U ka Fumana Likarabo Hokae?
MORERO o mong oa bolumeli ke hore bo rute batho hore na ba phelela’ng. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba hlokometse hore lithuto tse rutoang malumeling a bona ha li khotsofatse tabatabelo ea bona ea borapeli. Denise, ea hōlisitsoeng e le Mok’hatholike o hopola sena: “Mantsoe a Katekisimeng ea Baltimore a akarelletsa potso e reng, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a re entse?’ ’me e araba ka ho re, ‘Molimo o re etselitse hore a bontše molemo oa Hae le hore a thabe le rōna ka ho sa feleng leholimong.’”
Denise o ile a tsoela pele a re: “Seo ha sea ka sa mpha lebaka le utloahalang la hore na ke hobane’ng ha ke le mona lefatšeng. Haeba ke emetse feela hore ke ee leholimong, ke lokela hore ke be ke ntse ke etsa’ng pele seo se etsahala?” Batho ba bangata le bona ba nahana joaloka Denise. Phuputso e ’ngoe e bontša hore batho ba babeli ho ba bararo bao ho ileng ha buisanoa le bona, ba lumela hore ho ea likerekeng le lisynagogeng tse ngata ha ho thuse batho hore ba be le morero bophelong.
Ka lebaka leo, batho ba bangata ba batla likarabo mehloling ea saense kapa lifilosofing tse sa tšoaneng tse kang tse rutang hore batho ba itšetlehe ka maikutlo a bona eseng ka matla a phahametseng tlhaho, tse rutang hore bophelo ha bo na thuso le tse rutang hore ha ho na sepheo kapa morero bokahohleng. Ke hobane’ng ha batho ba tsoela pele ho batla morero oa bophelo, le hoja e le ba seng ba kae bao ho bonahalang eka ba khotsofetse?
Ka Tlhaho ba Sekametse Borapeling
Dr. Kevin S. Seybold o re “ho bonahala eka hohle batho ba na le tšekamelo ea ho rapela ntho e itseng.” Lilemong tsa morao tjena, bo-rasaense ba bangata ba fihletse qeto ea hore ha e le hantle, ka tlhaho batho ba na le tšekamelo ea ho batla morero o tebileng haholoanyane bophelong. Ha e le hantle, ba bang ba lumela hore liphatsa tsa lefutso le tsela eo ’mele o sebetsang ka eona li fana ka bopaki bo bontšang hore ka tlhaho batho ba hloka ho ba le kamano le matla a itseng a ba phahametseng.
Le hoja litsebi li phehisana khang ka taba ena ea hore batho ba na le tabatabelo ea borapeli, batho ba bangata ha ba hloke hore bo-rasaense ba be ba lumellane e le hore batho ba lumele hore ba na le tlhoko ea moea. Tabatabelo ea rōna ea borapeli ke eona e etsang hore re ipotse lipotso tsena tseo ba bang ba reng ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa, tse reng: Lebaka leo re leng teng ka lona ke lefe? Re lokela ho etsa’ng ka bophelo ba rōna? Na re ikarabella ho ’Mōpi ea matla ’ohle ka seo re se etsang?
Haeba u ipha nako ea ho sheba ka hloko lintho tsa tlhaho tse re pota-potileng, u tla fumana likarabo tse ling tsa lipotso tsena. Ka mohlala, nahana ka lintho tsa tlhaho tse rarahaneng ka tsela e hlollang, tse akhang lintho tse phelang tse nang le sele e le ’ngoe feela le lihlopha tse khōlō tsa linaleli tse hōle haholo le rōna. Na ha li re bontše hore ho na le Moqapi kapa ’Mōpi ea bohlale? Bibele e re: “Etsoe litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo.”—Baroma 1:20.
Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea
Ha Bibele e bua ka tsela eo Molimo a entseng batho ka eona, e re: “O bile o kentse bosafeleng likelellong tsa bona.” (Moeklesia 3:11, Byington) Takatso eo re hlahileng re e-na le eona ke hore re phele, eseng re shoe. Ka tlhaho re labalabela ho tseba morero oa bophelo le ho fumana likarabo lipotsong tseo re nang le tsona.
Ha e le hantle, joaloka batho re batla ho fumana likarabo bophelong. Ka mor’a hore a hlokomele katleho eo batho ba e finyeletseng ho tsa saense le theknoloji, mohlophisi oa The Wall Street Journal o ile a ngola, a re: “Re ntse re e-s’o fumane karabo ea hore na re bo-mang le ea hore na ke hobane’ng ha re le teng le ea hore na re ea hokae.” Re tla be re bontša bohlale ha re batla likarabo mohloling o molemo ka ho fetisisa. Ha Bibele e bua ka Mohloli oo, e re: “Ke [Molimo] ea re entseng, eseng rōna.”—Pesaleme ea 100:3.
Na hase ho utloahalang hore re batle likarabo ho Ea entseng meeka ea pōpo e le hore re khotsofatse tlhoko ea rōna ea moea? Sena ke sona seo Jesu Kreste a re khothalelitseng hore re se etse. O ne a tseba hore ke ’Mōpi oa rōna—e leng eena feela Mohloli oa bophelo—ea ka khotsofatsang tlhoko ea rōna ea moea.—Pesaleme ea 36:5, 9; Matheu 5:3, 6.
Ka sebele, ke habohlokoa haholo hore re fumane karabo e ka tšeptjoang potsong ea hore, Lebaka leo re leng teng ka lona ke lefe? e le hore re khotsofatse tlhoko ea rōna ea moea. Ka kōpo, hlahloba tsela e khathollang eo ’Mōpi oa rōna a talimang taba ena ka eona.