Hase Feela Lintho Tsa ho Bapalisa Bana
BAEGEPETA ba ne ba li etsa ka mapolanka, Majapane a li etsa ka pampiri e mennoeng, Majeremane a li etsa ka letsopa ’me Maeskimo a li etsa ka letlalo la qibi. Batho ba baholo baa li bokella. Bana baa li rata. Ke ling? Ke lipopi.
The World Book Encyclopedia e re: “Lintho tse ngata tse bōpehileng joaloka lipopi mehleng ea khale li ne li sebelisetsoa boselamose kapa borapeli, eseng ho bapalisa bana.” Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba apesa lehong le tšoanang le lesokoana la seketsoana ka ho le penta ka mebala-bala, ebe bakeng sa moriri ba le khabisa ka likhoele tse kentsoeng lifaha tsa letsopa. Ba ne ba kenya “lipopi tsena” ka mabitleng a bafu ba bona ka tumelo ea hore lipopi tseo li ne li tla ba sebeletsa bophelong ba ka mor’a lefu. Batho ba tletseng boiphetetso ba West Indies ba ne ba hlaba lipopi tsa voodoo ka liphini ka tšepo ea hore seo se tla lematsa lira tsa bona.
Lichabeng tse ngata, lipopi li ne li amana le mekete ea ho etsa hore basali ba be le thari. Ka mohlala, Greece ea boholo-holo banana ba neng ba le haufi le ho nyaloa ba ne ba isa lipopi aletareng ea Artemise, e leng molimotsana oa tsoalo. Mehleng ena, basali ba morabe oa Maashanti, Ghana, Afrika, ba tsamaea ba tlamme popi thekeng ka tšepo ea hore e tla ba thusa hore ba be le bana ba batle. Banana ba bang Syria ba faselletsa lipopi lifensetereng e le tsela ea ho bolela hore ba se ba le lilemong tsa ho nyaloa.
Ka la 3 March selemo se seng le se seng, ho sebelisoa lipopi moketeng o tšoareloang Japane o bitsoang Hina Matsuri, kapa Mokete oa Lipopi. Japan—An Illustrated Encyclopedia e bolela hore mokete ona oo hape o tsejoang e le oa banana, “o tsoa litsong tse sa tšoaneng. O mong ke mokete oa Machaena oa ho tlosa sesila o neng o etsetsoa pel’a nōka mathoasong a khoeli ea boraro. Nakong ea Heian (794-1185), ka la tharo khoeling ea boraro, bahlokomeli ntlong ea borena ba ne ba bitsa linohe hore li tl’o ba tlosa sesila, li se fetisetse litšoantšong tsa pampiri . . . , tse neng li akheloa ka nōkeng kapa ka leoatleng.”
Lipopi li Sebelisetsoa ho Bapala
Nakong ea puso ea Edo Japane (1603-1867), lipopi tse neng li etsetsoa bana ka ho khetheha e ne e le tse batlang li tšoana le batho ba sebele ’me li ne li apesoa ka litsela tse sa tšoaneng. Tse ling li ne li tsamaisoa ka mehala, ka liporing, mechine e nang le mabanta a hulang le ka liropo tsa lehong. Popi e ’ngoe e ne e bile e khona ho isetsa moeti kopi ea tee e be e khutle le kopi eo!
Encyclopedia e ’ngoe e re pele ho lilemo tsa bo-1700 linaheng tsa Bophirimela, “bana ba ne ba sa be le nako ea bongoana joaloka kajeno. Bana ba ne ba nkoa joaloka batho ba baholo ’me ho lebeletsoe hore ba itšoare joaloka bona.” Bana le batho ba baholo ba ne ba etsetsoa lipopi ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-1800, ho ile ha hlokomeloa hore ke habohlokoa hore bana ba bapale e le hore ba hōle hantle. Ka lebaka leo, indasteri ea ho etsa lipopi e ile ea hōla Europe.
Khale koana ka 1824, baetsi ba lipopi ba Jeremane ba ile ba qapa lipopi tse khonang ho re “mama” le “papa.” Hamorao hona lekholong leo la lilemo, ba ile ba etsa lipopi tse tsamaeang. Moqapi oa Leamerika ea bitsoang Thomas Edison o bile a etsa lipopi tseo ho neng ho rekotiloe mantsoe a etsang hore eke lia bua. Khabareng, Mafora a ile a etsa popi e neng e bitsoa Bébé Gourmand, e neng e khona ho ja. Mafora a ile a hlahella ka ho etsa lipopi tsa feshene, tse neng li rekisoa li iterekile. Beng ba lipopi tsena ba ne ba ka li rekela lintho tse kang likama, boea, lifehla-moea le thepa ea ka tlung.
Lekholong la bo20 la lilemo, ho bile le keketseho e khōlōhali tlhahisong ea lipopi. Ho sebelisoa ha polasetiki lilemong tsa bo-1940 ho ile ha etsa hore baetsi ba lipopi ba hlahise tse theko e tlaase empa li entsoe ka bokhabane. Popi ea polasetiki e bitsoang Barbie ke eona e ’nileng ea ratoa haholo indastering ea lipopi ho tloha ha e ne e etsoa ka 1959. Ho rekisitsoe tse fetang limilione tse sekete, ’me ka 1997 feela, li ile tsa kenya chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse likete li 12,2.
Lipopi li Sebelisetsoa ho Ruta
E le ho ruta bana ba bona ka melimo ea setso, Maindia a Pueblo a ka boroa-bophirimela United States a ne a sebelisa lipopi tsa kachina, tse neng li etsoa ka metso ea lekhala kapa ea phaene. Nakong ea mokete o khethehileng, e mong o ne a apara joaloka o mong oa melimo ena a bile a iketsa eka ke oona. Ka mor’a moo, batsoali ba ne ba fa bana ba bona popi e tšoanang le molimo oo e le hore ha ba ntse ba bapala ka eona, ba ka tloaelana le molimo oo.
The World Book Encyclopedia e re lipopi “li thusa ngoana ho bonahatsa tsela eo a ikutloang ka eona ha a utloile bohloko, a halefile le ha a ikutloa ka litsela tse ling. Ho bapala ka lipopi ho etsa hore bana ba ikoetlisetse boikarabelo boo ba nahanang hore ba tla bo phetha ha ba se ba hōlile.” Popi e ’ngoe e bontšoang Moketeng oa Letsatsi la Bana o bang teng Japane selemo se seng le se seng ka May ke ea mohlankana ea apereng liaparo tsa mohlabani. Popi ena e sebelisetsoa ho khothalletsa bashanyana hore ba hōle e le batho ba matla, ba hlomphehang sechabeng, ho latela setso sa moo.
Kaha ho ba le kamano e matla pakeng tsa bana le lipopi tsa bona, batsoali ba bohlale ba nahana ka ho teba ka tšusumetso eo lipopi li ka bang le eona khōlong ea bana ba bona. Ka mohlala, ba bang ba lumela hore ponahalo ea lipopi tse ling le liaparo tsa tsona tse ngata-ngata li ka ’na tsa e-ba le phello e mpe ho banana. Setsebi se seng se bolela hore lipopi tseo ‘li ka fetisa molaetsa o fosahetseng o ka etsang hore banana ba nahane hore ponahalo ke ea bohlokoa ho feta botho ba bona.’
Motho leha e le ofe ea kileng a bona ha bana ba bapala ka popi oa hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na popi eo e entsoe ka lesela, ka pampiri, ka lehong, ka polasetiki kapa ka ntho leha e le efe e ’ngoe, bana ba e nka e se ntho feela tjee ea ho bapala. Ba e nka e le motsoalle eo ba bapalang le eena le eo ba ka mo tšepang bongoaneng ba bona.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Lipopi tsa khale li Boetse Lia Ratoa
Ho bokella lipopi e se e le mokhoa o ratoang haholo. O ile oa tloaeleha haholo lilemong tsa bo-1970 ’me oa fetoha khoebo ea machaba. Ba li bokellang ba batla lipopi tsa polasetiki tse theko e tlaase kapa tse sa tloaelehang tse kang popi ea Kämmer le ea Reinhardt. E ’ngoe ea lipopi tsena tse entsoeng Jeremane mathoasong a bo-1900 e ile ea rekisoa fantising ka chelete e kaalo ka liranta tse limilione li 1,9! Musiamo oa Sechaba oa Lintho Tsa ho Bapala oa Strong, o motseng oa Rochester, New York, ke o mong oa limusiamo tse bokeletseng lipopi tse ngata ka ho fetisisa, tse ka bang 12 000.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]
Lebaka Leo Batsoali ba Lokelang ho Ameha ka Lipopi
Batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang tšusumetsong e mpe e ka bakoang ke lipopi tse ling? The Washington Post e itse: “Joaloka indasteri ea koae nakong e fetileng, ka tloaelo liindasteri tsa boithabiso le tse etsang lintho tse bapalisang bana li hana ho jara boikarabelo ’me ha ho bonahale eka li tla ithaopela ho etsa phetoho.” Ho hlakile hore batsoali ba lokela ho phetha boikarabelo ba bona.
Bibele e laela batsoali hore ba fe bana taeo e loketseng letsatsi le letsatsi. (Deuteronoma 6:6-9; Liproverbia 22:6) Ba ka laea bana ba bona joang ka tsela e ka ba sireletsang tšusumetsong e mpe eo lipopi tse ling li ka bang le eona? ’Mè e mong o re o ile a balla morali oa hae lengolo la 1 Timothea 2:9 le buang ka moaparo o hlomphehang eaba o mo thusa hore a nahane ka taba eo. O ile a buisana le morali ka tsela e kang ena:
’Mè: Na lipopi tsee li shebahala eka ke bana kapa ke bo-’mè?
Morali: Li shebahala joaloka bo-’mè.
’Mè: Hobane’ng u re li shebahala joaloka bo-’mè?
Morali: Hobane ’mele ea tsona e tšoana le ea bo-’mè ebile liaparo tsa tsona le lieta ke tsa bo-’mè.
’Mè: U nepile. Joale ka mor’a seo re se balileng Bibeleng, na u nahana hore liaparo tsa lipopi tsee ke tse loketseng Bakreste?
Morali: Che.
’Mè: Hobane’ng?
Morali: Hobane mese ea tsona e mekhutšoaane haholo, . . . mabolause a bulehile haholo sefubeng, . . . ’me liaparo tsa tsona lia li penya.
Ke ’nete hore ho hlokahala hore u etse boiteko e le hore u rute bana ba hao ka melao-motheo ea Molimo e tla etsa hore ba fihlele qeto e joalo. Empa ke habohlokoa haholo! Batsoali ba bangata ba ruile molemo o moholo ka ho sebelisa buka e reng Ithute ho Mosuoe e Moholo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova bakeng sa ho thusa batsoali hore ba rute bana ba bona melao-motheo ea Molimo.
U ka iphumanela buka ena e maqephe a 256 e nang le litšoantšo ka ho ngolla atereseng ena, Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa. Bolela hore u ka rata ho fumana buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Popi ea Majapane e isetsang batho tee
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 26]
Popi ea Mafora ea Bru
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 26]
Top: © SHOBEI Tamaya IX; middle: Courtesy, Strong National Museum of Play, Rochester, New York; bottom: © Christie’s Images Ltd