Tepo ea Sekho
Na e Qapiloe?
◼ Tepo ea sekho e bobebe ho feta k’hothone, empa grama e le ’ngoe ea eona e matla ho feta grama ea tšepe ea setala. Bo-rasaense ba qetile lilemo tse mashome ba hlahloba silika e hlahisoang ke likho tse lohang tepo. Khoele e matla ka ho fetisisa ea tepo ea sekho mefuteng e supileng eo sekho se ka e etsang, ke eona e thahasellisang ka ho fetisisa. E matla ho feta khoejana e hlahisoang ke tšoele ea silika e atisang ho sebelisetsoa ho etsa liaparo, e bile ha e kenele metsi.
Ak’u nahane ka sena: Lifektheri tse etsang masela a thata a kang la Kevlar li sebelisa mocheso o holimo le lik’hemik’hale. Empa likho tsona li etsa tepo ea tsona mochesong o itekanetseng ’me li sebelisa metsi feela. Ho feta moo, khoele ea tepo e matla ho feta lesela la Kevlar. Haeba tepo e ne e ka hōlisoa hore e lekane le lebala la bolo ea maoto, e ne e ka emisa sefofane se seholo sa jete se ntseng se fofa!
Ha ho makatse hore ebe bafuputsi ba hlolloa ke kamoo tepo e leng matla kateng. Aimee Cunningham o ngotse tjena makasineng ea Science News: “Bo-rasaense ba ka rata ho hlahisa ntho e thata joaloka tepo ea sekho, eo ba ka e sebelisang ho etsa liaparo tse thibelang likulo le mehala e tšoarang marokho a leketlileng moeeng.”
Empa ha ho bonolo ho hlahisa ntho e kang khoele ea tepo, kaha batho ba ntse ba sa utloisise ka ho feletseng metsoako eo sekho se e ntšang ’meleng ha se etsa tepo. Setsebi sa baeloji se bitsoang Cheryl Y. Hayashi, se qotsitsoeng makasineng ea Chemical & Engineering News, se re: “Motho o ikutloa a le mosesaane ha a hlokomela kamoo batho ba bangata ba bohlale ba lekang ho etsisa seo likho li iketsetsang sona feela ka tlhaho.”
U nahana’ng ka see? Na sekho le tepo ea sona e matla joaloka tšepe ea setala li bile teng ka tšohanyetso feela, kapa li entsoe ke ’Mōpi ea bohlale?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Setšoantšo se hōlisitsoeng sa ha sekho se ntša tepo
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Copyright Dennis Kunkel Microscopy, Inc.