Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 maq. 8-9
  • Lipotoloho Tse Teng Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotoloho Tse Teng Bophelong
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le li Sebelisa Hape ka Tsela e Phethahetseng!
  • Polanete e Nang le Bophelo
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
  • Metsi a Hloekileng
    Tsoha!—2023
  • Na U Ananela Limpho Tseo Jehova a U Fileng Tsona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Pōpo e re, ‘Ba Hloka Boikemelo’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Tsoha!—2009
g 2/09 maq. 8-9

Lipotoloho Tse Teng Bophelong

HAEBA mehloli e fepelang motse ka moea o hloekileng le metsi e ne e ka koaloa le tsamaiso ea likhoerekhoere ea emisoa, batho ba ne ba tla kula ’me ba shoe. Leha ho le joalo, polaneteng ea rōna teng lintho li potoloha ka har’a eona feela—moea o hloekileng le metsi ha li latoe kae-kae sepakapakeng, ebile litšila ha li lahleloe ka ntle ho eona! Kahoo ke’ng e etsang hore lefatše le lule le le boemong bo botle le boo lintho li ka phelang ho bona? Ke lipotoloho tsa tlhaho, tse kang ea metsi, ea k’habone, ea oksijene le ea naetrojene, tse hlalositsoeng le ho bontšoa mona ka tsela e bonolo.

Potoloho ea metsi e mekhahlelo e meraro. 1. Mocheso oa letsatsi o nyollela metsi sepakapakeng e le mouoane. 2. Maru aa theha ha metsi ana a hloekisitsoeng a tiea. 3. Joale maru a nesa pula, sefako, tšeole, kapa ho khethehe lehloa, ebe metsi a khutlela fatše moo a tlohileng teng. Kahoo, ke metsi a makae a potolohang ka selemo? Ho hakanngoa hore ke metsi a ka koahelang lefatše kaofela ka botebo ba lisenthimithara tse fetang 100.

2

← ◯

↓ 3 ↑

↓ 1 ↑

↓ ↑

→ →

→

Potoloho ea k’habone le ea oksijene e sebetsa ka litsela tse peli tse ka sehloohong—e leng tsela eo limela tse tala li hlahisang lijo ka eona le eo lintho tse phelang li hemang ka eona.a Limela tse tala li sebelisa khanya ea letsatsi, carbon dioxide le metsi hore li hlahise lik’habohaedreite le oksijene. Ha batho le liphoofolo ba hema, ba kopanya lik’habohaedreite le oksijene ho hlahisa matla, carbon dioxide le metsi. Ka tsela eo, lipotoloho tsena lia thusana, ’me li atleha ho hloekisa tikoloho li ntse li khutsitse.

Oksijene

←

← ←

↓ ↑

↓ ↑

↓ ↑

→ →

→

Carbon dioxide

Potoloho ea naetrojene e thusa ho hlahisa li-amino acid, liprotheine le limolek’hule tsa lintho tse ling tse phelang. A. Potoloho ena e qala ha ho e-na lehalima ’me libaktheria li fetola naetrojene e sepakapakeng hore e be metsoako eo limela li ka e monyang. B. Limela tsona li kenya metsoako ena ka har’a limolek’hule tsa lintho tse phelang. Ka tsela eo, liphoofolo tse jang limela le tsona li fumana naetrojene. C. Ha limela le liphoofolo li e-shoa, libaktheria tsa mofuta o mong li arola metsoako ea naetrojene, ’me naetrojene eo e khutlela mobung le sepakapakeng.

← ← ← ← ← ← ← ← ← ←

↓ ↑

↓ Karolo ea 78 lekholong ↑

↓ ea sepakapaka ke naetrojene ↑

↓ ↑

↓ ↓ Limolek’hule tse linthong ↑

↓ A ↓ tse phelang ↑

↓ Libaktheria ↓ B ↑ ↓ C ↑

→ Metsoako ea naetrojene Libaktheria →

→ → →

Le li Sebelisa Hape ka Tsela e Phethahetseng!

Ak’u nahane ka sena: Ka theknoloji eohle ea bona, selemo le selemo batho ba hlahisa lithane tse ngata tsa lintho tse kotsi tse ke keng tsa sebelisoa hape. Leha ho le joalo, ka tsela e phethahetseng lefatše le lula le sebelisa lintho tsohle tse sebelitseng ho hlahisa tse ncha, le sebelisa mekhoa e bontšang bohlale ba boenjiniere ba lik’hemikh’ale. M. A. Corey, eo e leng mongoli oa tsa bolumeli le saense, o re: “Haeba lintho li ne li bile teng ka tšohanyetso feela ho hang ho ne ho ke ke ha khoneha hore li lule li pheta-pheta” tšebelisano e joalo e teng tikolohong.

Ha Bibele e bua ka ea tšoaneloang ke tlotla, e re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale.” (Pesaleme ea 104:24) Bohlale boo bo ’nile ba bonahatsoa ka tsela e khethehileng ho batho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipotoloho tse sa tšoaneng li ka ’na tsa kopana kapa tsa amana ka tsela e itseng. Ka mohlala, ho na le oksijene ka har’a carbon dioxide, lik’habohaedreiteng le metsing. Kahoo, ea kenella potolohong ea k’habone le ea metsi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela