Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/08 maq. 20-21
  • Na ho Loketse ho Bitsa Batho ka Litlotla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Loketse ho Bitsa Batho ka Litlotla?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba Hlompha ha ho Bolele ho Amohela Boitšoaro ba Bona
  • Pauluse o ne a Bitsa ba Boholong ka Litlotla
  • Tlhompho e Nang le Moeli
  • “Ke Ipiletsa ho Sesare!”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Pauluse o Paka ka Sebete ka Pel’a ba Boholong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Thusa ba Bang ho Amohela Molaetsa oa ’Muso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Hlompha Batho ba Mefuta Eohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 9/08 maq. 20-21

Pono ea Bibele

Na ho Loketse ho Bitsa Batho ka Litlotla?

HA Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba etsa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi, ba bile ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ba ne ba kopana le liofisiri tse ’maloa tsa ’muso, tse ling e le tse maemong a tlaase ha tse ling e le tse maemong a holimo. Balateli ba Jesu ba ne ba sa bitsane ka litlotla tse ba khethollang ka maemo a bona. Empa mehleng eo ho ne ho tloaelehile hore batho ba boholong ba bitsoe ka litlotla. Moemphera oa Roma o ne a bitsoa “Ea Tlotlehang.”—Liketso 25:21.

Kahoo ha barutuoa ba Jesu ba ne ba hlaha ka pel’a ba boholong pusong, ba ne ba talima taba ea ho ba bitsa ka litlotla tsa bona joang? Rōna re lokela ho e talima joang?

Ho ba Hlompha ha ho Bolele ho Amohela Boitšoaro ba Bona

Moapostola Pauluse o ile a eletsa balumeli-’moho le eena hore ba ‘fe bohle tse ba lokelang, ea batlang tlhompho, ba mo fe tlhompho e joalo.’ (Baroma 13:7) Sena se ne se akarelletsa ho bitsa ba boholong ka litlotla tsa bona. Kajeno ho tloaelehile hore ba boholong sechabeng ba bitsoe ka litlotla tse kang Mohlomphehi ea Khabane kapa Mohlomphehi. Empa ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Nka bitsa motho ka tlotla eo joang empa ke sa nahane hore o itšoere ka tsela e khabane kapa e hlomphehang?’

Ba bangata ba boholong sechabeng ba ikitlaelletsa ho phetha boikarabelo ba bona, empa ba bang ba etsa hore batho ba se ke ba ba tšepa. Leha ho le joalo, Bibele e re phehella hore re ikokobeletse marena le babusi “ka lebaka la Khosi.” (1 Petrose 2:13, 14) Kahoo, ha re elelloa hore ba na le matla a bolaoli ao Molimo a lumeletseng hore ba be le ’ona, seo se lokela ho re susumelletsa hore re ba hlomphe ka tsela e loketseng.—Baroma 13:1.

Boitšoaro ba motho ea boholong ha bo amehe tabeng ena. Hase bona bo etsang hore a hlomphuoe. Ho bitsa ea boholong ka tlotla e itseng ha ho bontše hore u amohela tsela eo a itšoereng ka eona. Sena se bontšoa ke se etsahetseng bophelong ba moapostola Pauluse.

Pauluse o ne a Bitsa ba Boholong ka Litlotla

Moapostola Pauluse o ile a tšoaroa ka liqoso tsa bohata Jerusalema ’me a isoa ka pel’a Felixe, ’musisi oa Judea. Felixe e ne e se motho ea behang mohlala o motle sechabeng. Rahistori oa Moroma ea bitsoang Tacitus o ile a ngola hore Felixe “o ne a nahana hore a ka etsa ntho leha e le efe e mpe a sa fuoe kotlo ea letho.” O ne a rata ho fuoa tjotjo ho fapana le hore a ahlole ka ho loka. Leha ho le joalo, nakong ea lilemo tse peli tseo Pauluse a li qetileng a le litlamong, o ile a bontša ’musisi eo tlhompho, ’me banna bao ba babeli ba ne ba buisana khafetsa—Felixe a tšepile hore Pauluse o tla mo fa chelete e itseng, eo a sa kang a e fumana, ha Pauluse eena a ne a sebelisa monyetla oo hore a bolele litaba tse molemo.—Liketso 24:26.

Ha Festase a hlahlama Felixe pusong, ’musisi eo e mocha o ile a mamela nyeoe ea Pauluse, Caesarea. Kaha Festase o ne a batla ho ratoa ke baeta-pele ba Bajuda, o ile a etsa tlhahiso ea hore nyeoe ea Pauluse e tšoareloe Jerusalema. Empa kaha Pauluse o ne a tseba hore nyeoe ea hae e tla sokamisoa moo, o ile a sebelisa tokelo ea hae ea ho ba moahi oa Roma, a re: “Ke ipiletsa ho Cesare!”—Liketso 25:11.

Festase o ne a sa tsebe hantle hore na o tla hlalosetsa Cesare joang lintho tseo Pauluse a qosoang ka tsona, empa o ile a thusoa ke ha Morena Agripa II a mo fapohela ho ea mo lumelisa ’me a bontša ho thahasella nyeoe eo. Ka le hlahlamang, morena o ile a kena ka kamoreng ea bamameli ka pontšo e khōlō ea makōkō, a tsamaea le balaoli ba sesole le bahlomphehi ba bang.—Liketso 25:13-23.

Ha Pauluse a fuoa monyetla oa hore a bue, o ile a qala ka ho bitsa Agripa ka tlotla ea hae ea “Morena” a ba a bontša hore Agripa ke setsebi litloaelong le litsekong tsa Bajuda. (Liketso 26:2, 3) Ka nako eo, batho bohle ba ne ba tseba hore Agripa o etsa mahlabisa-lihlong a ho kopanela liphate le khaitseli ea hae. Ka sebele Pauluse o ne a tseba hore Agripa o na le botumo bo bobe ba ho ba ea hlephileng boitšoarong. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a ’na a mo fa tlhompho e loketseng morena.

Ha Pauluse a ntse a ipuella, Festase o ile a hooa, a re: “Ua hlanya, Pauluse!” Ho e-na le hore Pauluse a halefe, o ile a araba ’musisi eo a khobile matšoafo, a mo bitsa “Mohlomphehi ea Khabane.” (Liketso 26:24, 25) Pauluse o ile a mo bontša tlhompho e loketseng boemo ba hae. Leha ho le joalo, mehlala ena e hlahisa potso ea hore, Na ho na le moo re lokelang ho fella teng tabeng ea ho bitsa batho ka litlotla tsa bona?

Tlhompho e Nang le Moeli

Matla a ba boholong pusong a na le moeli kapa a lekanyelitsoe joalokaha ho bontšoa ho Baroma 13:1, e reng: “Balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.” Kahoo, tlhompho e fuoang baemeli ba ’muso le eona e na le moeli. Jesu o ile a bontša hore na tlhompho e fuoang ba bang e lokela ho fella hokae ha a re ho barutuoa ba hae: “Le se ke la bitsoa Rabi, kaha mosuoe oa lōna o mong, athe lōna bohle le bara ba motho. Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntat’a lōna lefatšeng, kaha Ntat’a lōna o mong, Oa leholimo. Leha e le hore le bitsoe ‘baeta-pele,’ kaha Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste.”—Matheu 23:8-10.

Kahoo phapang e teng pakeng tsa litlotla tsa bolumeli le tsa ba boholong pusong e bontša hore na re lokela ho fella hokae tabeng ea ho bontša tlhompho e loketseng. Haeba ba boholong sechabeng ba ipitsa ka litlotla tsa bolumeli, keletso ea Pauluse ea hore re ba hlomphe ha e na ho akarelletsa hore re ba bitse ka litlotla tsa bolumeli le haeba bona ba ipitsa ka tsona. Motho ea latelang keletso ea Mangolo o tla hlompha bao ba boholong. Empa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele le tla mo susumelletsa hore a se ke a sebelisa litlotla leha le e life tsa bolumeli, kaha o lokela ho ‘lefa Molimo lintho tsa Molimo.’—Matheu 22:21.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Balateli ba Jesu ba ne ba talima ba boholong pusong joang?—Baroma 13:7.

◼ Na moapostola Pauluse o ne a bitsa ba boholong pusong ka litlotla tse bontšang tlhompho?—Liketso 25:11; 26:2, 25.

◼ Ke litlotla tsa mofuta ofe tseo Jesu a ileng a hana ha li sebelisoa?—Matheu 23:8-10.

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 20, 21]

Pauluse o ile a re’ng ha a bitsa Agripa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela