Metsi a Isang Bophelong
Jesu o ne a feta Samaria, e ka leboea ho Jerusalema. O ne a khathetse ’me a nyoriloe. Ha a ntse a lutse selibeng, o ile a kōpa mosali oa Mosamaria hore a mo khelle metsi. Mosali eo o ile a makala hore ebe Mojuda o ne a ka mo kōpa metsi, kaha lekholong la pele la lilemo, Bajuda le Basamaria ba ne ba sa utloane.
Ka ho makala, mosali eo o ile a botsa Jesu, a re: “Ho tla joang hore uena, le hoja u le Mojuda, u nkōpe se nooang, ha ’na ke le mosali oa Mosamaria?”
Jesu o ile a mo araba, a re: “Haeba u ne u tsebile mpho e sa lefelloeng ea Molimo le hore na ke mang ea reng ho uena, ‘Mphe metsi ke noe,’ u ka be u mo kōpile, ’me a ka be a u file metsi a phelang.”
Jesu o ile a boela a mo hlalosetsa: “E mong le e mong ea noang metsi ana o tla boela a nyoroe. Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi a tšikhunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng.”—Johanne 4:1-15.
Metsi ao Jesu a neng a bua ka ’ona ke afe?
BIBELE e re ’Mōpi, e leng Jehova Molimo, ke “mohloli oa metsi a phelang.” (Jeremia 2:13) Bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo, ’me e le hore re lule re phela re lokela ho noa metsi ao a fanang ka ’ona, e leng metsi a sebele le a moea.
Kajeno batho ba hloka tataiso litabeng tsa moea ho feta leha e le neng pele. Ka sebele, ho ka boleloa hore lefatše le hlasetsoe ke komello ea moea. Batho ba labalabela ho fumana likarabo tsa lipotso tse kang: Bafu ba hokae? Na ho na le tšepo ea hore re tla boela re kopane le bona? Ke hobane’ng ha Molimo a lumella bohloko? Na lintoa, tlōlo ea molao, tlala le maloetse ha li sa tla hlola li e-ba teng nakong e tlang? Lipaki Tsa Jehova li lumela hore likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsena li ka fumanoa ‘metsing’ a khathollang a Lentsoe la Molimo, e leng Bibele.
Ha Jesu a ne a bua le mosali oa Mosamaria selibeng, joalokaha ho hlalositsoe pejana, o ile a bua ka mokhoa o sa tobang ka metsi a fanang ka bophelo a ’nete eo re ka e fumanang ka Lentsoeng la Molimo. Lipaki Tsa Jehova li u mema hore u latsoe metsi ana a hloekileng a ’nete. Memo ena e hlalosoa bukeng ea ho qetela ea Bibele ka tsela ena: “Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”—Tšenolo 22:17.
Ho ithuta ho eketsehileng mabapi le kamoo ’Muso oa Molimo o tlang ho tsoela batho molemo kateng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova ka ho ea Holong ea ’Muso e haufi le uena kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena. U ka boetse ua ea mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org.
[Lebokose le leqepheng la 8, 9]
NA BOLUMELI BO TIMME LENYORA LA BATHO?
Hore motho a ee kerekeng feela kapa a ipolele hore ke molumeli ha ho etse hore a fumane metsi a khathollang a ’nete. Ha e le hantle, malumeli a mangata a ka sehloohong a kajeno a tlatselitse mathateng ao batho ba nang le ’ona ho fapana le ho a rarolla. Ka mohlala, ak’u nahane ka sena: Linakong tsa ntoa, Mak’hatholike a ’nile a bolaea Mak’hatholike, Maprostanta a bolaea Maprostanta—’me mahlakore ka bobeli, a kōpa Molimo hore aa thuse ho hlōla!
Ho phaella moo, ho na le litlaleho tse ngata tsa liketsahalo tse hlabisang lihlong ka likerekeng, tsa baruti ba amehileng bolotsaneng ba lichelete kapa ba hlekefelitseng bana ka thobalano. Ka sebele, malumeli a mangata a fana ka metsi a silafetseng. (Tšenolo 17:4-6; 18:1-5) Boemo boo bo tšoana le bo hlalositsoeng ka Bibeleng ho Tite 1:16, e reng: “Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo, empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona.” Ka kakaretso, bolumeli ha boa etsa letho ho tima lenyora la batho linakong tsena tsa komello ea moea.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Likhaolong tsa eona tse 19, buka e maqephe a 224 ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e araba lipotso tsa motheo tsa Bibele, tse kang:
“Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše?”
“Bafu ba hokae?”
“Na re phela ‘matsatsing a ho qetela’?”
“Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko?”
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
U ka fumana ‘metsi a ’nete’ Holong ea ’Muso e sebakeng sa heno