Mohato oa 3
Sebelisa Matla a Botsoali
Ke hobane’ng ha u lokela ho nka mohato oo? Makasine ea Parents e re liphuputso li bontša hore “bana ba hōlisitsoeng ka lerato empa batsoali ba bona ba sebelisa matla a bona a botsoali—e leng batsoali ba tšehetsang bana ba bona empa ba e-na le melao e tiileng—ba sebetsa hantle haholo lithutong, ba sebelisana hantle le batho, ha ba ikhalale ’me ka kakaretso ke bana ba thabileng ho feta bana bao batsoali ba bona ba ba lumellang ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe kapa ba ba hatellang haholo.”
Bothata: Ho tloha ha ba sa le banyenyane ho fihlela ha ba le lilemong tsa bocha, bana ba tla leka ho phephetsa tokelo ea hao ea ho ba laola. John Rosemond ea ngotseng buka e reng Parent Power!, o ngotse: “Bana ba lemoha kapele ha batsoali ba bona ba tšaba ho sebelisa matla a bona a botsoali le ha ba le boemong ba ho inehela.” O re: “Tabeng ea hore na ‘Eta ho lla sa mang?’ haeba batsoali ba sa nke marapo bana bona ba tla a nka.”
Tharollo: U se ke ua khathatseha ka hore ha u sebelisa matla ao u nang le ’ona a botsoali bana ba hao ba tla u furalla kapa u tla ba utloisa bohloko. Jehova Molimo, eena Moqapi oa bophelo ba lelapa, o ne a sa rera hore bana ba be le matla a lekanang le a batsoali a hore na lelapa le tsamaisoe joang. Ho e-na le hoo, o file batsoali boikarabelo ba hore ba sebelise matla a bona ’me a laela bana a re: “Le mamele batsoali ba lōna.”—Baefese 3:14, 15; 6:1-4.
U ka sebelisa matla a hao empa u sa hatelle bana. Joang? Ka ho latela mohlala oa Jehova. O na le matla a ho qobella batho, e leng bana ba hae, hore ba etse thato ea hae, empa ho e-na le hoo, o ipiletsa litšobotsing tse ntle tseo re nang le tsona. Lentsoe la hae le re: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka.” (Esaia 48:18) Jehova o batla hore re mo mamele hobane re mo rata, eseng hobane re mo tšaba ka tsela e tepeletsang. (1 Johanne 5:3) O na le kahlolo e molemo mabapi le seo a se hlokang ho rōna ’me oa tseba hore re tla rua molemo haeba re phela ka litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro.—Pesaleme ea 19:7-11.
U ka fumana sebete sa ho sebelisa matla a hao a botsoali ka tsela e leka-lekaneng joang? Ntlha ea pele, u lokela ho kholiseha hore Molimo o lebeletse hore u etse joalo. Ntlha ea bobeli, u lokela ho kholiseha hore ho phela ka melao ea boitšoaro e behiloeng ke Molimo ho molemong oa hao le bana ba hao.—Baroma 12:2.
Ke eng eo ka ho khetheha u lokelang ho e etsa ho sebelisa matla ao u nang le ’ona?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“U laee bana ba hao, ’me . . . ba tla u nyakalatsa pelo.”—Liproverbia 29:17, New Revised Standard Version