Liproverbia 31:16, 18.
❑ Na o buuoa hantle?—Ruthe 4:11.
❑ Na o hlompha batsoali ba hae?—Exoda 20:12.
❑ Na ke motho ea nahanelang ba bang?—Liproverbia 31:20.
MATŠOAO A BONTŠANG HORE HO KA ’NA HA HLAHA MATHATA
❑ Na ke motho ea ratang likhang?—Liproverbia 21:19.
❑ Na o batla ho u hoka hore u kopanele boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate?—Bagalata 5:19.
❑ Na ke motho ea hlabang ba bang ka mantsoe kapa ea ba hlekefetsang ’meleng?—Baefese 4:31.
❑ Na o rata ho ithabisa ka ho noa?—Liproverbia 20:1.
❑ Na ke motho ea boulelang ea bileng a inahanang boeena feela?—1 Bakorinthe 13:4, 5.