Na Bokebekoa Bo Tsoile Taolong?
◼ Morutoana ea sa pheleng hantle kelellong, ea hlometseng haholo, o bolaea liithuti-’moho le eena le matichere sekolong.
◼ Ho koeteloa ha ngoananyana ea tlaase lilemong ho bakela batsoali masisa-pelo.
◼ Mocha e mong o bolela hore o bolaile motho e le hore feela a utloe hore na ho joang le hore o bontšitse metsoalle ea hae setopo seo ’me eona ea qeta libeke e entse taba eo pinyane.
◼ Batho ba hlekefetsang bana ka tsa thobalano ba fanana malebela inthaneteng hore na ba ka hohela bana joang.
LITLALEHO tsena ke tse ling tsa liketso tse seng kae tsa bokebekoa tse tlalehoang litabeng matsatsing ana. Na u ikutloa u sireletsehile sebakeng seo u lulang ho sona, haholo-holo bosiu? Na u anngoe ke liketso tsa bokebekoa kapa li amme beng ka uena? Batho ba limilione lefatšeng ka bophara—esita le linaheng tseo ho neng ho nkoa hore li batla li sireletsehile—baa lumela hore ba lula ba tšohile bokebekoa le pefo. Nahana ka litlaleho tse latelang tse tsoang linaheng tse sa tšoaneng.
JAPANE: Asia Times e tlaleha tjena: “Japane e kile ea e-ba e ’ngoe ea linaha tse sireletsehileng ka ho fetisisa lefatšeng . . . Empa hona joale, boikutlo ba tšireletseho boo pele batho ba neng ba e-na le bona ho bonahala bo ile, ’me boikutlo ba hore naha e sireletsehile bo nketsoe sebaka ke ho tšoenyeha ka bokebekoa le ka bokhukhuni bo etsoang lefatšeng ka bophara.”
LATIN AMERICA: Ka 2006, koranta e ’ngoe e tlalehile hore ba boholong ba re likhukhuni li tlil’o loantšana motseng o moholo oa São Paulo. Mopresidente oa naha o khothallelitse hore ho behoe masole literateng tsa motse oo ka lebaka la liketso tse mabifi tse bileng teng libekeng tse ’maloa ka linako tse sa tšoaneng. Tlaleho e koranteng e bitsoang Tiempos del Mundo e re, “kaha bacha ba ka bang 50 000 [Amerika Bohareng le Mexico] ke litho tsa likenke, seo se etsa hore ba boholong sebakeng seo ba lule ba falimehile.” Koranta eo e phaella ka ho re: “Selemong sa 2005 feela, batho ba ka bang 15 000 ba bolailoe ke likenke tsa bacha El Salvador, Honduras le Guatemala.”
CANADA: Ka 2006, USA Today e ile ea re: “Litsebi tse shebaneng le bokebekoa li amehile ka ho eketseha ha likenke ka sekhahla. Mapolesa . . . a re ho na le likenke tse 73 motseng oa Toronto.” E boetse e re mookameli oa mapolesa a Toronto oa lumela hore ha ho na tharollo e bonolo bothateng bo ntseng bo hōla ba likenke tsa litoropong.
AFRIKA BOROA: Patrick Burton, ea fuputsang liketso tsa bokebekoa, o boletse sena koranteng ea Financial Mail: “Bacha ba Afrika Boroa ba lula ba aparetsoe ke ho tšaba bokebekoa.” Koranta eo e re bo akarelletsa “liketso tse mabifi tsa bokebekoa tse joaloka bosholu ba boqhobane, ho nkela batho likoloi le ho nkela banka chelete ka likhoka.”
FORA: Batho ba bangata ba lulang lifoleteng ba lula ba tšohile ha “ba hloa litepising tse sentsoeng, ba kena libakeng tseo ho leng kotsi ho paka likoloi ho tsona le ha ba sebelisa lipalangoang tsa sechaba tseo ho leng kotsi ho li sebelisa ha letsatsi le se le liketse.”—Guardian Weekly.
UNITED STATES: Likenke li tlatsetsa bokebekoeng bo seng bo ntse bo jele setsi. Ho ea ka tlaleho e koranteng ea The New York Times, phuputso e entsoeng ke mapolesa e bontša hore sebakeng se seng moo, ho na le bacha ba ka bang 17 000, ba bashemane le ba banana, bao e leng litho tsa e ’ngoe ea likenke tse 700. Sena se bolela hore ka lilemo tse ’nè feela litho tsena li eketsehile ka tse ka bang 10 000.
BRITHANI: Ha The Times ea London e bua ka tlaleho ea UNICEF ea hore na bokebekoa bo ama bana joang, e ile ea re: “Bacha ba bangata ba Brithani ba bolaoa ka ho thunngoa. . . . Bana ba thunngoang le ba thunyang e ntse e e-ba ba banyenyane le ho feta.” Lenane la batšoaruoa le eketsehile ka sekhahla Engelane le Wales ho fihla ho ba ka bang 80 000.
KENYA: Tlaleho e ’ngoe ea litaba e re ’mè e mong le morali oa hae, ba ileng ba lieha ho tsoa ka koloing, ba ile ba thunngoa ke likebekoa haufi le tsela e khōlō e phetheselang. Motse-moholo oa Kenya, Nairobi, o tumme ka liketso tsa mefuta ena kaofela ea bokebekoa, e akarelletsang ho nkela batho likoloi, ho ba tšoara poho le ho ba patela malapeng.
Na bokebekoa bo tsoile taolong? Sesosa sa bokebekoa ke eng? Hona na ho na le lebaka la ho tšepa hore ka le leng batho ba tla ke ba phele ka khotso le tšireletseho ea sebele? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena.