Lirosa Tse Khahlehang Tsa Afrika
KA MONGOLI OA TSOHA! KENYA
“Ke lipalesa tse ntle ka ho fetisisa tseo nkileng ka li bona!” “Ke mpho e ntlehali eo motho a ka e fang motsoalle eo a mo ratang.” “Ke tsela ea ho re, ‘Ho na le motho ea u tsotellang.’”
MOHLOMONG le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang le eo baahi bana ba Nairobi, Kenya, ba qotsitsoeng ka holimo ba ikutloang ka eona. Mohlomong lipaleseng tsohle tsa naha le tseo batho ba li lemang, ha ho e ratoang haholo ho tšoana le rosa. E ’nile ea susumelletsa batho ho qapa lintho ho theosa le makholo a lilemo. Liroki li ’nile tsa ngola ka eona ’me hangata baetsi ba litšoantšo ba ’nile ba etsa litšoantšo ka eona. Shakespeare o ile a e thoholetsa ka mantsoe a tummeng bukeng ea Romeo and Juliet: “Ke’ng se ikhethang ka lebitso la eona? Leha e ne e ka bitsoa ka lebitso leha e le lefe le leng, e ne e tla ’ne e nkhe hamonate.” Lirosa li thusitse ho theha maqhama a setsoalle le ho a tiisa, ho tsosolosa kamano ea batho ba neng ba se ba sa utloane le ho khothatsa ba bangata ba kulang.
Ho feta moo, lirosa li etsa tlatsetso e khōlō moruong. Lirosa ke tsona tse kenyang chelete haholo linaheng tse ngata tseo boemo ba leholimo bo lumellang hore ho lengoe lipalesa. Ka mohlala, lipaleseng tsohle tse limilione tseo Kenya e ileng ea li romela linaheng tse ling selemong se seng haufinyane tjena, tse fetang karolo ea 70 lekholong e ne e le lirosa, e leng ho bolelang hore naha eo ke e ’ngoe ea tse itlhommeng pele ho tse hlahisang lirosa lefatšeng.
Nakong e fetileng, pele batho ba elelloa hore lirosa ke lipalesa tse khahlehang, li ne li itlhahela feela naheng. Kajeno, mefuta e ka bang 100 ea lirosa tsa naha e kopantsoe hore e hlahise mefuta e likete ho sebelisoa mekhoa e laoloang ka hloko ea ho nyalisa limela. Kahoo, lirosa li tsebahala hohle ebile li fumanoa hoo e batlang e le naheng e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng. Mofuta o tloaelehileng haholo o bileng o atileng ka ho fetisisa ke oa rosa e bitsoang hybrid tea.
Ho Tloha ha li Lengoa ho Fihlela li le ka Nkhoaneng ea Hao ea Lipalesa
Batho ba bangata ba reka lirosa ho batho ba rekisang lipalesa kapa lebenkeleng. Lipalesa tsena li lemeloa thekiso lipolasing tse khōlō ’me li lokela ho hlokomeloa ka tsela e khethehileng ho feta tse lengoang malapeng. Re ile ra bona kamoo li hlokomeloang ka tsela e khethehileng kateng ha li lokisetsoa ho ea rekisoa, ha re ne re etetse polasing e ’ngoe ea tsona haufi le Nairobi.
Mona joaloka libakeng tse ling tsa Kenya, tšimo e khurumelitsoeng ka polasetiki e bonaletsang e bontša hore eo ke polasi e rekisang lirosa. (Bona setšoantšo se leqepheng la 26.) Likhurumetso tsena li phetha merero e mengata. Lirosa tse sa tsoa nyalisoa lia fokola ’me li lokela ho sireletsoa boemong bo bobe ba leholimo. Pula e matla, moea, kapa khanya e tobileng ea letsatsi li ka li senya. E le hore mocheso o lule o le boemong bo lekaneng, ho hlokahala hore moea o pholileng o kene habonolo ka sekhurumetsong ’me o chesang o tsoe.
Tlas’a likhurumetso tseo ho lenngoe mahlomela a lipalesa tseo ka mela ka ho sieana ha tsona. Polasing ena ho lenngoe lirosa tsa mefuta e sa tšoaneng, tse ling ke tsa “hybrid tea,” tse khuoang ha li le bolelele ba lisenthimithara tse ka tlaasana ho tse 70, tse ling ke lirosa tsa “sweetheart” tse khuoang ha li le bolelele ba lisenthimithara tse 35, e leng mofuta o mong oa lirosa tsa hybrid tea. Hekthere e le ’ngoe mona e ka ’na ea e-ba le lirosa tse ka bang 70 000.
Lipalesa tsee li fumana limatlafatsi joang? Ha ho sebelisoe mobu o tloaelehileng. Li beheloa majoe a hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse holim’a polasetiki e bonaletsang. Mokhoa ona o atisa ho sebelisoa kaha majoe ha a na mafu a mangata a bang teng mobung. Lipalesa tsena li nosetsoa ka holimo. Li nosetsoa ka liphaephe tse nyenyane ho li fa metsi le limatlafatsi ka tsela e lekanyelitsoeng. Kaha majoe a hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang a na le masobana a mangata, metsi a tsoela moalong oa polasetiki. Joale aa bokelloa ebe a sebelisoa hape.
Leha lirosa li ntse li hlokometsoe ka tsela e khethehileng joalo, li ntse li ka ’na tsa e-ba le mafu a ’maloa, hangata a bakoang ke li-fungus. Mafu ao a akarelletsa botrytis le phori, tse hlaselang makala le likutu tsa lipalesa. Haeba mafu ana a sa phekoloe, a ka senya boleng ba palesa. Ho sebelisa lintho tse bolaeang likokoana-hloko ho ka thusa bothateng bona.
Ha nako e ntse e ea, li qala ho hlahisa mebala e khanyang, e leng ho bontšang ka ho hlaka hore lirosa li se li loketse ho khuoa. Lipalesa li khuoa ka hloko ha li ntse li fupile. Mothating ona mahlaku a palesa ha e-s’o bulehe. Ha li khuoa li le mothating ona, seo se etsa hore lipalesa li tšoarelle nako e telele ebile li khona ho lula li e-na le mebala ea tsona. Leha ho le joalo, nako eo li khuoang ka eona e fapana ho ea ka mofuta oa palesa. Ke habohlokoa hore lipalesa li khuoe hoseng kapa mantsiboea, ha ho le mongobo ’me li lieha ho pona. Lipalesa tse khuoeng joale li behoa ka moo ho batang e le hore li phole pele. Sena le sona se tiisa hore lirosa li tla qeta nako e teletsana li le boemong bo botle.
Lipalesa li feta mothating o mong oa bohlokoa—e leng oa ho li beha ka mahlopho. Mona li aroloa ho latela ’mala le boholo ba tsona. Li phutheloa ho ea kamoo moreki a li batlang kateng. Qetellong, lipalesa li se li loketse ho rekisoa. Ho tloha polasing ena li isoa boema-fofane bo boholo ba Nairobi, ebe li romeloa Europe e lik’hilomithara tse likete ho tloha moo. Kaha lipalesa li pona kapele, li lokela ho fihla mabenkeleng a moo kapa a mose ho maoatle ho e-s’o fete lihora tse 24 li khuoe.
Lekhetlong le latelang ha u fuoa lirosa e le mpho kapa u li reka lebenkeleng kapa ho motho ea rekisang lipalesa, u ke u khefutse ho se hokae ’me u nahane ka leeto le lelelele leo li le nkileng. Mohlomong seo se tla etsa hore u ananele ’Mōpi, Jehova Molimo ka ho teba.—Pesaleme ea 115:15.
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 26]
Na ho Tla ke ho be le Rosa e Putsoa?
Lirosa li tsoa hōle ’me ha ho bonahale eka li haufi le ho fihla pheletsong ea leeto la tsona. Ho ntse ho qaptjoa litsela tse ncha tsa ho li nyalanya le ho li lema ka bongata. Hase lipalesa tse ngata tse ka hlahisang mebala e sa tšoaneng joaloka lirosa. U rata tsa ’mala ofe haholo? Na u rata tse tšoeu, tse tšehla, tse pinki, tse bofubelu bo loileng, kapa tse merune? Boholo ba mebala ena e hlahisitsoe ka mekhoa e sa tšoaneng ea ho nyalanya mefuta ea lipalesa.
Ka mohlala, na u ne u tseba hore le hoja batho ba bua ka lirosa tse “khubelu,” ’nete ke hore qalong ho ne ho se na lirosa tse khubelu? Lirosa tsa naha ha li na liphatsa tse hlahisang ’mala o mofubelu. ’Mala o bofubelu bo khanyang o hlahisitsoeng ke liphatsa tse ileng tsa kopanngoa hoo e ka bang ka 1930, o qeteletse o hlahisitse lirosa tse bofubelu bo khanyang tseo re li bonang kajeno. Mefuteng eohle e teng ea lirosa, ho na le ’mala o nkileng nako o le sieo—’mala o moputsoa. Ka tlhaho lirosa ha li na liphatsa tse hlahisang ’mala o moputsoa, e leng delphinidin. Empa ka mor’a hore k’hamphani e ’ngoe ea Australia e etse lipatlisiso hammoho le k’hamphani e ’ngoe ea Japane, ka 2004 ho ile ha hlahisoa rosa e “putsoa” ka ho kopanya liphatsa tsa rosa le tsa limela tse ling. Empa ho ntse ho lokela hore ho etsoe boiteko bo bong e le hore ho hlahisoe ’mala o boputsoa bo loileng.
[Setšoantšo]
Tšimo e khurumelitsoeng ka polasetiki e bonaletsang
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Li se li loketse ho khuoa