Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/07 maq. 18-19
  • Na U Na le Bothata ba ho Khetholla Mebala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Na le Bothata ba ho Khetholla Mebala?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba ho Khetholla Mebala Baneng
  • Leihlo—“Setho se Honoheloang ke Baetsi ba Mochine oa Computer”
    Tsoha!—1988
  • Mebala e U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2007
Tsoha!—2007
g 7/07 maq. 18-19

Na U Na le Bothata ba ho Khetholla Mebala?

Rodney o re: “Ha ke apara, mosali oa ka oa sheba hore na mebala ea liaparo tseo ke batlang ho li apara ea tsamaisana kapa che. Ha re ja lijo tsa hoseng o nkhethela tholoana hobane ’na ha ke khone ho bona hore tholoana e butsoitse. Ka linako tse ling ha ke le mosebetsing ha ke khone ho bona moo ke lokelang ho bula teng k’homphieutheng, kaha hangata matšoao a eona a khetholloa ka mebala. Ha ke khanna, ke bona roboto e khubelu le e tala li tšoana, kahoo ke sheba feela hore na ho khantšitse lebone le ka holimo kapa le ka tlaase. Empa liroboto tse laolang likoloi tse thinyang tsona li ntšoarisa bothata.”

RODNEY o na le bothata ba ho khetholla mebala e itseng ho e meng kapa bothata ba ho bona mebala e itseng. O na le liphatsa tsa lefutso tse mo bakelang bothata mothapong oa pono—e leng mothapo oa leihlo oo khanya e fihlelang ho oona. Monna a le mong ho ba bang le ba bang ba 12 ba Europe le mosali a le mong ho ba bang le ba bang ba 200 ba na le bothata bo kang boo ba Rodney.a Rodney ho tšoana le batho ba bang ba bangata ba nang le bothata boo, o khona ho bona mebala e itseng—hase hore o bona ’mala o mosoeu le o motso feela. Empa ha a bone mebala e meng ka tsela e tšoanang le eo batho ba se nang bothata boo ba e bonang ka eona.

Ka tloaelo, mothapo oa pono leihlong la motho o na le mefuta e meraro ea lisele tse motopo tse khethollang mebala. Mofuta ka mong o shebane le ho lekanyetsa bolelele ba sebaka pakeng tsa mebala e ka sehloohong ea khanya—e leng ’mala o moputsoa, o motala, kapa o mofubelu. Khanya e hlahisoang ke sebaka se pakeng tsa mebala e sa tšoaneng ea khanya e fihla liseleng tse reretsoeng ho e lekanyetsa, tse fetisetsang boitsebiso bokong e le hore motho a khone ho khetholla mebala.b Leha ho le joalo, ho batho ba nang le bothata ba ho khetholla mebala e itseng ho e meng, lisele tse khethollang ’mala kapa mebala e itseng ha li khone ho lekanyetsa sebaka se pakeng tsa mebala ea khanya hantle, kahoo seo se fetola tsela eo ba bonang mebala ka eona. Batho ba bangata ba nang le bothata boo ba thatafalloa ho bona phapang pakeng tsa ’mala o mosehla, o motala, o kang oa lamunu, o mofubelu le o mosootho. Sena se ka thatafalletsa motho ho bona ’mala o motala oa hlobo bohobeng bo bosootho kapa chising e tšehla kapa hona ho bona phapang pakeng tsa motho ea mahlo a maputsoa le ea mahlo a matala. Haeba motho a na le bothata ba lisele tse khethollang ’mala o mofubelu, a ka bona eka rosa e khubelu e ntšo. Ke batho ba seng bakae ba nang le bothata ba ho bona ’mala o moputsoa.

Bothata ba ho Khetholla Mebala Baneng

Hangata motho o tsoaloa a e-na le bothata ba ho khetholla mebala, ’me bana ba nang le bothata bona ba atisa ho ithuta mahlale a mang. Ka mohlala, haeba ba sa khone ho bona phapang pakeng tsa mebala e itseng, ba ka ’na ba khona ho bona hore ha e tšoane le hore e khanya ka litsela tse sa tšoaneng ’me ba amahanya seo le mabitso ao e bitsoang ka ’ona. Ba ka boela ba ithuta ho khetholla lintho ka tsela eo li bōpehileng ka eona le eo li tšoarehang ka eona ho e-na le ho li khetholla ka ’mala. Ha e le hantle, bana ba bangata ba bile ba hōla ba sa hlokomele hore ba na le bothata boo.

Kaha hangata likolong ho sebelisoa lintho tse nang le mebala ha bana ba rutoa, haholo-holo litlelaseng tse tlaase, ka phoso batsoali le matichere ba ka ’na ba nahana hore ngoana o na le bothata ba ho ithuta, empa e le hore ha e le hantle o na le bothata ba ho khetholla mebala e meng ho e meng. Tichere e ’ngoe e ile ea shapela moshanyana e mong ea lilemo li hlano hore o pentile setšoantšo sa maru ka ’mala o mopinki, batho ka o motala, ’me makhasi a lifate ka o mosootho. Ho ngoana ea nang le bothata ba ho bona mebala e sa tšoaneng, mebala ena e ka ’na ea bonahala e lokile. Ke ho utloahalang hore ebe ba bang ba boholong ba buella hore bana ba hlahlojoe ba sa le banyenyane hore na ba na le bothata ba ho khetholla mebala kapa che.

Le hoja ho sa tsejoe pheko bothateng bona, ha bo mpefale ha motho a ntse a hōla ebile sena ha se eketse monyetla oa hore a be le mathata a mang a pono.c Leha ho le joalo, bothata ba ho khetholla mebala e meng ho e meng e ka ba bo ferekanyang. Empa tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, Jesu Kreste o tla tlosa ho se phethahale hohle bathong ba tšabang Molimo. Kahoo, batho ba nang le mathata leha e le afe a pono ba tla bona khanya eohle ea mosebetsi oa Jehova o tsoileng matsoho.—Esaia 35:5; Matheu 15:30, 31; Tšenolo 21:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Batho ba merabe eohle ba ka ba le bothata boo ba ho khetholla mebala e itseng ho e meng, empa Makhooa ke ’ona a atisang ho ba le bothata boo.

b Liphoofolo tse ngata li khona ho bona mebala e sa tšoaneng, le hoja mebala eo li e bonang e sa tšoane le eo batho ba e bonang. Ka mohlala, lintja li na le mefuta e ’meli feela ea lisele methapong ea tsona ea pono—mofuta o mong ke o khethollang ’mala o moputsoa ha o mong oona o khetholla ’mala o isang ho bofubelu le botala. Linonyana tse ling tsona li na le mefuta e mene ea lisele ’me li khona ho bona mahlaseli a mang a khanya, ao batho ba sa khoneng ho a bona.

c Ka linako tse ling motho a ka thatafalloa ho khetholla mebala e meng ho e meng ka lebaka la boloetse bo itseng. Haeba ha nako e ntse e ea, u hlokomela hore tsela eo u bonang mebala ka eona e fetohile, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u ee ngakeng ea mahlo.

[Lebokose/Litšoantšo Tse Qanollang tse leqepheng la 18]

LITLHAHLOBO TSE ETSOANG HO BATHO BA NANG LE BOTHATA BA HO KHETHOLLA MEBALA

Hangata litlhahlobong tse etsoang ho bona hore na motho o na le bothata ba ho khetholla mebala efe le hore na bothata boo bo tebile hakae, ho sebelisoa matheba a mebala e sa tšoaneng. Tlhahlobo e sebelisoang haholo e bitsoang ea Ishihara, e na le lipaterone tse sa tšoaneng tse ka bang 38. Ka mohlala, ha motho a hlahloba e ’ngoe ea lipaterone tsena a le khanyeng motšehare, motho ea se nang bothata ba pono o lokela ho bona 42 le 74 (ho tse ka ho le letšehali), ha motho ea nang le bothata ba ho khetholla ’mala o mofubelu le o motala—e leng bona bothata bo atileng haholo—eena a ka ’na a se ke a bona nomoro e ka holimo ha ka tlaase teng a ka ’na a bona 21.d

Haeba tlhahlobo e senola bothata bo itseng, ngaka ea mahlo e ka ’na ea khothalletsa motho hore a etse litlhahlobo tse ling ho bona hore na bothata boo ke ba lefutso kapa bo bakoa ke ntho e ’ngoe e itseng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe la 18]

d Lipaterone tsena li reretsoe feela ho ba mohlala. Litsebi tse tšoanelehang ke tsona tse lokelang ho hlahloba bothata bona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Color test plates on page 18: Reproduced with permission from the Pseudoisochromatic Plate Ishihara Compatible (PIPIC) Color Vision Test 24 Plate Edition by Dr. Terrace L. Waggoner/www.colorvisiontesting.com

[Lebokose le leqepheng la 19]

KE HOBANE’NG HA BOHOLO E LE BANNA?

Bothata ba ho khetholla mebala e meng ho e meng bo phatseng ea lefutso e bitsoang X chromosome. Basali ba na le li-chromosome tsa X tse peli, ha banna bona ba na le e le ’ngoe ea X le e le ’ngoe ea Y. Kahoo, haeba mosali a futsa chromosome ea X e nang le bothata ba pono, phatsa e ’ngoe ea lefutso e se nang bothata e ka ’na ea hlōla bothata boo, ’me a khona ho bona hantle. Empa haeba monna a e-na le chromosome ea X e nang le bothata, ha a na e ’ngoe e ka mo thusang bothateng boo.

[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

KAMOO RE BONANG MEBALA KATENG

Khanya e tsoang linthong e kena le lereng le lenseng ea leihlo ebe e fetela mothapong oa pono

Lera la leihlo

Lense

Mothapo oa pono

Setšoantšo se hlaha se shebile tlaase empa hamorao boko boa se lokisa

MOTHAPO OA KUTLO o fetisetsa litšoantšo bokong

MOTHAPO OA PONO o na le lisele tsa mefuta e sa tšoaneng. Mefuta ena e sa tšoaneng ea lisele e etsa hore motho a bone lintho tse sa tšoaneng.

Lisele tse kang lithutsoana

Lisele tse motopo

LISELE TSE MOTOPO li bona ’mala o mofubelu, o motala, kapa o moputsoa oa khanya

Bofubelu

Botala

Boputsoa

[Litšoantšo]

Motho ea bonang hantle

Motho ea nang le bothata ba ho khetholla mebala e meng ho e meng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela