Bacha Baa Botsa . . .
Nka Etsa Eng ho Khaotsa Lesebo?
“Nkile ka ea phathing, eare ka le hlahlamang ha be ho e-na le menyenyetsi ea hore ke kopanetse liphate le moshanyana e mong moo. Taba eo e ne e se ’nete ho hang!”—Linda.a
“Ka linako tse ling ke ee ke utloe menyenyetsi ea hore ke laetsana le motho ea itseng—eo ke bileng ke sa mo tsebeng! Batho ba bangata ba sebang ha ba itšoenye ka ho batlisisa hore na taba e fela e le joalo kapa che.”—Mike.
LESEBO le ka u tlamelletsa ka lintho tse ngata le ho feta tse bontšoang filiming. U ka botsa Amber ea lilemo li 19. O re: “Ke khale batho ba ntšeba. Ho kile ha e-ba le menyenyetsi ea hore ke ne ke le moimana, ’me ka ntša mpa, le ea hore ke reka lithethefatsi le ho li rekisa ebile kea li sebelisa. Ha ke tsebe hore na ke hobane’ng ha batho ba ne ba bua joalo ka ’na!”
Lesebo le Hasoang ka Theknoloji ea Sejoale-joale
Ha batsoali ba hao ba ne ba sa le bacha, hangata lesebo e ne e e-ba taba ea bo-ba-re. Empa kajeno ho sebelisoa theknoloji ea sejoale-joale ho hasa litaba tsa lesebo. Mocha ea ikemiselitseng ho u senya lebitso a ka sebelisa e-mail ho hasa taba le Inthanete ho romela melaetsa ka ho panya ha leihlo a ntse a thōtse a sa re letho ka molomo. Sohle seo a lokelang ho se etsa ho hasa taba ea bo-ba-re ke ho thaepa molaetsa o mokhutšoanyane feela o tla fihla bathong ba bangata ba seng ba ntse ba o letetse ka tjantjello.
Ba bang ba re batho ba bangata ba se ba khetha ho seba ka Inthanete ho e-na le fono. Ka linako tse ling ho buloa mocha oa Inthanete o reretsoeng feela ho senya motho ea itseng lebitso. Litlaleho tse mecheng ea Inthanete e fanang ka boitsebiso ka batho ba itseng, li atisa ho bua litaba tsa lesebo tseo motho a neng a ke ke a li bua ka ho toba. Ha e le hantle, phuputsong e ’ngoe e entsoeng, bacha ba 58 ho ba bang le ba bang ba lekholo bao ho buisanoeng le bona ba boletse hore ho kile ha ngoloa ka bona Inthaneteng lintho tse ba utloisang bohloko.
Empa na ke kamehla ho fosahetseng ho bua ka batho ba bang? Na ho na le . . .
Ho Seba ho Loketseng?
Na polelo e latelang ke ’nete kapa ke bohata?
Ho seba ho fosahetse kamehla. ◻ ’Nete ◻ Bohata
Karabo e nepahetseng ke efe? Ha e le hantle, e itšetlehile ka hore na u hlalosa “ho seba” e le eng. Haeba ke taba feela ea ho ipuela ka batho ba bang, ka linako tse ling e ka ba ho loketseng. Etsoe Bibele e re bolella hore re lokela “ho thahasella kamoo ba bang ba phelang kateng.” (Bafilipi 2:4, New Century Version) Seo ha se bolele hore re lokela ho itšunya-tšunya litabeng tse sa re ameng ka letho. (1 Petrose 4:15) Empa ha re ntse re iqoqela feela re atisa ho fumana boitsebiso bo itseng bo ka re thusang, joaloka hore na ke bo-mang ba nyalanang, ba nang le ngoana le batho ba hlokang ho thusoa ka tsela e itseng. ’Nete ke hore re ke ke ra re re tsotella batho ba bang haeba ho se mohla re buang ka bona.
Leha ho le joalo, moqoqo feela o ka fetoha lesebo le kotsi habonolo feela. Ka mohlala, taba e sa reng letho feela joaloka ho re “Thabiso le Nthabiseng ba ka tšoanelana” e ka ’na eare ha e fetela pele ea feta e se e le “Thabiso o ratana le Nthabiseng”—le hoja Thabiso le Nthabiseng ba sa tsebe letho ka taba eo. U ka ’na ua re, ‘Eo ke taba e sa reng letho’—ntle le haeba u ne u le Thabiso kapa Nthabiseng!
Ho ile ha buuoa joalo ka Julie ea lilemo li 18, ’me seo sa mo utloisa bohloko. O re: “Taba eo e ile ea nkhalefisa, ’me ea etsa hore ke se hlole ke tšepa batho ba bang.” Jane ea lilemo li 19 le eena o bile boemong bo tšoanang le boo. O re: “Ke ile ka qetella ke se ke qoba ho kopana le motho eo ho neng ho tletse taba ea hore ke ratana le eena,” ’me o phaella ka ho re, “Ho ne ho se monate, kaha re ne re le metsoalle re bile re nahana hore re ka khona ho iqoqela feela ho se na taba tsa bo-ba-re.”
Ho hlakile hore lesebo le ka baka mathata a tebileng. Empa ba bangata ba utloisitsoeng bohloko ke hore ba bang ba ba sebile ba tla lumela hore le bona ba kile ba seba ba bang. ’Nete ke hore ha ho buuoa hampe ka motho e mong, motho a ka lekeha hore le eena a kenelle moqoqong oo. Hobane’ng? Phillip ea lilemo li 18, o re: “Ke tsela ea ho faposa kelello. Batho ba rata ho bua ka mathata a batho ba bang ho e-na le ho bua ka a bona.” U ka etsa’ng haeba taba feela eo ho iqoqeloang ka eona e se e fetoha lesebo le kotsi?
Laola Moqoqo ka Hloko!
Nahana ka tsebo e hlokahalang e le hore motho a khanne tseleng e phetheselang. Ka tšohanyetso feela, ho ka ’na ha hlaha boemo bo etsang hore u tlamehe ho tsamaea ka lehlakoreng le leng, u fokotse lebelo hore koloi e ’ngoe e fete, kapa u hle u eme tsi! Haeba u le hlokolosi ’me u falimehetse kotsi, u tla bona se etsahalang ka pele ’me u nke bohato bo loketseng.
Ho joalo le tabeng ea moqoqo. Hangata ua utloa ha moqoqo o se o fetoha lesebo le kotsi. Ha seo se etsahala, na u ka tsamaella ka lehlakoreng le leng, ha re bua ka tsela ea tšoantšetso? Haeba u sa etse joalo, tseba hore lesebo le ka baka tšenyo. Mike o re: “Nkile ka bua hampe ka ngoanana e mong—ka re o hlanyetsa bashanyana—’me taba eo ea fihla litsebeng tsa hae. Ha ke sa tla lebala molumo oa lentsoe la hae ha a ne a mpotsa ka taba eo, a mpolella kamoo ke mo utloisitseng bohloko kateng ka mantsoe a sa nahaneleng ao ke a buileng. Re ile ra lokisa litaba, empa ho tseba hore ke utloisitse motho e mong bohloko ka tsela eo ho ne ho sa mphe khotso!”
Ke ’nete hore motho o lokela ho ba sebete ho emisa moqoqo ha o se o fetoha lesebo. Leha ho le joalo, ho joalokaha Carolyn ea lilemo li 17 a beha taba: “U lokela ho ba hlokolosi ka seo u se buang. Haeba u sa utloa taba mohloling o tšepahalang, u ka ’na ua iphumana u hasa leshano.”
E le ho qoba lesebo le kotsi, sebelisa keletso e litemaneng tsena tsa Bibele:
“Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng, empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.” (Liproverbia 10:19) Ha u bua haholo, ho batla ho le bonolo hore u bue taba eo hamorao u tla ikoahlaela eona. Etsoe ho molemo ho tsebahala u le motho ea thōtseng ea mamelang ba bang ho e-na le ho tsebahala u le motho ea li qamotang!
“Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe, empa melomo ea ba khopo e bua lintho tse mpe e sa khaotse.” (Liproverbia 15:28) Nahana taba pele u bua!
“E mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.” (Baefese 4:25) Pele u pheta taba, tiisa hore ke ’nete.
“Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.” (Luka 6:31) Pele u bua taba e itseng ka motho e mong le haeba taba eo ke ’nete, ipotse, ‘Haeba ke ne ke le motho eo ke ne ke tla ikutloa joang ha motho e mong a ne a ka bua taba eo ka ’na?’
“A re phehelleng lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.” (Baroma 14:19) Esita le haeba taba ke ’nete, e ka ba kotsi haeba e sa hahe.
“Sepheo sa lōna e be ho phela ka khutso le ho hlokomela litaba tsa lōna.” (1 Bathesalonika 4:11) U se ke ua phathahana ka litaba tsa ba bang. Ho na le litsela tse molemo tseo u ka sebelisang nako ea hao ka tsona.
Ha Batho ba U Seba
U ka ’na ua lumellana le taba ea hore motho o lokela ho laola leleme la hae le ho qoba ho seba batho ba bang. Empa ha batho ba u seba, u ka ’na ua nka taba eo ka ho teba le ho feta. Joanne ea lilemo li 16, eo batho ba ileng ba mo seba ka tsela e bontšang lonya, o re: “Ke ne ke nahana hore ha ke sa tla hlola ke e-ba le metsoalle. Ka linako tse ling ke ne ke lla bosiu ho fihlela ke robala. Ke ne ke nka hore ho felile ka ’na le hore botumo ba ka bo senyehile!”
U ka etsa’ng haeba batho ba u seba ka lintho tse se nang motheo?
◼ Batla se etsang hore batho ba bue joalo. Leka ho utloisisa se etsang hore batho ba u sebe ka taba e itseng. Ba bang ba seba hobane ba batla ho ratoa, ba batla ho hlahella ba tseba haholo. Karen ea lilemo li 14, o re: “Ba batla hore batho ba nke hore ha baa hata lipapa hobane feela ba bua ka ba bang.” Bacha ba bang ba sa itšepeng ba ka ’na ba khella ba bang fatše e le hore feela ba iketse batho ka bona. Renee ea lilemo li 17 o bontša lebaka le leng. O re: “Batho ba bang ba qetoa ke bolutu. Ba batla ho natefisa bophelo ka ho iqalla taba ebe baa e hasa.”
◼ Laola Maikutlo a Hao. Motho ea utloisitsoeng bohloko ke hore ba bang ba mo buile hampe ’me a sitoa ho ithiba ke ho ferekana le ho halefa a ka ’na a etsa lintho tseo a tla ikoahlaela tsona hamorao. Liproverbia 14:17 e re: “Ea potlakelang ho halefa o tla etsa booatla.” Le hoja ho bua ho le bonolo ho feta ho etsa, ena ke nako ea hore motho a bontše matla a ho ithiba ho feta leha e le neng pele. Haeba u ithiba, u tla qoba ho oela lerabeng leo motho ea u buileng hampe a oetseng ho lona.
◼ Hlokomela seo motho a hlileng a ikemiselitseng sona. Ipotse lipotso tse latelang: ‘Na ke kholisehile hore taba eo ke e utloileng ehlile ke eona eo motho a e buileng ka ’na? Na ke menyenyetsi kapa ke ho se utloisisane ho tebileng? Na ke mpa ke hlabeha feela ke taba ee?’ Ke ’nete hore ha ho na lebaka la hore motho a hase litaba tsa lesebo. Empa ho nkela taba holimo ho ka u senya lebitso ho feta lesebo ka bolona. Ho ka ba molemo ho ba le maikutlo ana a ileng a thusa Renee. O re: “Hangata ke utloa bohloko ha batho ba mpua hampe, empa ke leka ho se nkele taba eo hloohong. Kaha bekeng e hlahlamang e ka ’na eaba ho tla be ho buuoa ntho e ’ngoe e itseng ka motho e mong.”b
Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea ho Itšireletsa
Bibele ea lumela hore “kaofela re khoptjoa hangata,” ’me e phaella ka ho re: “Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” (Jakobo 3:2) Kahoo, ha ho hlokahale hore re nkele hloohong taba e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e buang ka rōna. Moeklesia 7:22 e re: “Pelo ea hao e tseba hantle esita le makhetlo a mangata ao ka ’ona u rohakileng ba bang.”
Ha batho ba u seba, tsela e molemo ka ho fetisisa eo u ka itšireletsang ka eona ke ka boitšoaro ba hao bo botle. Jesu o ile a re: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Matheu 11:19) Kahoo leka ho lula u le botsoalle u bile u bontša lerato. U ka ’na ua makala kamoo seo se ka ’nang sa khaotsa lesebo ka potlako kateng—kapa bonyane sa u nolofalletsa ho mamella bohloko bo bakoang ke lesebo.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.
b Maemong a mang ho ka ’na ha hlokahala hore u buisane ka bohlale le motho ea buileng ka uena. Empa maemong a mangata, seo ha se hlokahale, kaha “lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ U ka etsa’ng e le hore u se ke ua hasa litaba tsa lesebo ka batho ba bang?
◼ U tla etsa’ng haeba motho e mong a u seba?