Pono Ea Bibele
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlokomela Lefatše?
MOHLOMONG lintho tseo batho ba li etsang, hona joale li senya tikoloho ea rōna ho feta leha e le neng pele historing. Kaha likotsi tse ka ’nang tsa bakoa ke mathata a kang ho futhumala ha lefatše li ntse li eketseha ka tsela e tšosang, litsebi tsa saense, mebuso le liindasteri li ntse li matlafatsa boiteko ba tsona ba ho nka bohato bo itseng.
Na re le batho ka bomong re na le boikarabelo ba hore re hlokomele tikoloho? Haeba ho joalo, ke ho isa bohōleng bofe? Bibele e re fa mabaka a utloahalang a hore re etse lintho ka tsela e tla tsoela lefatše molemo. Hape e re thusa hore re bontše ho leka-lekana linthong tseo re li etsang.
Ho Tšehetsa Morero oa ’Mōpi oa Rōna
Jehova Molimo o ile a etsa hore lefatše e be lehae la batho le kang serapa. O ile a phatlalatsa hore mosebetsi oohle oa hae o “molemo haholo” eaba o abela motho hore a ‘leme lefatše le ho le hlokomela.’ (Genese 1:28, 31; 2:15) Ebe Molimo o ikutloa joang ka boemo boo lefatše le leng ho bona hona joale? Ho hlakile hore o khopisoa haholo ke tsela e mpe eo batho ba le tšoereng ka eona, kaha Tšenolo 11:18 e bolela esale pele hore o tla “felisa ba senyang lefatše.” Kahoo ha rea lokela ho iphapanyetsa maqakabetsi ao lefatše le leng ho ’ona.
Bibele e re tiisetsa hore Molimo o tla felisa mesaletsa eohle ea tšenyo e bakiloeng ke batho ha a “etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšenolo 21:5) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho etsa qeto ea hore kaha ka nako e loketseng Molimo o tla nchafatsa lefatše, ha ho tsotellehe hore na re etsa eng. Ehlile hoa tsotelleha! Re ka bontša joang hore pono ea rōna e tšoana le ea Molimo mabapi le lefatše la rōna le hore re tšehetsa morero oa hae oa hore e be paradeise?
E-ba le Seabo ho Bolokeng Lefatše le Hloekile
Mesebetsi e tloaelehileng eo batho ba e etsang e baka litšila ka tsela e itseng. Ka bohlale, Jehova o lokiselitse hore ho be le litsela tsa tlhaho tse tlosang litšila tseo, ebe li hloekisa moea, metsi le mobu. (Liproverbia 3:19) Lintho tseo re li etsang li lokela ho lumellana le litsela tseo tsa tlhaho. Kahoo re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra tlatsetsa mathateng a lefatše a tikoloho ho sa hlokahale. Ha re hlokomela lefatše joalo, re bontša hore re rata moahelani oa rōna joalokaha re ithata. (Mareka 12:31) Nahana ka mohlala ona o thahasellisang oa mehleng ea Bibele.
Molimo o ile a laela sechaba sa Iseraele hore se koahele mantle a batho “ka ntle ho liahelo.” (Deuteronoma 23:12, 13) Sena se ne se etsa hore liahelo li lule li hloekile ’me se potlakisa hore litšila li bole. Ka ho tšoanang, kajeno Bakreste ba ’nete ba leka ka matla hore ba qhale lithōle le litšila kapele le ka tsela e loketseng. Re lokela ho ba hlokolosi haholo ha re lahla lintho tse chefo.
Lintho tse ngata tse lahloang li ka boela tsa sebelisoa kapa ha etsoa tse ling ka tsona. Haeba melao ea sebaka ka seng e hloka hore lintho tse itseng li lahloe ka tsela eo li tla sebelisoa hape, joale ho mamela melao eo e tla be e le ho neha “Cesare lintho tsa Cesare.” (Matheu 22:21) Ho ka ’na ha hlokahala boiteko bo eketsehileng hore lintho tse lahloang li sebelisoe hape, empa boiteko boo bo bontša hore re rata hore lefatše le hloeke.
Ho Baballa Matlotlo a Lefatše
Re lokela ho sebelisa matlotlo a lefatše a tlhaho e le hore re be le lijo, bolulo le libeso tseo re li hlokang ’me ka tsela eo re lule re phela. Tsela eo re sebelisang matlotlo ao ka eona e bontša hore na rea lemoha hore matlotlo ana ke limpho tse tsoang ho Molimo kapa che. Ha Baiseraele ba ne ba lakatsa nama lefeelleng, Jehova o ile a ba fa likoekoe tse ngata haholo. Meharo e ile ea etsa hore ka boithati ba sebelise mpho eo hampe, e leng se ileng sa halefisa Jehova Molimo haholo. (Numere 11:31-33) Molimo ha a e-s’o fetohe. Ka lebaka leo, Bakreste ba hlokolosi ba qoba ho senya matlotlo ho sa hlokahale, e leng ntho e ka ’nang ea bontša hore motho o meharo.
Ba bang ba ka ’na ba nka hore ba na le tokelo ea ho sebelisa motlakase kapa matlotlo a mang a tlhaho ka tsela leha e le efe eo ba e batlang. Empa matlotlo a tlhaho ha aa lokela ho senngoa hobane feela re ka khona ho a lefella kapa hobane a le teng ka bongata. Ka mor’a hore Jesu a fepe letšoele le leholo ka mohlolo, o ile a laela hore ho bokelloe tlhapi le bohobe bo setseng. (Johanne 6:12) O ne a le hlokolosi hore a se ke a senya seo Ntate oa hae a neng a fane ka sona.
Ho ba ba Leka-lekaneng Boitekong Boo re bo Etsang
Letsatsi le letsatsi re etsa liqeto tse amang tikoloho. Na re lokela ho feteletsa litaba, ebe re ikhula bathong ba bang e le hore re qobe ho silafatsa tikoloho? Ha ho moo Bibele e re khothalletsang ho nka bohato bo joalo. Nahana ka mohlala oa Jesu. Ha a ntse a le mona lefatšeng, o ne a phela ka tsela e tloaelehileng, e ileng ea mo lumella hore a phethe mosebetsi oa boboleli oo Molimo a neng a mo abetse oona. (Luka 4:43) Ho feta moo, Jesu ha aa ka a itšunya-tšunya lipolotiking e le mokhoa oa ho rarolla mathata a batho mehleng ea hae. O ile a bolela ka ho hlaka a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”—Johanne 18:36.
Leha ho le joalo, re lokela hore re hlahlobe hore na lintho tseo re khethang ho li reka lapeng, tseo re tsamaeang ka tsona le tseo re ithabisang ka tsona li ama tikoloho hakae. Ka mohlala, ba bang ba khetha ho reka lihlahisoa tse etselitsoeng ho sebetsa ka litsela tse sa bakeng tšenyo e khōlō tikolohong. Ba bang ba leka ho fokotsa lintho tseo ba li etsang tse bakang tšilafalo kapa tse senyang matlotlo a tlhaho ho sa hlokahale.
Ha ho hlokahale hore motho e mong a qobelle ba bang hore ba etse liqeto tse tšoanang le tsa hae mabapi le tikoloho. Maemo a batho le a sebaka ka seng aa fapana. Leha ho le joalo, re ntse re ikarabella re le batho ka bomong ka liqeto tseo re li etsang. Joalokaha Bibele e bolela, “e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”—Bagalata 6:5.
’Mōpi o file batho boikarabelo ba ho hlokomela lefatše. Ha re ananela kabelo ena ’me ka boikokobetso re hlompha Molimo re bile re na le tlhompho ka seo a se entseng, re tla susumelletseha hore re etse liqeto tse nahannoeng ka hloko mabapi le kamoo re tšoarang lefatše kateng.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Na Molimo o tla nka bohato ba ho rarolla mathata a lefatše a tikoloho?—Tšenolo 11:18.
◼ Molimo o file batho boikarabelo bofe mabapi le lefatše?—Genese 1:28; 2:15.
◼ Jesu Kreste o ile a beha mohlala ofe tabeng ea ho qoba tšenyo?—Johanne 6:12.