Lumella Molimo Hore a U Tataisetse ‘Bophelong ba Sebele’
TŠOBOTSI ea bohlokoa e hlokahalang ho motataisi leha e le ofe ke ea hore e be ea ka tšeptjoang. Ba tsebang Jehova, Mongoli oa Bibele, ba kholisehile hore ke eena motho ea ka tšeptjoang ka ho fetisisa. A ‘ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2; 2 Timothea 3:16) Joshua ea neng a hlompha Molimo ka ho tebileng, ea ileng a etella pele Baiseraele ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, o ile a iponela ka mahlo hore Jehova a ka tšeptjoa. Ha a bua le sechaba, o ile a re: “Le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.”—Joshua 23:14.
Ho tloha nakong eo ea Joshua, ho ’nile ha phethahala boprofeta bo bongata ba Bibele. Taba ena e re fa lebaka le tiileng la ho ba le tumelo e matla ea hore boprofeta bo e-song ho phethahale bo tla phethahala. Bongata ba bona bo amana le morero oa Molimo ka lefatše le moloko oa batho o mamelang.
Na U Tla Rua Molemo Tataisong ea Molimo?
Jehova, eo e leng mothofatso oa lerato, o batla hore re thabe hona joale le ka ho sa feleng. (Johanne 17:3; 1 Johanne 4:8) Ruri Molimo o batla hore re thabele “bophelo ba sebele”—e leng bophelo bo sa feleng. (1 Timothea 6:12, 19) Ka lebaka lena, Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse tšeletseng li mamela taelo ea Molimo ka hore ka thabo, li bolelle baahelani ba tsona ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Matheu 24:14) Hona joale, li etsa mosebetsi ona linaheng tse 235—hoo e batlang e le lichabeng tsohle tsa lefatše!
’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo e laoloang ke Jesu Kreste. (Daniele 7:13, 14; Tšenolo 11:15) ’Musong oa hae, bohle ba khopo—ba sa batleng ho ikokobelletsa melao ea Jehova e lokileng—ba tla felisoa. (Pesaleme ea 37:10; 92:7) Ka mor’a moo, lefatše lohle “le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:9.
Nahana ka khotso le kutloano tse tla rena ha motho e mong le e mong lefatšeng a rapela Molimo ka “moea le ka ’nete” a bile a ikemiselitse ho ikokobelletsa tataiso e lerato ea hae le melao ea hae e lokileng! (Johanne 4:24) Qetellong, batho ba tla phela “bophelo ba sebele” boo Molimo a bo tšepisitseng!
Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe esale pele, ha ho bapisoa, ke batho ba fokolang ka palo ba tla amohela tataiso ea Molimo ’me ba fumane bophelo. (Matheu 7:13, 14) Na u rata ho ba e mong oa bona? Haeba ho joalo, Lipaki Tsa Jehova li u khothalletsa ka tieo hore u hlahlobe Mangolo ’me u lumelle keletso ea Molimo hore e u tataise. Ha u etsa joalo, u tla ‘latsoa’ hore na ka sebele Jehova o molemo hakaakang. (Pesaleme ea 34:8) Feela joalokaha bohlale ba tlhaho bo tataisa linonyana ho li fihlisa moo li eang, Jehova o tla lebisa ba hae ba tšepahalang bophelong ba Paradeise.—Luka 23:43.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
“Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.”—MATHEU 5:5
“Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—PESALEME EA 37:11
“Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—TŠENOLO 21:3, 4
“Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”—LIPROVERBIA 2:21, 22