Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 maq. 6-7
  • Mokelikeli oa Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokelikeli oa Bophelo
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke a Bohlokoa Tabeng ea ho Laola Tlelaemete
  • Metsi a Tšikhunyang a Fanang ka Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Polanete e Nang le Bophelo
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
  • Lero la Bohlokoa Bophelong—Metsi
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 2/09 maq. 6-7

Mokelikeli oa Bophelo

METSI aa hlolla. A pala empa a entsoe ka tsela e rarahaneng. Molek’hule ka ’ngoe ea ’ona e entsoe ka liathomo tse tharo feela—tse peli tsa haedrojene le e le ’ngoe ea oksijene. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba ntse ba sa khone ho utloisisa ka ho feletseng hore na limolek’hule tsa metsi li sebetsa joang. Empa seo bohle re se tsebang ke hore metsi aa hlokahala bophelong, a etsa hoo e batlang e le karolo ea 80 lekholong ea boima ba lintho tsohle tse phelang. Ak’u nahane ka litšobotsi tse hlano feela tsa sehlahisoa sena se hlollang.

1. Metsi a ka tšoara mocheso o mongata empa thempereichara e sa phahame, kahoo a thusa ho laola tlelaemete.

2. Ha metsi a hoama aa kokomoha, e leng ho etsang hore leqhoa le phaphamale ’me le koalle mocheso ka tlaase. Haeba metsi a ne a tšoana le lintho tse ling, a ba boima ha a hoama, matša, linōka le maoatle a ne a tla etsa leqhoa ho tloha tlaase ho ea holimo, ebe a pata ntho e ’ngoe e le ’ngoe ka har’a lona!

3. Metsi aa bonaletsa, kahoo a nolofalletsa lintho tse phelang ka har’a ’ona tse hlokang khanya hore li khone ho phela metsing a tebileng haholo.

4. Limolek’hule tsa metsi lia tšoarana, e leng se etsang hore metsi a sarolohe. Sena se nolofalletsa likokoanyana hore li mathe metsing a letamo, se etsa hore metsi a etse marotholi ebile se thusa hore metsi a nyolohele holimo limeleng tse telele.

5. Metsi ke mokelikeli o molemo ka ho fetisisa o tsebahalang. A khona ho tsamaisa oksijene, carbon dioxide, matsoai, liminerale le lintho tse ling tse ngata tsa bohlokoa.

Ke a Bohlokoa Tabeng ea ho Laola Tlelaemete

Maoatle a etsa hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea lefatše, e leng ho etsang hore a phethe karolo e ka sehloohong tabeng ea ho laola tlelaemete. Ha e le hantle, maoatle a sebelisana le sepakapaka, a lula a fapanyetsana mocheso, metsi, likhase le tsela eo moea le maqhubu a tsamaeang ka eona. A boetse a sebelisana le sepakapaka ho tlosa mocheso libakeng tsa Tropike ho o isa libakeng tse lintlheng tsa lefatše, kahoo a thusa ho laola thempereichara lefatšeng. Ha e le hantle, e le hore lintho tse ngata li tsoele pele li phela, thempereichara e lokela ho ba boemong bo etsang hore metsi a khone ho lula e le mokelikeli. Buka e bitsoang Rare Earth—Why Complex Life Is Uncommon in the Universe, e re: “Ho bonahala eka Lefatše le boemong bo loketseng hantle.”

Ho hlakile hore lefatše le entsoe, hase lona moetsi. Empa na le bile teng ka tšohanyetso feela, kapa le entsoe ke ’Mōpi ea bohlale le ea lerato? Bibele e re le entsoe ke ’Mōpi ea bohlale le ea lerato. (Liketso 14:15-17) Sehloohong se latelang, re tla ithuta kamoo pono ena ea Bibele e tšehetsoang ke bopaki bo bong kateng—e leng ba lipotoloho tse hlollang tse hloekisang lefatše la rōna, tse bileng li etsang hore le lule le le boemong bo botle.

[Lebokose le leqepheng la 7]

BIBELE E NEPAHETSE LITABENG TSA SAENSE

Lefatše le fanyehiloe sepakapakeng. “O otlolla leboea holim’a sebaka se feela, o leketlisa lefatše holim’a lefeela.”—Jobo 26:7, e boletse seo hoo e ka bang ka 1613 B.C.E.

Lefatše le chitja. “Ho na le Ea lulang ka holim’a selika-likoe sa lefatše.”—Esaia 40:22, e ngotsoe hoo e ka bang ka 732 B.C.E.

Metsi aa potoloha. “Melapo eohle e phoroselang ea mariha e phallela leoatleng . . . Sebakeng seo melapo e phoroselang ea mariha e phallelang ho sona, e khutlela ho sona e le hore e ka phalla.”—Moeklesia 1:7, e ngotsoe pele ho 1000 B.C.E.

Bokahohle bo tsamaisoa ke melao. “[’Na Jehova] ke lokiselitse . . . litaelo tse hlomamisitsoeng [kapa, melao] tsa leholimo le lefatše.”—Jeremia 33:25, e ngotsoe pele ho 580 B.C.E.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 7]

Magnetosphere: NASA/Steele Hill; aurora: Collection of Dr. Herbert Kroehl, NGDC; reef: Stockbyte/Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela