Na Ehlile ke Sefate?
KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA
LIFATE tsa Australia tsa boab, tse pharaletseng le tse chitja, tse melang sebakeng se matsutla-tsutla, se omeletseng, li ka ’na tsa bonahala li sa tloaeleha, kapa li bile li le mpe. Nakong ea komello, lifate tsa boab tse hlohlorehileng makhasi, li bonahala eka ke sebōpuoa se makatsang se manaka a shebileng holimo, ho e-na le ho shebahala joaloka sefate. Ho ea ka tšōmo ea matsoalloa a Australia sefate sena se ile sa rohakoa eaba sea hlanama!
Lifate tsena li batla li le tšesaane li bile li shebahala hantle ha li sa le nyenyane. Empa ha li tsofala, li ba le likutu tse khōlō tse ngoapehileng. Ka 1837, mofuputsi George Grey o ile a ngola hore lifate tsa boab li “shebahala joalokaha eka li tšoeroe ke boloetse bo itseng.” Ke hobane’ng ha lifate tsa boab li fapane hakaale le lifate tse ling, hona ke hobane’ng ha batho ba lulang mahaeng, ho kopanyelletsa le matsoalloa a Australia, ba li nka e le tsa bohlokoa ba bile ba li rata?
Li Rateha le ho Feta ha li le Khutšoanyane
Ka tloaelo, lifate tsa boab li mela Afrika, Madagascar le karolong e ka leboea-bophirimela ea Australia. Le hoja linaheng tse ngata ho thoe ke lifate tsa baobab, ke khale Maaustralia ’ona a li bitsa lifate tsa boab. Ka bosoasoi, batho ba moo ba bolela hore Baroa ba ne ba rata ho khutsufatsa mantsoe hobane ba ne ba sa batle ho bua nako e telele esere ba koenya lintsintsi tse ngata tse neng li lula li fofa. Kahoo ba ile ba khutsufatsa baobab ba re ke boab, ’me ka mor’a nakoana lebitso leo le lecha le ile la tloaeleha puong ea batho ba moo.
Lifate tsa boab li boetse li bitsoa lifate tsa likhoto tse shoeleng. Ke hobane’ng ha li rehiloe lebitso le makatsang joalo? Ha motho a le hōle, o bona makhapetla a tšetseng peō a lepeletse eka ke likhoto tse shoeleng tse leketlisitsoeng ka mehatla. ’Me ha a senyehile aa puta ebe a hlahisa letsuka le matla le kang la nama e bolileng. Empa ha a ntse a le boemong bo botle a ba le lipalesa tse khōlō tse tšoeu tse nkhang hamonate.
Li Etselitsoe ho Mamella Maemo a Thata
Lifate tsa boab li mela ka bongata sebakeng se ka thōko sa Kimberley, Australia Bophirimela, le sebakeng se haufi le sona se Karolong e ka Leboea. Libakeng tseo, ho na le linako tse peli tsa selemo, e leng nako e khutšoanyane eo ho nang pula e matla ea lifefo le nako ea komello.
Hoa tsebahala hore lifate tsa boab li khona ho inchafatsa. Li atisa ho phela lilemo tse makholo. D. A. Hearne, eo e leng setsebi sa limela, o re: “Esita le haeba sefate seo se ka senngoa hampe ke mollo kapa sa eboha ka ho feletseng, hangata se tsoela pele se phela, ka mor’a hore se inchafatse.”a Oa phaella: “Sefate sena se matla hoo se tla tsoela pele se hōla ka tsela e tloaelehileng ntle le haeba se ne se sentsoe ka ho feletseng.” Sefate se seng sa boab se neng se kentsoe ka lebokoseng se emetse ho romeloa linaheng tse mose ho maoatle ha sea ka sa shoa empa se ile sa ntša metso le pakeng tsa mapolanka ’me ea kena mobung!
Lifate tsa boab tse melang ka har’a melatsoana e nang le majoe, mafikeng kapa lithoteng tse lehlabathe, li atisa ho ba telele ho feta lifate tse ling tse haufi le tsona. Sehlabeng sa Kimberley, lifate tse ling tsa boab li hōla ho fihla limithareng tse 25 kapa ho feta ’me botenya ba tsona bo batla bo lekana le bolelele ba tsona.
Metsi ke ’ona a etsang hore lifate tsa boab li be khōlō hakana. Lehong la sefate sa boab le bonolo ’me le khona ho boloka metsi a mangata ho tšoana le seponche. Ka mor’a hore se monye metsi a pula e nang ka lifefo, sefate sa boab se kokomoha haholo. Butle-butle se boetse sea honyela nakong ea komello.
Mariha ha ho bata haholo, lifate tse ling li hlohloreha makhasi. Empa lifate tsa boab tsona li hlohloreha makhasi nakong e telele ea komello. Ha nako ea komello e fela, lia thunya ’me li ba le makhasi a macha. Kaha sena se bontša hore nako ea lipula e atametse, ka linako tse ling batho ba moo ba re lifate tsa boab ke k’halendara.
Lipalesa tsa tsona li thunya bosiu feela ebe ka mor’a lihora tse seng kae feela lia pona ha letsatsi le chaba. Makhapetla a tšetseng peō a hōla ho fihlela e le linate tse khōlō, kapa maraka, a oela fatše ebe a qhala peō.
Sefate sa Bophelo
Ke khale matsoalloa a Australia a lulang Kimberley a nka lipete tsa lifate tsa boab, makhasi a tsona, boka ba tsona le metso ea tsona e le lijo tsa bohlokoa. Pele lipete tsa tsona li omella, li ba le karolo e tšoeu e bonolo e monate. Linakong tsa komello, matsoalloa a Australia a ne a hlafuna karolo e thata e likhoele ea sefate le metso ea sona, e le hore a fumane metsi a hlokahalang. Nakong ea lipula, ka linako tse ling a ne a fumana metsi a bokellane likoting, moo makala a qalang teng sefateng.
Ka 1856, ha mofuputsi Augustus Gregory le moifo oa hae ba ne ba le Sehlabeng sa Kimberley ba ile ba tšoaroa ke boloetse bo bakoang ke khaello ea vithamine C, eaba ba belisa lipete tsa litholoana tsa sefate sa boab hore ba etse “jeme e monate.” Kaha lipete tseo li na le vithamine C e ngata, li ile tsa thusa banna bao ho hlaphoheloa ka potlako.
Li Senola Lintho Tse Etsahetseng Khale
Nakong e fetileng, lifate tsa boab li ne li sebelisoa ke matsoalloa a Australia le Maeurope ho ngola melaetsa ea bohlokoa. Ka 1820 sekepe se bitsoang Mermaid se neng se sebelisetsoa ho etsa lipatlisiso se ile sa emisa lebōpong la Kimberley e le hore se lokisoe. E le ha a mamela litaelo tse tsoang lefapheng le laolang lebotho la metsing la Brithani, Motsamaisi Phillip Parker King o ile a ngola mantsoe a reng “HMC Mermaid 1820” kutung ea sefate se seholo sa boab.
Ka nako eo, sefate seo se ileng sa bitsoa Sefate sa Mermaid, se ne se le botenya ba limithara tse 8,8. Kajeno se botenya ba limithara tse fetang 12,2. Le hoja hona joale mantsoe a ngotsoeng ho sona a se a sa hlaka hakaalo, a ntse a hopotsa batho ka seo bafuputsi bao ba pele ba se entseng. Melaetsa e ngotsoeng lifateng tse ling tsa khale tsa boab e ntse e bonahala le kajeno ’me bahahlauli ba tsoang libakeng tse ling tsa lefatše ba ’nile ba e bona.
Ha Maeurope a fihla Sehlabeng sa Kimberley, lifate tse khōlō tsa boab e ile ea e-ba matšoao, libaka tseo ho kopaneloang ho tsona le tseo a hlomang liahelo ho tsona naheng ena eo a neng a sa e tsebe. Bo-ramehlape ba ne ba phomotsa likhomo tsa bona tlas’a lifate tsa boab tse neng li ngotsoe mabitso a mefuta-futa, a kang Hotele ea Maemo a Phahameng, Hotele ea ho Ikhatholla le ba Bang, kapa Hotele ea Boreneng.
Ka 1886, ha matsoalloa a Australia a neng a tletse bora a utsoetsa mojaki August Lucanus oa Mojeremane sekepe, eena le moifo oa hae ba ne ba emetsoe ke leeto la lik’hilomithara tse 100 ho ea motseng oa Wyndham. Ba ne ba tlameha ho feta melatsoaneng le linōkeng tse nang le likoena. Hamorao Lucanus o ile a ngola hore eena le moifo oa hae ba ile ba sebelisa buka e neng e ngotse tlaleho ea liketsahalo ea mofuputsi e mong ea neng a tlile pejana ho fumana “moo a neng a tsetetse tse ling tsa lithulusi tsa hae tsa ho betla mapolanka tlas’a sefate se seholo sa boab se haufi le Pitt Springs, se neng se ngotsoe litlhaku tse emelang lebitso la hae.” Ho makatsang ke hore banna bao ba ile ba fumana sefate seo le lithulusi. Joale ba “rema sefate se seholo sa boab,” ’me ka mor’a matsatsi a mahlano ba be ba hahile seketsoana. Se ile sa sesa hantle, ’me bohle ba fihla hae ba sireletsehile.
Lifate tse peli tsa boab tse tummeng haholo ke se bitsoang Teronko ea Derby le se bitsoang Teronko ea Wyndham, tse reheletsoeng ka metse e haufi le tsona. Batho ba bangata ba lumela hore lifate tsena tsa litonanahali tse fatiloeng, tseo mekoti ea tsona e leng meholo hoo e ka kenyang batho ba ’maloa, li ne li sebelisoa e le lichankana lekholong la bo19 la lilemo. Empa bo-rahistori ba bang ba kajeno ba belaella bonnete ba taba ena. Leha ho le joalo, lifate tseo lia ikhetha ’me bahahlauli ba li rata haholo.
Ho Etsa Litšoantšo ka Sefate sa Boab
Ka nako e ’ngoe batho ba ne ba fata litšoantšo le ho ngola melaetsa likutung tsa lifate tsa boab. Empa mehleng ena baetsi ba litšoantšo ba mahaeng ha ba sa sebelisa lifate ho e-na le hoo ba sebelisa linate tsa tsona tse bōpehileng joaloka mahe, tse ka bang bolelele ba lisenthimithara tse 25 ’me tsa ba bophara ba lisenthimithara tse 15.
Ha motho ea etsang litšoantšo a qeta ho kha nate e loketseng sefateng, o sebelisa thipa ho etsa litšoantšo tse ipiletsang nateng eo e ’mala o mosootho. Litšoantšo tseo ba atisang ho li toroea li akarelletsa tsa liphoofolo tsa sebakeng seo, tsa matsoalloa a Australia ha a tsoma, tsa lifahleho tsa batho le tsa batho ka bobona. Litšoantšo tsena li ratoa haholo ke batho ba ratang ho bokella lintho tsa bohlokoa. Li boetse li rekoa ke bahahlauli le bo-ramabenkele ba sebakeng seo.
Ke ’nete hore e ka ’na eaba sefate sa boab hase seholo joaloka sefate sa sequoia le sa popoliri, kapa hase mebala-bala joaloka sefate sa maple nakong ea hoetla. Empa sefate sena se ikhethang, se sa shoeng habonolo ke letlotlo la bohlokoa ho baahi ba mahaeng a Australia, se tlotlisa ’Mōpi ’me mohlomong se bile se bontša hore o rata lintho tse tšehisang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha sefate se eboha, se khakhapheha lekhapetla le se koahetseng. Sena se etsa hore sefate se se ke sa fumana lero le se phelisang ’me seo se bolaea lifate tse ngata.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lipalesa li thunya bosiu ’me lia pona ka mor’a lihora tse seng kae feela
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Setšoantšo se kang sa mankhoshepe se toroiloeng nateng ea sefate sa “boab”