Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/08 maq. 20-23
  • Lebaka Leo Matlooa a Tlang a se na Letho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo Matlooa a Tlang a se na Letho
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mabōpo a Grand Banks a Qala ho Senyeha
  • Phello e Tlisoang ke Indasteri ea ho Tšoasa Litlhapi
  • Ho Mpefalitseng Boemo le ho Feta
  • Tlokotsi ea Lefatše Lohle ea ho Tšoasa Litlhapi
  • Ke Hobane’ng ha ba Tsoela Pele ho li Tšoasa ho Feta Tekano?
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Tšoasa Litlhapi Leoatleng la Galilea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Tšoasa Batho Metsing a Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Motšoasi oa Litlhapi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 11/08 maq. 20-23

Lebaka Leo Matlooa a Tlang a se na Letho

George ea lilemo li 65, ea tšoasang litlhapi lebōpong le ka leboea- bochabela la Engelane o re: “Ka lilemo tse ling re ’nile ra tšoasa litlhapi tse ngata, ka tse ling ra tšoasa tse fokolang, empa ke qala ho bona tlokotsi e kang ena mosebetsing oa ho tšoasa litlhapi. Ho hang ha ho sa na letho—litlhapi tsa salmon, tsa whitefish, tsa cod le li-lobster, kaofela li felile.”

HASE George feela ea tšoenyehileng ka sena; le maoatleng a mang a lefatše ho tlalehoa maemo a tšoanang a tšoenyang. Agustín oa Peru, ke motsamaisi oa sekepe se tšoasang litlhapi, se boima ba lithane tse 350. O re: “Tlhapi ea saratinsi e qalile ho fokotseha lilemong tse 12 tse fetileng. Peru, litlhapi li ne li lula li le ngata haholo selemo ho pota, empa hona joale re se re atisa ho qeta likhoeli tse ngata re sa tšoase letho. Re ne re sa tloaela ho kenella ka leoatleng lik’hilomithara tse fetang 25, empa hona joale re se re kenella ka leoatleng lik’hilomithara tse ka bang 300 e le hore re fumane litlhapi.”

Antonio, ea lulang Galicia, Spain, o re: “Ke ’nile ka tšoasa litlhapi ka lilemo tse fetang 20. Hanyane ka hanyane ke bone ha litlhapi li qepha maoatleng. Re tšoasa litlhapi tse ngata ho feta kamoo li ikatisang kateng.”

Lifoto ha li khone ho bontša ha ho tšoasitsoe litlhapi tse ngata ho feta tekano maoatleng, joalokaha li bontša ha meru e lulang e le metala e sentsoe, empa tšenyo eona ea tšoana. Haufinyane tjena, Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lijo le Temo o fane ka temoso mabapi le ho tšoasa litlhapi ho feta tekano maoatleng, e reng: “Taba ena e tebile ebile ea tšosa kaha hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea libaka tseo ho tšoasoang litlhapi ho tsona li se li ntse li sebelisoa ka ho feletseng, li sebelisoa ho feta tekano kapa li se li se na letho.”

Motho a le mong ho ba bahlano o ja tlhapi e le sona sejo se ka sehloohong seo a fumanang liprotheine tse tsoang nameng ho sona. Ka hona, re kotsing ea ho lahleheloa ke se seng sa lijo tsa rōna tsa bohlokoa haholo. Litlhapi ha li fumanehe ka bongata hohle maoatleng. Ha e le hantle, karolo e khōlō ea leoatle e tšoana le lehoatata kaha ha ho na lintho tse phelang moo. Litlhapi li atisa ho fumaneha ka bongata libakeng tse haufi le mabōpo moo metsi a teng a nang le limatlafatsi. Limatlafatsi tsena li jeoa ke limela tse nyenyane haholo tse phelang leoatleng, tse jeoang ke litlhapi tse nyenyane tseo le tsona li jeoang ke tse ling. Ke ka tsela efe batšoasi ba litlhapi ba senyang libaka tsa ho tšoasa tseo ba iphelisang ka ho tšoasa ho tsona? Histori ea sebaka se seng sa ho tšoasa litlhapi e araba potso eo.

Mabōpo a Grand Banks a Qala ho Senyeha

Ha mosesisi le mofuputsi ea bitsoang John Cabota ea hlahetseng Italy, a tloha Engelane a tšela leoatle la Atlantic a bile a sibolla sebaka sa Grand Banks seo ho tšoasoang litlhapi ho sona metsing a sa tebang a leoatle lebōpong la Canada, batho ba ile ba qala ho phallela teng joalokaha eka ho sibolotsoe khauta. E ne e le lilemo tse hlano feela ka mor’a hore Christopher Columbus a nke leeto le tummeng la sekepe ka 1492. Nakoana ka mor’a moo, batšoasi ba makholo ba litlhapi ba ile ba iteta sefuba ba kena leoatleng la Atlantic ho ea tšoasa litlhapi Grand Banks. Batho ba Europe ba ne ba qala ho bona metsi a nang le litlhapi tse ngata hakaalo tsa cod.

Tlhapi ea cod e ne e nkoa e le ea bohlokoa joaloka khauta. Batho ba ne ba e ratela nama ea eona e tšoeu, e se nang mafura, ’me le kajeno e ntse e ratoa haholo. Ka tloaelo, tlhapi ea cod ea Atlantic e boima ba lik’hilograma tse 1,4 ho ea ho tse 9, empa tse ling tse ileng tsa tšoasoa Grand Banks li ne li lekana le batho ka boholo. Lilemong tse makholo tse latelang, batho ba ile ba atleha ho tšoasa tse eketsehileng ha ba se ba tseba ho sebelisa matlooa a maholo a huloang ke likepe le a nang le likhoketsane tse likete.

Phello e Tlisoang ke Indasteri ea ho Tšoasa Litlhapi

Lekholong la bo19 la lilemo, batho ba bang ba Europe ba ile ba qala ho bontša kameho ka litlhapi tse tšoasoang, haholo-holo ea mofuta oa herring. Leha ho le joalo, Moprofesa Thomas Huxley, eo e neng e le mopresidente oa Royal Society ea Brithani, o ile a phatlalatsa Pontšong ea Machaba ea ho Tšoasa Litlhapi e neng e tšoaretsoe London ka 1883, a re: “Litlhapi tsena li ngata haholo hoo lenane la tseo re li tšoasang le fokolang haholo. . . Kahoo, ke lumela hore sebaka seo ho tšoasoang litlhapi tsa cod ho sona . . . mohlomong le libaka tse ling tse khōlō tseo ho tšoasoang ho tsona li ke ke tsa felloa ke litlhapi.”

Batho ba bangata ha baa ka ba belaella seo Huxley a se buileng esita le ha indasteri ea ho tšoasa litlhapi e se e qalile ho sebelisa likepe tse tsamaeang ka enjene Grand Banks. Batho ba ile ba batla tlhapi ea cod ka bongata, haholo-holo ho tloha ka 1925 ha Clarence Birdseye oa Massachusetts, U.S.A., a ne a qapa mokhoa oa ho hoamisa litlhapi ka potlako. Batšoasi ba litlhapi ba ile ba tšoasa tse ngata le ho feta ba sebelisa likepe tse tsamaeang ka disele tse hulang matlooa a maholo. Empa likhōlō li ne li sa tla.

Ka 1951, sekepe se makatsang se tsoang Brithani se ile sa fihla Grand Banks ho tla tšoasa litlhapi. Se ne se le bolelele ba limithara tse 85 ’me se ka nka thepa ea boima ba lithane tse 2 600. Sena e ne e le sona sekepe sa pele lefatšeng se hulang letlooa, se nang le lihatsetsi. Karolong e ka morao ea sekepe ho ne ho e-na le mechine e hulang letlooa le leholo, ’me mekatong e ka tlaase ea sona ho e-na le mechine e ntšang litlhapi masapo le lihatsetsi. Kaha sekepe seo se ne se e-na le mechine e bontšang hore na litlhapi li hokae, se ne se qeta libeke se tšoasa mabōpong bosiu le motšehare.

Kaha lichaba tse ling li ile tsa hlokomela hore le tsona li ka fumana phaello, ka mor’a nakoana ho ne ho se ho e-na le likepe tse ling tse makholo tse hulang matlooa maoatleng, ’me ka hora li ne li tšoasa litlhapi tsa boima ba lithane tse 200. Likepe tse ling li ne li ka nka thepa ea boima ba lithane tse 8 000 ’me li na le matlooa a maholo hoo a ka koahelang sefofane se seholo sa jete.

Ho Mpefalitseng Boemo le ho Feta

Buka ea Ocean’s End, e re: “Ho ella bofelong ba lilemo tsa bo-1970, batho ba bangata ba ne ba ntse ba ile le khongoana holimo ba nahana hore litlhapi tse maoatleng li ngata hoo li ke keng tsa fela.” Lilemong tsa bo-1980, likepe tse hulang matlooa a maholohali li ne li tšoasa litlhapi Grand Banks. Bo-rasaense ba ile ba lemosa hore litlhapi tsa cod li haufi le ho fela moo. Empa joale batho ba bangata haholo ba ne ba iphelisa ka ho tšoasa litlhapi sebakeng sena, ’me bo-ralipolotiki ba sa batle ho etsa qeto e tla ba halefisa. Qetellong, ka 1992, bo-rasaense ba ile ba bontša hore nakong ea lilemo tse 30, tlhapi ea cod e ne e fokotsehile ka karolo ea 98,9 lekholong, e leng palo e tšosang haholo. Batho ba ile ba thibeloa ho tšoasa tlhapi ea cod Grand Banks. Empa ba boholong ba ne ba haha serobe phiri e se e jele. Se seng sa libaka tse neng li e-na le litlhapi tse ngata lefatšeng, se neng se fumanoe lilemong tse makholo a mahlano tse fetileng, se ne se sentsoe ke batho ba tšoasitseng litlhapi ho feta tekano.

Batho ba tšoasang litlhapi ba ne ba nahana hore ka mor’a nakoana tlhapi ea cod e tla boela e e-ba teng. Empa litlhapi tsa cod li phela lilemo tse fetang 20 ’me li lieha ho hōla. Ho tloha ka 1992, ha lia ka tsa eketseha joalokaha batho ba bangata ba ne ba nahanne.

Tlokotsi ea Lefatše Lohle ea ho Tšoasa Litlhapi

Se etsahetseng Grand Banks ke mohlala oa boemo bo tšosang bo teng lefatšeng lohle indastering ea ho tšoasa litlhapi. Ka 2002, letona la tikoloho la Brithani le ile la bolela hore “karolo ea 60 lekholong ea libaka tsa ho tšoasa litlhapi lefatšeng li senngoa ke batho ba li tšoasang ho feta tekano.” Har’a mefuta e meng e mengata e kotsing ea ho fela ho akha tuna, swordfish, shaka le rockfish.

Kaha lichaba tse ngata tse ruileng li se li sentse libaka tsa tsona tsa ho tšoasa litlhapi, joale li batla ho ea libakeng tse hōle moo li ka li tšoasang teng ka bongata. Ka mohlala, mabōpo a Afrika a na le tse ling tsa libaka tse nang le litlhapi tse ngata haholo lefatšeng. Babusi ba bangata ba linaha tsa Afrika ba ke ke ba hana ho fana ka mangolo a tumello ea hore ho tšoasoe litlhapi, kaha ke oona mohloli o ka sehloohong o kenyetsang ’muso chelete. Ha ho makatse hore ebe batho ba Afrika ba halefisoa ke ha litlhapi tsa bona li fela ka bongata.

Ke Hobane’ng ha ba Tsoela Pele ho li Tšoasa ho Feta Tekano?

Ho motho ea sa tsebeng letho, ho ka ’na ha bonahala eka tharollo ke hore feela batho ba khaotse ho tšoasa litlhapi ho feta tekano. Empa taba eo ha e bonolo feela joalo. Batho ba etsang khoebo ea ho tšoasa litlhapi ba reka thepa e turu haholo. Kahoo, e mong le e mong oa bona o lebeletse hore ba bang ba khaotse ho tšoasa e le hore eena a ka tsoela pele. Ka lebaka leo, hangata ha ho be le ea khaotsang. Ho feta moo, mebuso e tsetetse haholo khoebong ea ho tšoasa litlhapi, kahoo e kentse letsoho bothateng bona. Makasine ea Issues in Science and Technology e re: “Hangata lichaba li nka hore lichaba tse ling li lokela ho latela lipakane tseo [Machaba a Kopanang] a li behileng tsa ho baballa libaka tseo ho tšoasoang ho tsona, empa tsona lichaba tseo li sa ikemisetsa ho li latela.”

Batho ba tšoasang litlhapi e le mokhoa oa papali le bona ba molato. Ha koranta ea New Scientist e tlaleha ka phuputso e entsoeng United States, e ile ea re: “Ho tlalehoa hore batho ba itlosang bolutu ka ho tšoasa litlhapi ba tšoasa tse etsang karolo ea 64 lekholong ea tse kotsing ea fela Koung ea Leoatle la Mexico.” Kaha batho ba tšoasang litlhapi e le mokhoa oa papali le ba khoebong ea ho tšoasa litlhapi ba na le tšusumetso e matla sechabeng, bo-ralipolotiki ba atisa ho etsa lintho tse tla etsa hore ba ratoe ke batho ho e-na le ho sireletsa libaka tsa ho tšoasa litlhapi.

Na libaka tsa lefatše tsa ho tšoasa litlhapi li ka sireletsoa? Bukeng ea hae e bitsoang The Living Ocean, Boyce Thorne-Miller, o re: “Ha ho letho ka ho khetheha le ka sireletsang lintho tse phelang maoatleng ntle le hore batho ba fetole boikutlo ba bona ka ho feletseng.” Ho thabisang ke hore ’Mōpi, Jehova Molimo, o hlomme ’Muso o tla tiisa hore nakong e tlang lefatše lohle lea sireletseha.—Daniele 2:44; Matheu 6:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a John Cabot o hlahetse Italy, moo a neng a bitsoa Giovanni Caboto. O ile a fallela Bristol, Engelane, lilemong tsa bo-1480 ’me a nka leeto la sekepe ka 1497.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Joaloka meru e sentsoeng, libaka tseo ho tšoasoang litlhapi ho feta tekano ho tsona li sentsoe

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

“Hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea libaka tseo ho tšoasoang litlhapi ho tsona li se li ntse li sebelisoa ka ho feletseng, li sebelisoa ho feta tekano kapa li se li se na letho.”​—Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lijo le Temo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

Motho a le mong ho ba bahlano o ja tlhapi e le sona sejo se ka sehloohong seo a fumanang liprotheine tse tsoang nameng ho sona

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Cambodia

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

O khoebong ea ho tšoasa litlhapi, Alaska

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Democratic Republic of Congo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]

© Janis Miglavs/​DanitaDelimont.com

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 22]

Top: © Mikkel Ostergaard/​Panos Pictures; middle: © Steven Kazlowski/​SeaPics.com; bottom: © Tim Dirven/​Panos Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela