Ke Hobane’ng ha re Tšaba Lefu?
“Lefu le tšabeha ka ho fetisisa linthong tsohle; kaha ke qetello ea bophelo.”—Aristotle.
BASALI ba bang ba ne ba mo nka e le mosali ea inehetseng ka botlalo litabeng tsa bolumeli, ehlile e le molumeli oa makhonthe. Ba bang ba ne ba bile ba mo bitsa “tšiea kerekeng.” O ne a rutiloe hore ha e le hantle lefu hase qetello ea bophelo, empa ke tsela e fetisetsang motho bophelong ba ka mor’a lefu. Leha ho le joalo, ha a le makhatheng a lefu, o ile a apareloa ke tšabo. Kaha o ne a tletse lipelaelo, mosali eo o ile a botsa moeletsi oa hae litabeng tsa bolumeli a re, “Ho na le lintho tse ngata haholo [tseo batho ba li lumelang mabapi le se etsahalang ha motho a e-shoa]; ebe u ka tseba joang hore na ho nepahetseng ke hofe?”
Hoo e batlang e le malumeling ’ohle le lichabeng tsohle batho ba lumela hore ha motho a e-shoa o tsoela pele a phela, kapa hore o tla phela hape. Har’a litumelo tsee tse ngata-ngata, ea ’nete ke efe? Batho ba bangata ba belaella taba ea hore ho na le bophelo ka mor’a lefu. Uena u re’ng? Na u rutiloe hore batho ba tsoela pele ba phela ka mor’a hore ba shoe? Na u lumela hore ba ntse ba phela? Na u tšaba lefu?
Ho Tšaba ho se be Teng
Ha bafuputsi ba bua ka ho tšaba lefu, ba re ke “ho tšoenyeha ka lefu.” Libuka tse ngata le litlaleho tsa saense li ngotse ka taba eo lilemong tse mashome tse sa tsoa feta. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba rate ho nahana ka lefu. Empa kaha batho baa shoa, qetellong re tla tlameha ho nahana ka lona. Ruri lefu le qoleng ea kobo—ka karolelano ho shoa batho ba fetang 160 000 letsatsi le letsatsi! Motho e mong le e mong a ka shoa ’me taba ena e tšosa batho ba bangata.
Litsebi li hlalosa mabaka a sa tšoaneng ao ka ’ona batho ba tšoenyehang ka lefu. Mabaka ao a akha ho tšaba ho opeloa, ho tšaba lintho tse sa tsejoeng, ho tšaba ho shoeloa ke bao re ba ratang le ho tšaba masisa-pelo a ka ’nang a hlahela ba setseng.
Ntho e tšoenyang batho ka ho fetisisa ke ho tšaba ho se hlole ba e-ba teng. Ho sa tsotellehe lintho tseo ba li lumelang, batho ba bangata ba tšosoa ke maikutlo a hore lefu ke qetello ea bophelo ka ho feletseng. Ho phaella moo, litsebi tsa saense le tsona li eketsa tšabo ena. Etsoe litsebi tsa saense li ka hlalosa tsela eo ’mele oa motho o sebetsang ka eona. Bonneteng, ha ho setsebi sa baeloji, sa fisiks kapa sa k’hemistri se kileng sa fumana bopaki ka hare ho rōna ba hore re na le karolo e itseng e sa bonahaleng, e ka pholohang ha ’mele o e-shoa. Ka lebaka leo, litsebi tse ngata tsa saense li hlalosa hore ho shoa ha motho ke karolo e tloaelehileng ea bophelo.
Kahoo, ha ho makatse ha batho ba bangata ba bonahalang e le balumeli ba ka sehloohong ba lumelang hore ho na le bophelo ka mor’a lefu ba tšaba hore ha ba sa tla hlola ba e-ba teng ha ba e-shoa. Hoa thahasellisa hore ebe lengolong leo Morena Solomone oa boholo-holo a le ngotseng o ile a bua ka ho shoa ha motho e le qetello eo ba bangata ba ka ’nang ba utloa e tšosa.
“Lerōleng”—Na ke Hona Moo Motho a Fellang Teng?
Bukeng ea Moeklesia e ngotsoeng lilemong tse likete tse tharo tse fetileng, Solomone o ile a re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe. Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse.” O ile a phaella ka ho re: “Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 6, 10, Bibele ea Sesotho.
Solomone o ile a bululeloa hore a re “qetello ea bara ba batho le qetello ea liphoofolo ea tšoana. Ho shoa ha motho ho tšoana le ho shoa ha phoofolo . . . Motho ha aa phahamela liphoofolo . . . Bohle ba ea sebakeng se le seng, bohle ba entsoe ka lerōle, ’me bohle ba tla fetoha lerōle hape.”—Moeklesia 3:19, 20, The Bible in Basic English.
Le hoja mantsoe ana a ka holimo a ngotsoe ke Morena Solomone, a ile a bululeloa ke Molimo ’me ke karolo ea Lentsoe la hae le ngotsoeng, e leng Bibele. Litemana tsena, hammoho le tse ling tse ngata ka Bibeleng, ha li tšehetse thuto e tloaelehileng ea hore ho na le ntho e ’ngoe ka har’a rōna e pholohang ha re e-shoa ebe e il’o phela ka sebōpeho se seng. (Genese 2:7; 3:19; Ezekiele 18:4) Na joale Molimo o re bolella hore batho bohle ba tla qetella e le “lerōle,” kapa ba le sieo? Ka sebele ha ho joalo!
Bibele ha e rute hore karolo leha e le efe ea motho ea pholoha ha a e-shoa. Empa e fana ka tšepo e hlakileng mabapi le batho ba shoang. Sehlooho se latelang se tla bontša mabaka ao ka ’ona u sa lokelang ho tšaba hore lefu ehlile ke qetello ea bophelo ba motho.
[Lebokose leqepheng la 3]
SERA SEO RE KE KENG RA SE QOBA
Lefu le ’nile la bitsoa sera sa motho. Ke sera e le kannete, ’me bopaki ba seo bo bonahala hohle. Ho latela khakanyo e ’ngoe, selemo le selemo ho shoa batho ba limilione tse 59—e leng hore ka karolelano ho shoa batho ba babeli motsotsoana o mong le o mong. Ke litsela life tseo batho ba shoang ka tsona?
◼ Motho a le mong oa shoa metsotsoaneng e meng le e meng e 102 ka lebaka la ntoa.
◼ Ka metsotsoana e meng le e meng e 61 ho bolaoa motho a le mong.
◼ Motho a le mong oa ipolaea metsotsoaneng e meng le e meng e 39.
◼ Motho a le mong o shoa kotsing ea koloi metsotsoaneng e meng le e meng e 26.
◼ Motho a le mong o bolaoa ke mathata a amanang le tlala metsotsoaneng e meng le e meng e meraro.
◼ Ngoana a le mong ea ka tlaase ho lilemo tse hlano oa shoa metsotsoaneng e meng le e meng e meraro.
[Lebokose leqepheng la 4]
HO LELEKISA LEFEELA
Ka la 9 November, 1949, James Kidd, ea lilemo li 70, ea neng a sebetsa morafong oa koporo, o ile a nyamela lithabeng tsa Arizona, U.S.A. Lilemo tse ’maloa ka mor’a hore ho phatlalatsoe ka molao hore o shoele, ho ile ha fumanoa lengolo la thato ea mofu leo a neng a le ngotse ka pentšele le lipampiri tse bontšang letsete la hae la lidolara tse likete tse makholo. Lengolong la hae la thato ea mofu, Kidd o ile a bolela ka ho hlaka hore chelete ea hae e sebelisetsoe ho etsa phuputso ea ho fumana “bopaki ba saense bo tiisang hore ha motho a e-shoa moea o tsoa ’meleng.”
Hang feela ka mor’a moo, batho ba fetang lekholo ba ipolelang hore ke bafuputsi le litsebi tsa saense ba ile ba etsa kōpo ea hore ba fuoe chelete eo. Lekhotla le ile la qeta likhoeli tse ngata le mamela bopaki le ho sekaseka likhopolo tse ngata tsa batho ba reng motho o na le moea o sa bonahaleng. Qetellong, moahloli o ile a fana ka chelete eo ho mekhatlo e ’meli e etsang lipatlisiso e tsebahalang. Ka mor’a lilemo tse fetang mashome a mahlano, bafuputsi bao ba ntse ba e-s’o fumane “bopaki ba saense bo tiisang hore ha motho a e-shoa moea o tsoa ’meleng.”