Na ho ba le Boikutlo bo Botle ho ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao?
“Pelo e thabileng ke moriana o motle,” ho latela kamoo morena ea bohlale oa Iseraele a ileng a ngola kateng lilemong tse 3 000 tse fetileng. (Liproverbia 17:22) Kajeno lingaka li lemoha bohlale ba mantsoe ao a bululetsoeng. Empa ho ba bangata ba rōna ha ho itlele feela hore re be le “pelo e thabileng.”
Boholo ba rōna re tobana le mathata a bophelo letsatsi le letsatsi, e leng ntho e ka ferekanyang motho le ho etsa hore a nyahame. Leha ho le joalo, lipatlisiso tsa morao li bontša hore ho sa tsotellehe mathata, ke habohlokoa ho hlaolela moea oa ho ba le boikutlo bo botle.
Ho ba le boikutlo bo botle ho hlalosoa e le “ho ba le pono kapa boikutlo bo nang le tšepo; tšekamelo ea ho lebella liphello tse ntle.” Ha motho ea nang le boikutlo bo botle a soetseha, o ikutloa joang? Ha a nke hore boemo boo ba ho hlōleha bo tla lula bo le teng kamehla. Sena ha se bolele hore o hana ho amohela ’nete. Ho e-na le hoo, oa e amohela ’me o hlahlobisisa taba. Joale ha boemo bo mo lumella, o nka khato ho fetola boemo boo kapa ho bo ntlafatsa.
Ka lehlakoreng le leng, motho ea se nang boikutlo bo botle hangata o itjarisa molato nakong ea mahlomola. O nahana hore tsietsi e tla lula e le teng le hore e bakiloe ke bothoto ba hae, ho se tšoanelehe kapa hobane a le mobe. Ka lebaka lena, o ipolella feela hore eena hase motho ea ka atlehang bophelong.
Na ho ba le boikutlo bo botle ho ama bophelo ba rōna ba ’mele le boiketlo ba rōna? Ho joalo. Phuputsong e nkileng lilemo tse 30 e entsoeng bakuling ba fetang 800 ke Mayo Clinic, e Rochester, Minnesota, U.S.A., bo-rasaense ba fumane hore batho ba nang le boikutlo bo botle ba batla ba phela hantle ’meleng ebile ba phela nako e teletsana ho feta ba bang. Bafuputsi ba ile ba boela ba hlokomela hore batho ba nang le boikutlo bo botle ba sebetsana hantle le mathata a ba sithabetsang ’me ha ho bonolo hore ba tetebele maikutlong.
Leha ho le joalo, ho ba le boikutlo bo botle ha ho bonolo lefatšeng lena leo mathata a lulang a hloele manolo holimo. Ha ho makatse ke hona hore ebe batho ba bangata ba sitoa ho nahana lintho ka tsela e bontšang hore ba na le boikutlo bo botle. Bothata boo bo ka hlōloa joang? Lebokoseng le tsamaeang le sehlooho sena, u tla fumana litlhahiso tse ka u thusang.
Le hoja ho ba le boikutlo bo botle bophelong ho ke ke ha rarolla mathata ’ohle, ho ka tlatsetsa bophelong bo botle le ho etsa hore motho e be ea batlang a khotsofetse bophelong. Bibele e re: “Ho motho ea hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tšoeu ke mokete oa ka mehla.”—Liproverbia 15:15, Bibele ea Sesotho.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
Litlhahiso Tse Ling Tsa ho ba ea Nang le Boikutlo bo Botlea
◼ Ha u fihleloa ke mohopolo oa hore u ke ke ua thabela ntho e itseng kapa u ke ke ua atleha mosebe- tsing o itseng, leleka mohopolo oo. Ho e-na le hoo, nahana ka molemo o ka bang teng.
◼ Leka ho thabela mosebetsi oa hao. Ho sa tsotellehe mosebetsi oo u o etsang, fumana lintho tse etsang hore o u natefele.
◼ Batla metsoalle e nang le boikutlo bo botle bophelong.
◼ Leka ho sebetsana le maemo ao u ka a laolang; ao u sa khoneng ho a laola, leka ho a amohela.
◼ Letsatsi le leng le le leng, ngola lintho tse tharo tse thabisang tse u hlahetseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bo bong ba boitsebiso bo lethathamong le ka holimo bo tsoa bukeng e ngotsoeng ke Mayo Clinic.