‘Ho Kenya Khoele Lesobeng la Nale’
KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA
HA BAFUPUTSI ba Mabrithani ba sibolla Bass Strait ka 1798, batsamaisi ba likepe ba ile ba nyakalla. Mochophoro ona o arolang sehlekehleke sa Tasmania ho Australia o fokotsa leeto la ho tloha Engelane ho ea Sydney ka lik’hilomithara tse 1 100.
Leha ho le joalo, Bass Strait ke se seng sa libaka tse kotsi ka ho fetisisa lefatšeng ho tsamaea ka sekepe ho tsona. Ha moea o matla o fokang o tsoa bophirimela o kopana le metsi a phallang ka matla a bileng a sa tebang hakaalo a botebo ba limithara tse 50 ho isa ho tse 70, o loebehlanya leoatle ’me le etsa maqhubu a maholo. Ntho e ’ngoe e kotsi ke mafika a matsutla a King Island, e bohareng ba mochophoro oo, karolong e ka bophirimela ea oona eo likepe li kenang ho eona.
Matsatsing ana ho se ho le bonolo ho tsamaea ka sekepe Bass Strait. Empa ho ne ho se joalo mehleng ea ha batho ba ne ba tsamaea ka likepe tse laoloang ke moea ba bile ba sebelisa mekhoa e sa tsoelang pele ea ho li tsamaisa. Ho tsamaea ka sekepe karolong e kenang ka bophirimela ea mochoporo oo e ne e le phihlelo e tšosang, e ne e hlalosoa ka nepo e le ‘ho kenya khoele lesobeng la nale.’
Ho Tsamaea ka Sekepe ka Tsela e Paroletsang
Mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, likepe li ne li nka likhoeli tse ka bang hlano ho tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 19 000 ho tloha Engelane ho ea karolong e ka bochabela ea Australia, ’me leo e ne e e-ba leeto le bosula! Hangata, bapalami ba makholo—bao boholo ba bona e neng e le bafalli le batšoaruoa—ba ne ba petetsana mekatong e ka tlaase e maemong a sisimosang. Batho ba bangata ba ne ba kulisoa ke ho ba leoatleng, ba haelloa ke phepo, maloetse le ’ona a le mangata ho bile ho e-na le likokoanyana tse lomang. Hangata batho ba ne ba e-shoa.a Leha ho le joalo, tšepo ea hore ba ea makhulong a matala e ne e matlafatsa bapalami ba bangata le ho ba tiisa ’moko.
Ka 1852, lintho li ile tsa qala ho fetoha ha Motsamaisi James (Bully) Forbes a fumana tsela e paroletsang. Forbes o ile a tlohela ho tsamaea ka tsela e bitsoang 39th parallel, eo ho neng ho bonahala eka ke eona e khutšoanyane ka ho fetisisa e paroletsang le karolong e ka boroa ea Leoatle la Indian e eang Australia, ’me a nka tsela e potolohang e tlohang Engelane e ea karolong e ka boroa-bochabela ea Australia, e ileng ea mo lebisa ntlheng e ka boroa ho elella Antarctica.b Le hoja karolong eo ea leoatle ho ne ho e-na le leqhoa le lengata le maqhubu a maholo, sekepe sa Forbes se bitsoang Marco Polo, se neng se palamisitse bafalli ba 701, se ile sa fihla Melbourne, Victoria, ka mor’a matsatsi a 68 feela, se nkile nako e ka tlaase ho ea mehleng ka halofo. Ka sebele, oo e ne e le monyetla o motle haholo hobane nakong eo batho ba bangata ba ne ba mathela ho ea batla khauta Victoria. Litaba tsa hore ho ka nkoa leeto ka nako e khutšoanyane joalo li ile tsa susumelletsa ba likete ba batlang ho ea merafong moo hore ba ee Australia.
Ha likepe li tloha Engelane, li ne li ema koung ea Cape Otway, e ka bang lik’hilomithara tse 16 000 ho tloha moo. Basesisi ba ne ba sebelisa thulusi e bitsoang sextant le lichate ho lekanyetsa sebaka ba bile ba sebelisa oache e ikhethang ea sekepe, eo ba neng ba e behela nako ho latela mokhoa o sebelisoang hohle oa ho bala nako e le hore ba tsebe sebaka seo ba seng ba se tsamaile. Nako ea sebakeng seo ba leng ho sona e ne e shejoa ho latela hore na letsatsi le hokae. Ha nako ea sebakeng se itseng e fapana ka hora le nako eo ba e behileng, seo se ne se bontša hore sekepe se se se tjekile ka likhato tse 15. Ho tseba sebaka seo sekepe se seng se se tsamaile le likhato tseo se seng se tjekile ka tsona, ho ne ho nolofalletsa mosesisi ea hloahloa ho tseba hantle hore na o hokae.
Empa ho ne ho ka etsahala hore lintho li tsamaee hampe. Ho ne ho ka ’na ha feta matsatsi a mangata maru a thibile letsatsi. Ka linako tse ling lioache tsa likepe tsa mehleng ea pele li ne li lahla nako. Haeba oache e ne e lahla nako ka motsotsoana letsatsi ka leng ka likhoeli tse tharo, seo se ne se ka etsa hore sekepe se khelohe tseleng ka lik’hilomithara tse 50. Ha pula e na, ho le moholi, kapa ho le lefifi, likepe tse hlahlathelang li ne li ka ’na tsa lahla tsela e kenang Bass Strait ’me tsa soahlamana majoeng a lebōpong la King Island kapa la Victoria. Ha ho pelaelo hore batsamai ba bangata ba ne ba ikutloa joaloka motsamaisi e mong oa sekepe, eo e ileng ea re ha a bona Cape Otway a le hōjana, a ileng a hooa a re: “Rea Leboha Molimo! Ha rea etsa phoso.” Boo ke bopaki bo bontšang ka ho hlaka hore basesisi ba likepe ba lekholong la bo19 la lilemo ba ne ba e-na le tsebo hoo boholo ba bona ba neng ba khona ‘ho kenya khoele lesobeng la nale’ ba sa hlaheloe ke kotsi ea letho. Leha ho le joalo, likepe tse ling tsona li ne li thulana le mathata.
Sekepe Sea Soahlamana
Mesong ea la 1 June, 1878, sekepe se lebelo se bitsoang Loch Ard se ile sa tsamaea ka har’a moholi o teteaneng se lebile lebōpong la Victoria. Moholi oo o ne o koahetse ho tloha ka la maobane ’me o sitisitse motsamaisi oa sekepe ho sebelisa thulusi ea hae e mo thusang ho tseba hore na sekepe se hokae. Ka lebaka leo, o ne a le haufi le lebōpo la Australia ho feta kamoo a neng a nahana kateng. Eitse ka tšohanyetso ha moholi o phahama, a bonela haufi mafika a tšabehang a bophahamo ba limithara tse 90, a le bohōle ba lik’hilomithara tse peli feela. Basesisi ba ile ba etsa lephehlophehlo la ho thintša sekepe seo, empa moea le maqhubu a se lebisa hosele. Pele ho feta hora, sekepe sa Loch Ard se ile sa etsa molumo o moholo ha se thula lefika, ’me sa teba ka mor’a metsotso e 15.
Har’a batho ba 54 ba neng ba palame sekepe seo, ke ba babeli feela ba ileng ba pholoha—e leng Tom Pearce ea neng a ithutela ho sesisa likepe le mopalami e mong ea bitsoang Eva Carmichael, bao ka bobeli ba neng ba e-na le lilemo tse ka tlaase ho 20. Tom o ile a qeta lihora a itšoarelelitse seketsoaneng sa pholoho se phethohileng, metsing a batang a mariha. Qetellong, leqhubu le ila la mo hoholela lephaong le pakeng tsa mafika. Eitse ha a bona lebōpo le nang le maloanlahla, a sesa ho ea sebakeng se sireletsehileng. Eva o ne a sa tsebe ho sesa, kahoo o ile a qeta lihora tse ’nè a itšoarelelitse sekepeng se soahlamaneng pele le eena leqhubu le mo hoholela lephaong leo. Eitse ha a bona Tom a le lebōpong, a hoeletsa a kōpa thuso. Tom o ile a ikakhela ka metsing ’me ka mor’a hore a qete hora a sokola, o ile a ntšetsa Eva ea neng a batla a ile le mailiili lebōpong. Eva o re: “O ile a nkisa lehaheng le leng le tšosang le sebakeng sa limithara tse fetang 50 ho tloha lebōpong, a fumana libotlolo tsa joala ba brandy, a bula e ’ngoe ’me a ’noesa bona, eaba kea phaphama. O ile a fothola joang bo bolelele le lihlahla a nkalla tsona hore ke robale. Ka mor’a nakoana ke ile ka ea le mailiili ’me e tlameha ebe ke ile ka qeta lihora ke ile le mailiili.” Ho sa le joalo, Tom o ile a hloella ka holim’a lefika ’me a hlaba mokhosi. Pele ho feta lihora tse 24 sekepe sa Loch Ard se tebile, Tom le Eva ba ile ba isoa ntlong e ’ngoe e haufi le moo. Batsoali ba Eva le banab’abo ba bahlano—likhaitseli tsa hae tse tharo le banab’abo ba babeli ba banana—ba ile ba shoa ha sekepe seo se soahlamana.
Kajeno, selemo le selemo likepe tse likete, tse khōlō le tse nyenyane li tsamaea Bass Strait li sireletsehile. Ha li ntse li tsamaea moo, li ka ’na tsa feta likepe tse fetang lekholo tse soahlamaneng. Bahahlauli ba etela libaka tse ling tseo likepe li soahlamaneng ho tsona, tse joaloka Loch Ard Gorge e Port Campbell National Park, Victoria. Libaka tsena li re hopotsa batho ba sebete ba lekholong la bo19 la lilemo, ba ileng ba tloha hōle ka sekepe ’me ba iteta sefuba ho feta sebakeng sena se kotsi—se kang lesoba la nale—e le ha ba batla makhulo a matala.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka 1852, karolo ea 20 lekholong ea bana ba likhoeli li 12 ho ea tlaase ba ile ba shoa ba le leetong le tlohang Engelane ho ea Australia.
b Thapo e tlameletsoeng ka thata lintlheng tse peli nthong e chitja e tla nka sebaka se sekhutšoanyane ka ho fetisisa—e leng sebaka se paroletsang.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]
HO NE HO ETSAHALE’NG KA TOM LE EVA?
Tom Pearce le Eva Carmichael, e leng bona feela ba ileng ba pholoha ha sekepe sa Loch Ard se soahlamana, ba ile ba tuma ka ho panya ha leihlo Australia. Buka e bitsoang Cape Otway—Coast of Secrets e re: “Likoranta li ile tsa feteletsa tlaleho ea ho soahlamana ha sekepe seo, tsa thoholetsa Pearce ka hore ke mohale, tsa bolela hore Eva Carmichael ke pabala ’me ho ne ho bonahala eka li ba lakaletsa hore ba nyalane.” Le hoja Tom a ile a mo fereha, Eva o ile a mo hana ’me likhoeli tse tharo hamorao o ile a khutlela Ireland. Ha a fihla moo o ile a nyaloa ’me a ba le bana. O ile a hlokahala ka 1934 a le lilemo li 73. Tom o ile a khutlela tšebetsong ea likepe ’me nakoana ka mor’a moo a ameha kotsing e ’ngoe ea ho soahlamana ha sekepe. O ile a boela a pholoha. Ka mor’a ho qeta lilemo tse ngata e le motsamaisi oa likepe, o ile a hlokahala ka 1909 a le lilemo li 50.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Both photos: Flagstaff Hill Maritime Village, Warrnambool
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Forbes o ile a tsamaea ka sekepe sa “Marco Polo” (se ka holimo) ho tloha Engelane ho ea Australia, a sebelisa tsela e paroletsang
[Setšoantšo]
TSELA EA KHALE
39th parallel
TSELA E PAROLETSANG
Antarctic Circle
[’Mapa]
LEOATLE LA ATLANTIC
LEOATLE LA INDIAN
ANTARCTICA
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the newspaper The Illustrated London News, February 19, 1853
[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 16, 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ho tsamaea ka sekepe karolong e kenang ka bophirimela ea Bass Strait, ho ne ho thoe ke ‘ho kenya khoele lesobeng la nale’
[’Mapa]
AUSTRALIA
VICTORIA
MELBOURNE
Port Campbell National Park
Cape Otway
Bass Strait
King Island
TASMANIA
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Sekepe sa “Loch Ard” se ile sa thula lefika ’me sa teba ka mor’a metsotso e 15
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
La Trobe Picture Collection, State Library of Victoria
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Port Campbell National Park e bontša (1) moo sekepe sa “Loch Ard” se ileng sa thula lefika teng le (2) moo lehaha la Tom Pearce le leng teng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photography Scancolor Australia