Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/08 leq. 25
  • Menoto ea Letata la Leoatleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Menoto ea Letata la Leoatleng
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha e le Hantle ke Mang ea li Qapileng?
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2008
  • Letlalo la Bohloa ba Sahara bo le Sireletsang Mochesong o Bataolang
    Tsoha!—2017
  • B15 K’halendara ea Seheberu
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Tsoha!—2008
g 9/08 leq. 25

Menoto ea Letata la Leoatleng

Na e Entsoe?

◼Letata la leoatleng ha le hatsele esita le ha le eme leqhoeng ka maoto. Nonyana ee e etsa’ng hore e lule e futhumetse? Tsela e ’ngoe eo e etsang sena ka eona ke ka hore ha mali a futhumetseng a fihla menotong, e a hatsetse ’me ha a khutla e a futhumatse.

Ak’u nahane: Ho na le mothapo o nang le lero le futhumatsang mali a batang o haufi le mothapo o nang le lero le hatsetsang mali a futhumetseng. Haeba lero le ka methapong ena le leba ’nģa e le ’ngoe, le ntša halofo ea mocheso feela. Empa haeba le fapana ka litsela, le ntša mocheso kaofela.

Methapo e menotong ea nonyana ena e etsa hore ha mali a leba maotong a bate haholo ’me ha a khutla a boele a futhumale. Ha a ngola ka linonyana tse phelang moo ho batang, Gary Ritchison, eo e leng setsebi sa linonyana, o re: “Mokhoa ona oa ho hatsetsa le ho futhumatsa mali o atleha haholo ebile o bontša bohlale hoo batho ba o latelang ha ba etsa meralo ea boenjiniere e le hore ba qobe ho senya motlakase.”

U nahana’ng ka see? Na menoto ea letata la leoatleng e etsang hore mali a futhumale kapa a bate e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a ’Mele ea batho, ea mefuta e meng ea litlhapi hammoho le ea liphoofolo tse ling e na le tsela ea ho futhumatsa mali le ho a hatsetsa.

[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Methapo e menotong ea letata la leoatleng e futhumatsa mali ha a khutla

[Setšoantšo]

32°C

0-5°C

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Seagull: © Michael S. Nolan/​age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela