Na Bothata ba Bokebekoa Bo Ka Rarolloa?
“Liphuputso li bontša hore likebekoa tse ngata li tla ’ne li tsoele pele li tlatlapa batho, esita le ka mor’a hore li lokolloe teronkong, ’me seo se tla ’ne se bake tšenyo e khōlō, eseng feela tabeng ea lichelete.”—Inside the Criminal Mind, ka Dr. Stanton E. Samenow.
HO SA natsoe hore na u phela karolong efe ea lefatše, ho bonahala letsatsi le leng le le leng ho hlaha mefuta e mecha e tšosang ea bokebekoa. Ka hona, ho loketse hore re ipotse: Na mehato e nkoang ho thibela bokebekoa hajoale ea sebetsa—e akhang ho fana ka likotlo tse boima, ho koalla likebekoa teronkong le e meng e joalo? Na teronko e fetola likebekoa? Habohlokoa le ho feta, Na sechaba se sebetsana le bothata bo ka sehloohong bo bakang bokebekoa?
Ha Dr. Stanton E. Samenow a bua ka mehato e teng hajoale ea ho thibela bokebekoa, oa ngola: “Ka mor’a hore sekebekoa se be teronkong, se ka ’na sa e-ba mano le ho feta ’me sa ba hlokolosi haholo, empa se ntse se tsoela pele ho phela ka bomenemene le ho etsa liketso tsa bokebekoa. Lipalo-palo tsa ba phetang liketso tsa bokebekoa li bontša feela hore na sekebekoa se bile bothoto hakae hore se boele se tšoaroe.” Kahoo, bonneteng hangata literonko e ba likolo tse rutang likebekoa ho ba manere le ho feta; e se ka morero, li li thusa hore li ntlafatse mekhoa ea tsona ea ho phelisa sechaba habohloko.—Bona lebokose le reng “‘Na ke Likolo Tsa Bokebekoa’?” leqepheng la 7.
Ho feta moo, hangata likebekoa ha li otleloe liketso tsa tsona tse mpe, ’me seo se etsa hore linokoane li fihlele qeto ea hore bokebekoa boa putsa. Qeto ena e ka etsa hore li be sebete haholoanyane ’me li ikemisetse le ho feta litseleng tseo tsa tsona. ’Musi e mong ea bohlale o kile a ngola a re: “Kahobane kahlolo khahlanong le mosebetsi o mobe ha ea phethisoa ka potlako, ke ka lebaka leo lipelo tsa bara ba batho li ikemiselitseng ka botlalo ka ho bona ho etsa bobe.”—Moeklesia 8:11.
Na Likebekoa li Tlangoa ke Maemo Kapa Lia Ikhethela?
Na ha ho letho leo batho ba bang ba ka le etsang hore ba phele haese feela hore e be likebekoa? Samenow o re: “Ke ne ke nahana hore bokebekoa ke mokhoa o tloaelehileng, mohlomong le o bileng o loketseng ka lebaka la bofuma bo matla, ho hloka botsitso le ho nyahama ho neng ho aparetse likebekoa bophelong.” Empa ka mor’a hore a etse phuputso e tebileng, o ile a fetola maikutlo a hae. O ile a fihlela qeto ea hore “likebekoa li ikhethela ho etsa bonokoane. Bokebekoa . . . bo ‘bakoa’ ke tsela eo motho a nahanang ka eona, eseng sebaka seo a phelang ho sona.” Samenow o phaella ka ho re: “Boitšoaro ba motho bo susumetsoa haholo-holo ke tsela eo a nahanang ka eona. Pele re etsa lintho, re nahana ka tsona, re boetse re nahana ka tsona ha re ntse re li etsa esita le ka mor’a hore re li etse.” Kahoo ho e-na le ho nahana hore ha ho letho leo likebekoa li ka beng li le entse, o ile a fihlela qeto ea hore “ke tsona tse ikhethelang ho tlatlapa batho ba bang, le hore li ikhethetse ka boithatelo ho phela ka tsela eo.”a
Lentsoe la bohlokoa mona ke “ikhethetse.” Ha e le hantle, haufinyane tjena sehlooho sa koranta e ’ngoe ea Brithani se ile sa re: “Bokebekoa ke Mosebetsi oo Bahlankana ba Metseng e Meholo ba Ikhethelang Oona Hore ba Ntlafatse Bophelo ba Bona.” Batho ba na le bolokolohi ba ho ikhethela ’me ba ka ikhethela tsela eo ba batlang ho phela ka eona, esita le maemong a thata haholo. Ho ke ke ha latoloa hore batho ba limilione ba hula ka thata letsatsi ka leng ka lebaka la khethollo le bofuma bo teng sechabeng, kapa mohlomong ba lula malapeng ao ho se nang tšebelisano e ntle; empa ha ba fetohe likebekoa. Samenow o re: “Likebekoa ke tsona tse bakang bokebekoa, ha bo bakoe ke hore motho o lula sebakeng se kotsi, kapa hore batsoali ha ba hōlise bana hantle, . . . ebile ha bo bakoe ke khaello ea mesebetsi. Bokebekoa ke taba e ka likelellong tsa batho ’me ha e bakoe ke maemo a teng sechabeng.”
Bokebekoa bo Qala Pelong
Bibele e bolela hore se ka pelong ea motho ke sona se mo bakelang hore a etse liphoso, eseng maemo ao a leng ho ’ona. Jakobo 1:14, 15 e re: “Empa e mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.” Ha motho a nahana ka lintho tse mpe, o hōlisa litakatso tse mpe. Sena se ka mo susumetsa hore a etse lintho tse kotsi. Ka mohlala, ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ho ka etsa hore motho a lule a nahana ka ho kopanela liphate, e leng se ka mo bakelang hore qetellong a phethahatse lintho tseo a lulang a li nahana, mohlomong ka tsela e seng molaong.
Lebaka le leng leo re lokelang ho le nahana ke tsela eo ka eona lefatše le buellang boithati, chelete, menyaka le ho ikhotsofatsa hang-hang. Bibele e ile ea bolela esale pele ka mehla ea rōna, ea re: “Matsatsing a ho qetela . . . , batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo [le] ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1-5) Ka bomalimabe, lefatše le khothalletsa boitšoaro bo joalo ka libaesekopo, lipapali tsa video, lingoliloeng le batho ba behang mohlala o mobe, ’me boitšoaro bona bo fella feela ka bokebekoa bo eketsehileng.b Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore batho ka bomong ba itumelle ho susumetsoa ke mekhoa ena. Ha e le hantle, ba bang ba kileng ba itumella ho susumetsoa ke mekhoa ena ba fetotse maikutlo ka ho feletseng hammoho le tsela eo ba phelang ka eona.
Batho ba ka Fetoha!
Hase hore ha motho e kile ea e-ba sekebekoa o tla lula e le sona. Buka e bitsoang Inside the Criminal Mind e bolela hore feela joalokaha e ka ’na eaba motho o ikhethetse ho phela e le sekebekoa, kahoo a “ka khetha tsela e ncha ’me a ithuta ho phela ka mokhoa o nang le boikarabelo.”
Lintho tse ’nileng tsa etsahala bophelong li bontšitse hore batho ba hōletseng maemong leha e le afe a sa tšoaneng ba ka fetoha.c Se hlokahalang ke hore motho a ikemisetse ho fetola maikutlo a hae, lintho tse mo susumetsang le tsela eo a nahanang ka eona, e le hore li lumellane le melao e tsitsitseng ea ’Mōpi oa rōna, ho e-na le ho lumellana le mekhoa e feto-fetohang ea batho. Etsoe ke mang ea re tsebang ho mo feta? Ho feta moo, na hase Molimo ea nang le tokelo ea ho etsetsa batho qeto ea hore na se setle le se sebe ke sefe? Ka lebaka leo, o ile a bululela batho ba tšabang Molimo ba ka bang 40 hore ba ngole seo kajeno re se tsebang e le Bibele e Halalelang—buka e hlollang eo ka nepo e ka bitsoang buka e tataisang batho hore ba phele ka thabo le ka tsela e nang le morero.—2 Timothea 3:16, 17.
Ho ka ’na ha e-ba boima hore re etse liphetoho e le hore re khahlise Molimo, kaha re lokela ho loantša tšusumetso eo re nang le eona ea ho tloaela ho etsa sebe. Ha e le hantle, mongoli e mong oa Bibele o ile a hlalosa maikutlo a loantšanang ao a neng a e-na le ’ona ka hore ke ‘ntoa’! (Baroma 7:21-25) O ile a hlōla ntoeng eo kaha ha aa ka a tšepa matla a hae empa o ile a tšepa matla a Molimo, eo Lentsoe la hae le bululetsoeng le ‘phelang ’me le fanang ka matla.’—Baheberu 4:12.
Ho ja “Lijo Tse Nang le Phepo” Hoa Matlafatsa
’Mele o hloka lijo tse nang le phepo hore o phele hantle. Hape, lijo tseo li lokela ho hlafunoa ka ho feletseng ’me li siloe ka maleng, e leng ho hlokang nako le boiteko. Ka ho tšoanang, hore re phele hantle moeeng, re lokela ho thuisa lipolelo tse tsoang ho Molimo e le hore li thopothele likelellong le lipelong tsa rōna. (Matheu 4:4) Bibele e re: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena . . . , ’me Molimo oa khotso o tla ba le lōna.”—Bafilipi 4:8, 9.
Hlokomela hore re lokela ho ‘tsoela pele re nahana ka’ mehopolo ea Molimo haeba re batla hore mekhoa ea botho ba khale e nkeloe sebaka ke e mecha. Ho hlokahala mamello, kaha khōlo ea moea ha etsahale ka ho panya ha leihlo.—Bakolose 1:9, 10; 3:8-10.
Nahana ka mohlala oa mosali e mong ea ileng a hlekefetsoa ka thobalano ha e sa le ngoana; o ile a qala ho sebelisa lithethefatsi, a noa joala ’me a tsuba; ’me hona joale o ahloletsoe ho hlola teronkong bophelo bohle ba hae ka lebaka la liketso tse ’maloa tsa bokebekoa. Ha a le teronkong moo, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me a sebelisa linnete tseo a neng a ithuta tsona. Phello e bile efe? Butle-butle botho ba hae ba khale bo ile ba fetoha ’me a ba le botho bo bocha bo kang ba Kreste. Hona joale ha e sa le lekhoba la menahano e mebe le mekhoa e litšila. E ’ngoe ea litemana tseo a li ratang haholo ka Bibeleng ke 2 Bakorinthe 3:17, e reng: “Joale Jehova ke Moea; moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” Ke ’nete hore le hoja a koaletsoe, o ikutloa a lokolohile ho fapana le pele.
Molimo o Mohau
Mahlong a Jehova Molimo, ha ho na motho eo e leng nama e hlōtseng lithipa.d Mora oa Molimo, e leng Jesu Kreste, o ile a re: “Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong, eseng batho ba lokileng.” (Luka 5:32) Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba boima hore motho a fetohe e le hore a phele ka melao ea Bibele. Empa ba atlehang ke ba nang le mamello le ba amohelang thuso eo Molimo a fanang ka eona, e akarelletsang tšehetso e lerato ea Bakreste ba nahanang ka lintho tsa moea. (Luka 11:9-13; Bagalata 5:22, 23) E le ho thusa batho hore ba fetohe, kamehla Lipaki Tsa Jehova li etela literonkong lefatšeng ka bophara ho ithuta Bibele—ntle ho tefo—le banna le basali ba ikemiselitseng ba entseng mefuta eohle ea liketso tsa bokebekoa.e Literonkong tse ngata, Lipaki li boetse li tšoara liboka tsa Bokreste beke le beke.—Baheberu 10:24, 25.
Le hoja ba bang bao pele e neng e le linokoane ba lahlile mekhoa ea bona ’me ba fetohile Bakreste ba ’nete, Bibele e bua ka ho toba ka “ho eketseha ha tlōlo ea molao.” (Matheu 24:12) Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, boprofeta boo ke karolo ea boprofeta bo boholo bo buang ka litaba tse molemo haholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batho ba bang ba etsa liketso tsa bokebekoa ka lebaka la lefu la hlooho, haholo-holo linaheng tseo batho ba kulang kelellong ba tloheloang hore ba itsamaele literateng ’me ba e-na le libetsa. Leha ho le joalo, sehlooho sena ha se bue ka taba ena e rarahaneng.
b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka taba ena ea bokebekoa, bona Tsoha! ea March 8, 1998, leqepheng la 3-9, “Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao—Neng?” le ea August 8, 1985, leqepheng la 3-12, sehloohong se reng “Na Literata tsa Rōna Li tla ke li Hloke Bonokoane?”
c Makasine ena le e tsamaisanang le eona, e leng Molula-Qhooa, hangata li ’nile tsa tlaleha ka batho ba ileng ba susumetsoa ke ’nete ea Bibele hore ba tlohele ho phela ka bokebekoa. Bona Tsoha! ea July 2006, leqepheng la 11-13 le ea October 8, 2005, leqepheng la 30-1, hammoho le Molula-Qhooa oa January 1, 2000, leqepheng la 4-5 le oa October 15, 1998, leqepheng la 27-9, hammoho le oa February 15, 1997, leqepheng la 21-4.
d Bona sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Na Molimo o Tšoarela Libe Tse Tebileng?” leqepheng la 10.
e Bona lebokose le reng “Ho Thusa Batšoaruoa ho Tseba Molimo,” leqepheng la 9.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 5]
Batho ba limilione ba futsenehileng ha e be likebekoa
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]
“BA TŠOAROA HAPE LE PELE HO FETA LILEMO TSE PELI”
Sehloohong se seng se hlahileng koranteng ea The Times ea London, Engelane, ho tlalehiloe hore ho batho ba bang le ba bang ba lekholo ba ahloletsoeng ho hlola teronkong Brithani ka lebaka la ho thuha malapeng le bosholu, ba fetang 70 ba tšoaroa hape le pele ho feta lilemo tse peli. Liketso tse ngata tsa bokebekoa li etsoa ke batho ba lemaletseng lithethefatsi ba batlang ka mahlo a matšo chelete ea ho lefella lithethefatsi tsena tse bitsang haholo, tse senyang bophelo ba bona.
[Lebokose leqepheng la 7]
‘NA KE LIKOLO TSA BOKEBEKOA’?
Moprofesa John Braithwaite o ngotse tjena tlalehong ea UCLA Law Review: “Literonko ke likolo tsa bokebekoa.” Bukeng ea hae e reng Inside the Criminal Mind, Dr. Stanton E. Samenow o re “likebekoa tse ngata li ithuta ka phihlelo,” empa eseng seo batho ba batlang hore li ithute sona. O re: “Ha motho a le teronkong o na le nako e ngata le monyetla oa ho ithuta ho ba sekebekoa se li shebileng le ho feta. . . . Ha e le hantle likebekoa tse ling li atleha le ho feta, li ikakhela ka setotsoana liketsong tsa bokebekoa empa li ba seli hore li se ke tsa tšoaroa.”
Khaolong e ’ngoe e latelang, Samenow o re: “Teronko ha e fetole botho ba sekebekoa. Ebang se teronkong kapa se ka ntle, se theha maqhama, se ithuta maqiti a macha, ebile se ruta tse ling maqiti ao se a sebelisang.” Senokoane se seng se ile sa re: “Ho koalloa teronkong ho entse hore ke be tichere ea bokebekoa.”