Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/08 leq. 29
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Sebetsana Joang le Mathata a ho Kula?
    Tsoha!—2008
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2008
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2008
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 6/08 leq. 29

Maikutlo a Babali

Bokamoso ba Bokreste ke Bofe? (February 2007) Boholo ba lintho tseo le li buang li lumellana le Lentsoe la Molimo, ’me ke lumellana le lōna. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse peli tse ntšoenyang ka se ngotsoeng makasineng ea lōna. E ’ngoe ke tsela eo le buang likereke tse ling hampe ka eona, ’me e ’ngoe ke tsela eo ho bonahalang le inka eka le phahametse likereke tse ling. Ho ne ho ka ba hotle hoja kaofela re ne re lumellana ’me re le tumelong e le ’ngoe, empa ha ho joalo. Ha ke bone eka ho na le kereke kapa bolumeli bo molemo ho feta a mang.

S. S., United States

Karabo ea “Tsoha!”: Lipaki Tsa Jehova ha li khahlanong le batho ka bomong ba leng malumeling a mang ebile ha re inke re le molemo ho feta ba bang. Rea tseba hore “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Ka lebaka leo, re ikitlaetsa ka matla re bile re sebelisa seo re nang le sona ’me re qeta nako e ngata re etela batho malapeng a bona ho ba bolella linnete tsa Bibele, ho akarelletsa le tšepo e babatsehang eo Bibele e buang ka eona. Leha ho le joalo, feela joalokaha ka sebete Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba pepesa boikaketsi le liphoso tsa bolumeli, Lipaki Tsa Jehova li etsa se tšoanang.

U Tla Araba Joang? Nakong e fetileng ke ne ke tšohla karolo ena seoelo le bana ba ka ba babeli. Hona joale ke e nka e le thuso e matla eo nka e sebelisang ho ruta bana ba ka linnete tsa Bibele ka ho teba. Ho feta moo, le ’na ke thabela ho e sebelisa hore ke matlafatse tumelo ea ka.

I. H., Czech Republic

Ke thabetse karolo ena e thahasellisang haholo, e mphang lihlooho tseo nka iketsetsang thuto ea botho ka tsona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nahanisitsoe hantle, esita le lintlha tse nyenyane! E bile e nkatametsa haufi haholo le Ntate oa ka ea bohlale, e leng Jehova.

A. S., Russia

“Jehova, Ke Kōpa U Ntumelle Hore ke U Sebeletse” (July 2007) Ka mor’a hore ke bale pale ea bophelo ea Danielle Hall, tumelo ea ka ho Jehova e ile ea matlafala. Ha e sa le ngoana, o ne a se lihlong ho bolella bohle sekolong hore ke Paki ea Jehova. Ke kholisehile hore bana ba bangata ba Lipaki ba ntseng ba kena sekolo ba tla etsa se tšoanang.

A. R., Madagascar

Ke lilemo li robong. ’Na le ’Mè re sa tsoa qeta ho bala phihlelo ea Danielle. E entse hore ke lemohe kamoo ke leng lehlohonolo kateng hobane batsoali ba ka ba ’neteng ’me ha ho boima hore ke sebeletse Jehova. Ntlha eo ke e ratileng haholo ke ea hore “ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, kamehla Jehova o haufi le rōna.” Ntho e ’ngoe eo ke e ratileng ke hore ebe ha Danielle a ne a tsoa sekolong, o ne a lula betheng ’me a bolelle Jehova ka se etsahetseng motšehare joalokaha eka o bua le ntate oa hae. Ke batla ho etsisa mohlala oa hae!

A. D., Italy

“Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ba Bang ba Ntlhokomoloha Kamehla?” (July 2007) Ke thabetse sehlooho sena haholo hobane e ne eka se ngolletsoe ’na. Ke boetse ke thabetse lipotso tse botsitsoeng hammoho le mela e siiloeng hore ke ngole likarabo ho eona. Kea leboha. Se nthusitse haholo.

C. A., Canada

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela