Le Etselitsoe Batho ka ho Khetheha
BATHO ha ba hloke moea, lijo le metsi feela bophelong. E le hore re thabe e le kannete, re lokela ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea. Re lokela ho tseba morero oa bophelo, le hore na ke hobane’ng ha re le mona lefatšeng. Ke kahoo Jesu Kreste a ileng a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.
Molimo o re thusitse hore re khotsofatse tlhoko eo ka ho etsa hore ho be le buka e halalelang e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng, e leng Bibele e Halalelang, eo hona joale e fumanehang ka lipuo tse ka bang 2 400, e feletse kapa e sa fella. (2 Timothea 3:16) Bibele e re bolella hore Molimo o bōpile bokahohle le lintho tsohle tse phelang lefatšeng. (Genese, khaolo ea 1 le ea 2) E boetse e re bolella hore o ile a arola mosebetsi oa hae oa pōpo ka “matsatsi” a tšeletseng a tšoantšetso, kapa linako tsa bolelele bo itseng, e leng tatellano e lumellanang le likarolo tse ka sehloohong tseo nako ea ho thehoa ha lefatše e aroloang ka tsona, ho ea kamoo bo-rasaense ba fumaneng kateng.
Bibele e boetse e senola seo Molimo a se reretseng batho. Seo se boletsoe ho Pesaleme ea 37:29: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” Ela hloko hore ba lokileng—e leng ba hloekileng boitšoarong le moeeng—ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng, eseng leholimong. Ho hlakile hore lefatše le tla be le sa silafala joalokaha le silafetse kajeno. Ho e-na le hoo, le tla fetoha paradeise.—Pesaleme ea 104:5; Luka 23:43.
Tsebo e Isang Bophelong
Paradeise eo e tla ba habeli—e be ea sebele le ea moea. Esaia 11:9 e re: “Ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” Esita le hona joale, tsebo eo e ngotsoeng lipelong tsa batho e susumetsa Bakreste ba ’nete hore ba phelisane ka khotso le kutloano. Ho feta moo, ba nka mantsoe a Jesu ka ho teba, ha a ne a rapela, a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Haeba u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka seo Bibele e se tšepisang, Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ntle ho tefo.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a U ka boela ua ikopanya le Lipaki Tsa Jehova mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org.