Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/07 maq. 10-11
  • Na ho Thibela Pelehi ho Fosahetse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Thibela Pelehi ho Fosahetse?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ke ba Bohlokoa
  • Bohlale ba Batho ha bo Bapisoa le Bohlale ba Molimo
  • Na Bakreste ba Lokela ho Sebelise Lithibela-pelehi?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Thibela—Pelehi ke Mang ea Lokelang ho Etsa Qeto? Uena Kapa Kereke?
    Tsoha!—1989
  • Ke Mang ea Lokelang ho Etsa Qeto ka Boholo ba Lelapa?
    Tsoha!—1996
  • Lipotso Tse Leshome Mabapi le ho Kopanela Liphate Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 9/07 maq. 10-11

Pono Ea Bibele

Na ho Thibela Pelehi ho Fosahetse?

UENA u re’ng? Na ho fosahetse hore batho ba nyalaneng ba thibele pelehi? Mohlomong tsela eo u arabang ka eona e itšetlehile ka seo u se lumelang. Kereke e K’hatholike e ruta hore ntho leha e le efe e reretsoeng ho thibela motho hore a be le bana “e mpe ka hohle-hohle.” Kereke e K’hatholike e buella khopolo ea hore banyalani ha baa lokela ho etsa letho ho thibela ho ima nako le nako ha ba kopanela liphate. Kahoo ho ea ka Kereke e K’hatholike, ho thibela pelehi “ho fosahetse.”

Batho ba bangata ba thatafalloa ho amohela maikutlo ana. Sehlooho se buang ka taba ena ho Pittsburgh Post-Gazette se ile sa tlaleha hore “ho Mak’hatholike a mang le a mang a lekholo United States a ka bang 75 a re kereke e lokela ho lumella batho ho sebelisa lithibela-pelehi tse entsoeng ke batho. . . . ’Me a limilione a hlokomoloha thibelo eo letsatsi le letsatsi.” E mong oa ’ona ke ’mè e mong ea bitsoang Linda, ea nang le bana ba bararo, ea lumelang ka bolokolohi hore o sebelisa lithibela-pelehi empa o re: “Letsoalo la ka ha le mpolelle hore ke etsa sebe.”

Lentsoe la Molimo le re’ng tabeng ee?

Bophelo ke ba Bohlokoa

Molimo o nka bophelo ba ngoana e le ba bohlokoa, esita le ha e sa le lesea le sa tsoa emoloa. Morena Davida oa Iseraele o ile a bululeloa hore a ngole tjena: “U ile ua mpoloka ke sirelelitsoe ka mpeng ea ’Mè. . . . Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao.” (Pesaleme ea 139:13, 16) Bophelo ba lesea bo qala ha le emoloa, ’me Molao oa Moshe o bontša hore motho o ne a lokela ho ikarabella ha a ntša lesea le e-s’o tsoaloe kotsi. Ha e le hantle, Exoda 21:22, 23 e hlalosa hore haeba mosali oa moimana kapa lesea la hae le e-s’o tsoaloe ba hlaheloa ke kotsi e bolaeang ka lebaka la banna ba babeli ba loanang, taba eo e ne e lokela ho isoa ka pel’a baahloli. Ba ne ba lokela ho sekaseka boemo le hore na ketso eo e entsoe ka boomo kapa che, ’me ho ne ho ka ’na ha fanoa ka kotlo ea “moea bakeng sa moea,” kapa bophelo bakeng sa bophelo.

Molao-motheo oo oa sebetsa le tabeng ea ho thibela pelehi kaha mekhoa e meng e sebelisoang ho thibela pelehi ho bonahala e ntša mpa. Ho thibela pelehi ka mekhoa e joalo ho khahlanong le molao-motheo oa Molimo tabeng ea ho hlompha bophelo. Empa mekhoa e mengata ea ho thibela pelehi ha e ntše mpa. Ho thoe’ng haeba motho a sebelisa mekhoa e joalo ea ho thibela pelehi?

Ha ho moo Bibele e laelang Bakreste hore ba be le bana. Molimo o ile a laela banyalani ba pele le lelapa la Noe, a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše.” Empa Bakreste bona ha baa fuoa taelo eo. (Genese 1:28; 9:1) Kahoo, banyalani ba ka ’na ba etsa qeto ea hore na ba tla ba le bana kapa che, ba be le ba bakae le hore na ba tla ba le bona neng. Mangolo ha a nyatse taba ea ho thibela pelehi. Kahoo ho ea ka pono ea Bibele, taba ea hore na monna le mosali ba khetha ho sebelisa mokhoa o itseng oa ho thibela pelehi o sa ntšeng mpa, ha e le hantle eo ke qeto ea bona ba le bang. Joale ke hobane’ng ha Kereke e K’hatholike e nyatsa lithibela-pelehi?

Bohlale ba Batho ha bo Bapisoa le Bohlale ba Molimo

Mehloli ea K’hatholike e hlalosa hore lekholong la bobeli la lilemo C.E. ba ipitsang Bakreste ba ile ba qala ho amohela molao-taelo oa Mastoike oo ho ea ka oona morero feela o molaong oo banyalani ba kopanelang liphate ka oona e neng e le hore ba be le bana. Leano lena le ne le thehiloe filosofing eseng Bibeleng. Le ne le sa thehoa bohlaleng ba Molimo empa le ne le thehiloe bohlaleng ba batho. Filosofi ena e ile ea tšoarella ho theosa le makholo a lilemo ’me litsebi tse sa tšoaneng tsa thuto ea K’hatholike tsa e ntšetsa pele.a Lebaka le susumelitseng thuto ena ke khopolo ea hore ho kopanela liphate ka sepheo sa ho ithabisa feela ke sebe, kahoo ho fosahetse hore batho ba kopanele liphate empa ho se na monyetla oa hore ba be le bana. Empa sena hase seo Mangolo a se rutang.

Bukeng ea Liproverbia Bibele e sebelisa puo ea liroki ho hlalosa thabo e ka tlisoang ke katamelano e haufi e loketseng, ha monna le mosali ba kopanela liphate: “Noa metsi a tsoang selibeng sa hao, le marotholi a tsoang ka har’a seliba sa hao. Mohloli oa hao oa metsi o ke o hlohonolofatsoe, ’me u thabe le mosali oa bocha ba hao, khama e tšehali e ratehang le pōli ea thaba e khahlehang. Matsoele a hae a ke a u tahe ka linako tsohle. E se eka ka lerato la hae u ka ba boikutlong bo matla ba nyakallo kamehla.”—Liproverbia 5:15, 18, 19.

Ho kopanela liphate ha monna le mosali ke mpho e tsoang ho Molimo. Empa hase ka morero oa hore ba be le bana feela. Ho kopanela liphate ho boetse ho lumella banyalani ho bontšana lerato le boikutlo bo mofuthu. Kahoo haeba banyalani ba etsa qeto ea ho sebelisa mokhoa o itseng oa ho thibela pelehi e le hore mosali a se ke a ima, ke bona ba lokelang ho etsa qeto eo, ’me ha ho ea lokelang ho ba nyatsa.—Baroma 14:4, 10-13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E bile lekholong la bo13 la lilemo feela moo Gregory IX a ileng a ntša molao oo New Catholic Encyclopedia e o bitsang “molao oa pele o akaretsang oo mopapa a o ntšitseng khahlanong le lithibela-pelehi.”

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Na ho fosahetse hore banyalani ba kopanele liphate?—Liproverbia 5:15, 18, 19.

◼ Bakreste ba lokela ho hopola eng ha ba sebelisa lithibela-pelehi?—Exoda 21:22, 23.

◼ Ba bang ba lokela ho talima banyalani ba sebelisang lithibela-pelehi joang?—Baroma 14:4, 10-13.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 11]

Molimo o ile a laela banyalani ba pele le lelapa la Noe, a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše.” Empa Bakreste bona ha baa fuoa taelo eo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela