Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 maq. 12-15
  • Litlhohonolofatso Tsa ho Eteletsa Molimo Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litlhohonolofatso Tsa ho Eteletsa Molimo Pele
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mathata a ho ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
  • Liphetoho Tse Khōlō
  • Lelapa la Rōna Lea Eketseha Nigeria
  • Baa Hlohonolofatsoa le Hoja ba se na Thuto e Phahameng
  • Re Boetse re Sebeletsa Benin
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Afrika Bophirimela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ke Matlafalitsoe ke Khotsofalo ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Nke ke ka Lumella Matsoho a ka ho Tepella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 3/09 maq. 12-15

Litlhohonolofatso Tsa ho Eteletsa Molimo Pele

Joalokaha ho boletse Pierre Worou

“Bonjour!” Ke ’nile ka lumelisa batho ka tumeliso ena ea Sefora bophelo bohle ba ka. Empa ka November 1975, ke ile ka tšoareloa ho lumelisa motho e mong joalo. E-re ke u phetele hore na ho ile ha tla joang hore ke qetelle ke le boemong boo le hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo.

KE HLAHILE ka la 1 January, 1944, ke hlahela motseng oa Malété, o Savé, Benin bohareng.a Batsoali ba ka ba ile ba ntheha lebitso la Seyoruba, ba re ke Abiola. Ha ke sa le monyenyane, ke ile ka itheha lebitso la Pierre, leo ke neng ke nahana hore ke la sejoale-joale ebile le ea tsebahala.

Batho ba motse ba ne ba reha bana bohle mabitso a bosoasoi. Ba ne ba mpitsa Moruti kaha ha ke hlaha ke ne ke tšoana le moruti e mong oa moo. Empa ke ne ke rata ho bapala bolo ea maoto ho feta ho ea litlelaseng tsa katekisima.

Ka 1959, ke ile ka fallela motseng oa Sakété, o ka boroa naheng eo, ho ea tsoela pele ka lithuto tsa ka tsa sekolo. Ke ne ke lula le motsoala oa ka ea bitsoang Simon, eo e neng e le tichere ’me a sa tsoa qala ho ithuta Bibele le Lipaki tse peli tsa Jehova. Qalong ke ne ke sa rate ho kopanela thutong ea bona. Hamorao ke ile ka kōpa motsoala e mong oa ka ea bitsoang Michel hore a kopanele le ’na thutong eo. O ile a lumela, ’me ke nakong eo ke ileng ka qala ho utloa lebitso la Molimo, e leng Jehova.

Ka Sontaha se seng, ’na le Simon le Michel, re ile ra etsa qeto ea ho ea ho sebokeng sa Lipaki, ho e-na le ho ea kerekeng. Ke ile ka khathala matla ha ke hlokomela hore ho tlile batho ba bahlano feela moo—e le ’na, bo-motsoala le Lipaki tse peli. Empa re ile ra elelloa hore seo re se utloang ke ’nete ea Bibele ’me ra tsoela pele re ithuta. Michel e bile eena oa pele ea kolobelitsoeng e le ha a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Molimo. Kajeno ke pula-maliboho, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba bitsoang kateng.

Simon o ile a fallela ka leboea motseng oa Kokoro, ’me ka tsamaea le eena. Ho ne ho reriloe hore kopano ea Lipaki e tla tšoareloa motseng oa Ouansougon. Simon o ile a ea kopanong eo ka tekesi, ’me ’na ka tsamaea lik’hilomithara tse 220 ka baesekele. Ka bobeli re ile ra kolobeletsoa moo, ka la 15 September, 1961.

Mathata a ho ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng

Ke ne ke iphelisa ka ho taka litšoantšo le ho li rekisa esita le ka ho lema tšimo e neng e beha haholo. Ha molebeli e mong ea tsamaeang ea bitsoang Philippe Zannou, a etetse phuthehong ea rōna o ile a mpotsa hore na nkile ka nahana ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng ke le pula-maliboho. Ka mor’a hore re buisane ka taba ena le motsoalle oa ka ea bitsoang Emmanuel Fatunbi, ke ile ka re re ka qala tšebeletso ea nako e tletseng ka February 1966. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeang, ke etela liphuthehong tseo ho buuoang Sefone, Segune, Seyoruba le Sefora.

Ha nako e ntse e ea, ke ile ka kopana le Julienne, e leng morali e mong oabo rōna ea motle oa Mokreste ea neng a rata ho phela ka tsela e itekanetseng joaloka ’na. Ke ile ka mo nyala ka la 12 August, 1971, ’me a tsamaea le ’na ha ke etela liphutheho. Ka la 18 August, 1972, mora oa rōna ea bitsoang Bola o ile a hlaha. Ha re ne re tloha phuthehong e ’ngoe re ea ho e ’ngoe, ke ne ke soaela baesekele ’me Julienne a lula ka morao a pepile Bola. Paki e ’ngoe ea sebakeng seo re leng ho sona e ne e atisa ho tsamaisa thoto ea rōna ka baesekele e ’ngoe. Re ile ra qeta lilemo tse ’nè re etsa sena ha re etela liphutheho.

Ka letsatsi le leng, Julienne o ile a kula ’me a qeta bosiu a opeloa. Hoseng ka le hlahlamang, ke ile ka theohela ’mileng ho ea batla thuso. Ka ho panya ha leihlo feela, ha tla tekesi, e leng ntho e neng e sa tloaeleha sebakeng seo. Ho neng ho sa tloaeleha le ho feta ke hore e ne e tla e se na baeti! Ke ile ka hlalosetsa mokhanni boemo ba rōna ’me ka mo kōpa hore a re ise motse-moholo Porto Novo, o ka bang lik’hilomithara tse 25 ho tloha moo. O ile a lumela. Ha re fihla moo, o ile a bososela, a re: “Le ka ikela ba heso. Le se ke la khathatseha ka ho ntša chelete.”

Julienne o ile a tlameha ho qeta libeke tse peli a robetse ha Paki e ’ngoe ea moo. Ngaka e ’ngoe e mosa e ne e mo hlola letsatsi le letsatsi. E ne e boetse e mo tlisetsa meriana e hlokahalang. Ha e hlahloba Julienne ka lekhetlo la ho qetela, ke ile ka e botsa ke tšohile hore na ke lokela ho lefa bokae. Ke ile ka makala ha e re, “Ha ke na ho le lefisa letho.”

Liphetoho Tse Khōlō

Ka 1975, Dahomey e ile ea amohela mokhoa oa puso oa Marx. Naha eo e ile ea rehoa lebitso le lecha ha thoe ke People’s Republic of Benin. Tsela e tloaelehileng eo batho ba phelang ka eona, le eona e ile ea fetoha. Batho ba ile ba qobelloa hore ba sebelise tumeliso e ncha, ba re “Pour la révolution?” (Na u se u loketse phetoho e khōlō pusong?) Ho ne ho lebeletsoe hore ha batho ba araba, ba re: “Prêt!” (E, ke se ke le malala-a-laotsoe!) Matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele a ne a sa re lumelle ho pheta mapetjo ao a lipolotiki. Sena se ile sa etsa hore batho ba re hloee haholo.

Ka Sontaha se seng ho elella bofelong ba 1975, ke ile ka tšoaroa ke le tšebeletsong ea ntlo le ntlo haufi le St. Michel. Joalokaha ke boletse pejana, ke ile ka re “Bonjour!” ha motho e mong a ntumelisa a re, “Pour la revolution?” Ke ile ka isoa sepoleseng, moo ke ileng ka otloa. Empa hamorao hona letsatsing leo, Lipaki tse ling tse tharo tsa sebakeng seo li ile tsa lokisetsa hore ke lokolloe.

Ke ’na Paki ea Jehova ea pele e ileng ea tšoaroa. Ka mor’a moo, tse ling tse ngata le tsona li ile tsa tšoaroa naheng eo. ’Muso o ile oa hapa Liholo Tsa ’Muso ’me baromuoa ba lelekoa naheng eo. Ofisi ea lekala e ile ea koaloa ’me Lipaki tse ngata tsa tlameha ho balehela Togo, ka bophirimela kapa Nigeria, ka bochabela.

Lelapa la Rōna Lea Eketseha Nigeria

Mora oa rōna oa bobeli ea bitsoang Kola, o hlahile ka la 25 April, 1976. Matsatsi a mabeli hamorao, ’muso o ile oa ntša taelo ea nomoro ea 111 e neng e thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra ea Holong ea ’Muso, Nigeria, e neng e tletse baphaphathehi. Ka le hlahlamang ho ile ha lokisetsoa hore re isoe liphuthehong tse ling tse haufi. Hang feela ha baphaphathehi ba tloha holong eo, ho ne ho fihla ba bang. Ba qetang ho fihla ba ne ba nkoa ka literaka, ba isoa liphuthehong tse ling tse haufi.

Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Nigeria e ile ea nkōpa hore ke etele Lipaki tsohle tse tsoang Benin. Ka ntan’o khethoa hore ke be molebeli ea tsamaeang liphuthehong tsa Nigeria tse buang Seyoruba, ’me hamorao ka abeloa ho etela tsa Segune. Re ne re tsamaea ka sethuthuthu. Bola o ne a lula ka pele ’me Kola a lula pakeng tsa ka le Julienne.

Ka 1979, ha re hlokomela hore re tlil’o ba le moralinyana ea bitsoang Jemima, re ile ra tlameha ho tlohella mosebetsi oa potoloho. Moena oa Julienne eo re neng re mo bitsa Pépé, o ile a tloha Benin a tl’o lula le rōna. Lelapa la rōna le ile la tsoela pele ho hōla. Re ile ra ba le bashanyana ba bang ba babeli: Caleb ea hlahileng ka 1983 le Silas ea hlahileng ka 1987. Kahoo re ile ra ba lelapa le nang le litho tse robeli. ’Na le Julienne re ne re batla ho hōlisa bana ba rōna ka tsela e molemo, empa re ne re boetse re batla ho tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng haeba ho khoneha. Re ne re tla etsa seo joang? Re ile ra hira tšimo ’me ra lema cassava, poone le cocoyam. Ra ntan’o haha ntlo e nyenyane motseng oa Ilogbo-Eremi.

’Na le Julienne re ne re paka hoseng, ha re qeta ho isa bana sekolong. Re ne re khutla ka nako e le hore re je hammoho re le lelapa. Ka mor’a hore shoa! ho se hokae, re ne re ea masimong. Julienne le Pépé ba ne ba boetse ba rekisa lihlahisoa ’marakeng. Kaofela ha rōna re ne re sebetsa ka thata. Ka lehlohonolo, re ne re sa atise ho kula lilemong tseo.

Baa Hlohonolofatsoa le Hoja ba se na Thuto e Phahameng

Ha ho mohla re kileng ra khothalletsa bana ba rōna hore ba hahamalle thuto e phahameng ea sekolo. Re ne re tseba hore katleho bophelong e tlisoa ke ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova, ho hlaolela litšobotsi tsa Bokreste le ho sebetsa ka thata. Re lekile ho hatisa likhopolo tsena baneng ba rōna ka ho ba ruta tsona khafetsa. Ke ne ke ithuta le bona, ’me ke ile ka thaba haholo ha ke bona kamoo ba ratang Jehova kateng, ba inehela ho eena hore ba mo sebeletse ’me ba kolobetsoa ho bontša boinehelo ba bona!

Pépé o moholo ho bana ba rōna ’me ke eena ea tlohileng pele lapeng. Ke ne ke mo rutile ho bala pejana, ha a tlil’o lula le rōna. Le hoja a ne a sa kena sekolo hakaalo, o ile a tsepamisa mohopolo tabeng ea ho ithuta Bibele le mesebetsing e meng ea borapeli. O ile a qeta nako e itseng e le pula-maliboho pele a nyaloa ke molebeli e mong ea tsamaeang ea bitsoang Monday Akinra, eo a neng a potoloha le eena. Hona joale ba na le mora ea bitsoang Timothy. Pépé le Monday ba ’nile ba tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng, ’me Monday o fuoa boikarabelo bo bongata likopanong.

Bola o ithutile ho apeha k’hamphaning e ’ngoe e khōlō eo a sebetsang ho eona. Ka mor’a nakoana, mookameli e mong o ile a hlokomela tsela e ntle eo a itšoereng ka eona mosebetsing, kamoo a tšepahalang kateng le litšobotsi tse ling tse ntle tsa Bokreste tseo a nang le tsona. Ha nako e ntse e ea o ile a mo nyollela boemong ba boikarabelo k’hamphaning eo. Habohlokoa le ho feta ke hore ke monna ea molemo ho mosali oa hae ea motle, Jane, ebile ke ntate ea hlokometseng bana ba hae ba bararo hantle, ’me ke moholo ea nkang lintho ka ho teba phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova e Lagos, Nigeria.

Kola o ithutile ho rōka ha a ntse a sebetsa moo ho rōkoang liaparo teng ’me le eena o ile a nka bopula-maliboho. Kaha o ne a ithutile Senyesemane ha a ntse a le Nigeria, ka 1995 o ile a memeloa Lefapheng la Phetolelo ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Benin. O ’nile a sebeletsa moo ka lilemo tse 13.

Re Boetse re Sebeletsa Benin

Re ile ra thaba ha re utloa hore taelo e ntšitsoeng ke ’muso oa Benin ka la 23 January, 1990, e phatlalalitse hore taelo e neng e ntšitsoe pejana e thibelang mosebetsi oa rōna e hlakotsoe. Baphaphathehi ba bangata ba ile ba khutlela hae. Ho ile ha boela ha fihla baromuoa ba bacha Benin, ’me ofisi ea lekala ea boela ea buloa. Ka 1994, lelapa la rōna le ile la khutlela Benin, empa Pépé, Bola le ba malapa a bona, ba sala Nigeria.

Ke ile ka fumana mosebetsi oa nakoana. Ka cheletana e seng kae ea ntlo e Nigeria eo re e hirisitseng le ka thuso eo Bola a re fang eona ka seatla se bulehileng, re ile ra khona ho haha ntlo eo re lulang ho eona re le bahlano haufi le ofisi ea lekala. Jemima e bile pula-maliboho ka lilemo tse fetang tse tšeletseng, a iphelisa ka ho rōka. O nyetsoe ke Kokou Ahoumenou, ’me hona joale ba sebeletsa lekaleng le haufi le rōna. Caleb le Silas ke hona ba qetang sekolong. Ka thuso ea Molimo le ka lebaka la tšebelisano-’moho ea lelapa la rōna, ’na le Julienne re se re qetile lilemo tse fetang 40 re le tšebeletsong ea nako e tletseng.

Molimo o hlohonolofalitse mosebetsi oa boboleli ka ho enneng, Benin. Ha ke ne ke kolobetsoa ka 1961, ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse 871 tse neng li bolela molaetsa oa ’Muso naheng eo. Selemong seo ke ileng ka tšoaroa ka sona, li ne li se li nyolohetse ho 2 381. Ha re khutlela Benin ka 1994, palo ea tsona e ne e se e nyolohetse ho 3 858, le hoja mosebetsi o ne o thibetsoe ka lilemo tse 14. Kajeno li kopola palo eo ho feta habeli—li ka holimo ho 9 000—’me ka 2008 ho bile teng batho ba 35 752 Sehopotsong sa lefu la Kreste.

Ka linako tse ling ke ea sebakeng seo ke ileng ka tšoaroa ke le ho sona lilemong tse fetang 30 tse fetileng, ebe ke nahana ka lintho tsohle tse etsahetseng. Ke leboha Molimo ka ho khetheha hore ebe o hlohonolofalitse lelapa la ka. Ha rea haelloa ke letho. Le kajeno ke ntse ke re “Bonjour!” ha ke lumelisa batho bohle.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka nako eo Benin e ne e tsejoa e le Dahomey ’me e le karolo ea French West Africa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

O ile a bososela, a re: “Le ka ikela ba heso. Le se ke la khathatseha ka ho ntša chelete”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Ha ho mohla re kileng ra khothalletsa bana ba rōna hore ba hahamalle thuto e phahameng ea sekolo

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ha ke ne ke le molebeli ea tsamaeang, ka 1970

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Re na le bara ba rōna ba babeli ba baholo, Bola le Kola, ka 1976

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Kajeno, ke pota-potiloe ke ba lelapa la ka—mosali oa ka, bana ba ka ba bahlano, litloholo tsa ka tse tharo le lelapa la Pépé

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela