Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/08 maq. 4-5
  • Re ka Fumana Tataiso Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Fumana Tataiso Hokae?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na re Lokela ho Batla Tataiso ho Molimo?
  • Fumana Katleho ea Sebele Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Litsela Tse Tšeletseng Tse ka Atlehisang Motho
    Tsoha!—2008
  • Kamoo U ka Atlehang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Bohlale ba ’Nete bo Ntse bo Hoeletsa Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 11/08 maq. 4-5

Re ka Fumana Tataiso Hokae?

KE MANG ea ka re lebisang katlehong ea sebele—eseng katleho linthong tsa lefatše, empa katleho ho seo motho a leng sona? Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, ha e le hantle katleho ea sebele e itšetlehile ka melao-motheo e utloahalang ea boitšoaro le ho ba le morero o hlomphehang bophelong—e leng lintho tse sa itšetlehang ka botumo, maruo kapa matla.

Ke hokae moo re ka fumanang melao-motheo eo re ka e tšepang le likarabo lipotsong tse mabapi le hore na morero oa bophelo ke ofe? Na re ka itšetleha ka seo re se nahanang? Ha re se re bua ’nete, kaha ha rea phethahala, re ba le litakatso tse fosahetseng tse ka re lebisang hosele. (Genese 8:21) Ke kahoo batho ba limilione ba ntseng ba tsoela pele ho lelekisa lefeela leo Bibele e le hlalosang e le “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” (1 Johanne 2:16) Seo ha se lebise katlehong ea sebele empa ke moritaoke feela o ferekanyang batho le ho ba hlokisa thabo. Kahoo ke ho utloahalang hore ebe ba bangata ba batla tataiso ho ’Mōpi oa rōna e le hore ba fumane likarabo lipotsong tsa bohlokoa bophelong.a

Na re Lokela ho Batla Tataiso ho Molimo?

Ke hobane’ng ha e le ntho e utloahalang ho batla tataiso ho ’Mōpi oa rōna? Ke hobane o tseba lebaka leo a re bōpileng ka lona, ka hona oa tseba hore na morero oa rōna bophelong e lokela ho ba ofe. O boetse o tseba kamoo a re bōpileng kateng—’meleng, kelellong le maikutlong. Kahoo, Molimo o tseba melao-motheo e molemo ka ho fetisisa eo batho ba lokelang ho e latela. Ho feta moo, Molimo ke mothofatso oa lerato, ka hona o batla hore re thabe e le kannete ’me re atlehe. (1 Johanne 4:8) Re ka fumana tataiso ea hae e lerato hokae? Ka Bibeleng e Halalelang, eo Molimo a re lokiselitseng eona a sebelisa batho ba ka bang 40 ho e ngola.b (2 Timothea 3:16, 17) Leha ho le joalo, ke eng e ka re kholisang hore tataiso e bukeng ee e ka tšeptjoa?

Jesu Kreste, e leng moemeli ea ka sehloohong oa Molimo, o ile a re “bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona [kapa litholoana tsa bona] hore bo lokile.” (Matheu 11:19; Johanne 7:29) Bohlale ba bomolimo bo re lebisa katlehong le thabong e sa feleng—e leng “tsela eohle ea se molemo”—ha bohlale ba batho bo hlokomolohang Molimo bona, bo lebisa mesarelong le ho hlokeng thabo.—Liproverbia 2:8, 9; Jeremia 8:9.

Nahana ka mehla ea mahipi, e qalileng lilemong tsa bo-1960. Mahipi a mangata a ne a le khahlanong le melao le taolo ea batho ba baholo, har’a tse ling a khothalletsa batho ho sebelisa lithethefatsi, ho iphelela ba sa nahane ka bokamoso le ho iketsetsa borata tabeng ea ho kopanela liphate. Empa na eo e ne e hlile e le tsela e bohlale ea ho phela? Na e ile ea etsa hore batho ba be le morero oa sebele bophelong ’me ba be le melao ea boitšoaro e neng e ba tlisetsa khotso le thabo e sa feleng? Histori e bontša hore tsela eo ha ea ka ea ntlafatsa bophelo ba batho empa e ile ea etsa hore boitšoaro ba bona bo hlephe le ho feta.—2 Timothea 3:1-5.

Ho fapana le lifilosofi tsa batho, bohlale bo ka Bibeleng bo ipakile bo le molemo ka linako tsohle. (Esaia 40:8) Mohlomong u tla utloisisa lebaka la seo, ha u bala sehlooho se latelang, kaha se tšohla melao-motheo e tšeletseng ea Bibele e thusitseng batho ba limilione hoo e batlang e le lichabeng tsohle hore e be ba thabileng e le kannete le ba atlehileng—ho sa tsotellehe maemo a bona sechabeng kapa moruong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Maikutlo a Sitisang Katleho.”

b Sheba Tsoha! e khethehileng ea November 2007, e tšohlang sehlooho se reng “Na U ka Tšepa Bibele?” Lihlooho tse makasineng eo li fane ka bopaki ba lintho tsa khale tse epolotsoeng, ba histori, ba saense le bopaki bo bong bo bontšang hore ha e le hantle Bibele e bululetsoe ke Molimo.

[Lebokose le leqepheng la 5]

MAIKUTLO A SITISANG KATLEHO

Batho ba bangata ba re Molimo ha a eo ba bile ba re bophelo bo bile teng ka ho iphetola ha lintho. Haeba sena e ne e le ’nete, seo se ne se tla bolela hore bophelo bo bile teng feela ka hore ka tšohanyetso ho hlahe letoto la metsoako ea lik’hemik’hale le lintho tse phelang, ’me e ne e tla ba ha lefeela ho batla morero le melao-motheo e tataisang batho.

Ba bang ba lumela hore Molimo o re bōpile, a ntan’o re lahla kherehloa. Ha e le hantle, sena se fana ka maikutlo a hore re likhutsana tsa moea, ’me ha re na morero oa sebele le melao e re tataisang bophelong. Ak’u nahane: Molimo o file liphoofolo tsohle bohlale ba tlhaho bo hlokahalang e le hore li phethe morero oa tsona bophelong. Kahoo, lintho tse re pota-potileng li bonahatsa bohlale ba hae bo tebileng. Na ’Mōpi eena eo o ne a ka re bōpa ebe o re tlohela hore re phopholetse lefifing? Che, o ne a ke ke a etsa joalo!—Baroma 1:19, 20.

Lifilosofi tsa ba reng Molimo ha a eo li senya moelelo oa se boleloang ke katleho, ha li bolela hore ha ho thuse letho ho batla morero oa bophelo le melao-motheo e tataisang batho.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Bohlale bo ka Bibeleng bo pakoa ke litholoana tsa bona tse molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela