U Tla Araba Joang?
Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?
Bala Joshua 2:15-18; 6:15-21; 7:1, 20, 21. Joale sheba setšoantšo sena. Ke lintho life tse fosahetseng ho sona? Ngola likarabo meleng e ka tlaase.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
4. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho se inkele lintho tsa ba bang?
Tse Hlahang Makasineng Ena
Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 5 Daniele o ne a tsebahala ka eng? Daniele 6:․․․
LEQEPHE 6 Ke eng seo batho bohle ba lokelang ho se tseba ka uena? Bafilipi 4:․․․
LEQEPHE 28 Batho bohle ba lokela ho nka lenyalo joang? Baheberu 13:․․․
LEQEPHE 28 Takatso ha e se e emere, e tsoala eng? Jakobo 1:․․․
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.
U Tseba’ng ka Baprofeta?
Bala 2 Likronike 18:1–19:3. U ntan’o araba lipotso tse latelang.
5. ․․․․․
Moprofeta eo Morena Akabe a neng a mo hloile ke mang?
6. ․․․․․
Ke hobane’ng ha Akabe a ne a hloile moprofeta eo?
7. ․․․․․
Moprofeta eo o ile a re’ng ho Akabe, hona Akabe o ile a etsa’ng?
SE KA TŠOHLOANG:
Ke neng u ka ’nang ua lokela ho etsisa moprofeta eo ka ho ba sebete?
◼ Likarabo li leqepheng la 14
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. Marako a Jeriko a ile a putlama pele Baiseraele ba hlasela.
2. Rahaba o ne a leketlisitse thapo e ’mala oa sekareleta, eseng e putsoa.
3. Akane o ile a utsoa seaparo, setene sa khauta le lishekele tsa silevera, eseng molimo oa setšoantšo.
4. Ha baa hlasela bosiu.
5. Mikaia.
6. O ile a phatlalatsa likahlolo tsa Jehova khahlanong le Akabe.
7. O ile a re Akabe o tla shoella ntoeng. Akabe o ile a laela hore Mikaia a isoe tlung ea botlamuoa.