Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/09 maq. 18-20
  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo U Lokelang ho Qala ka Sona
  • Mohato o Latelang
  • Seo U sa Lokelang ho se Etsa
  • Sheba Lintho ka Tsela ea Sebele
  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha Bashanyana ba sa Nthate?
    Tsoha!—2010
  • Ke Hobane’ng ha Bashanyana ba sa Nthate?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Na ke Motsoalle Feela—Kapa Kea mo Rata?, Karolo ea 2
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 5/09 maq. 18-20

Bacha Baa Botsa

Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?

Ehlile kea mo khahla. Ke mo boleletse tsohle ka ’na—lintho tseo ke nang le tsona, libaka tseo nkileng ka fihla ho tsona le batho bao ke ba tsebang. E tlameha ebe o labalabela ho intša le ’na!

Eka nka re lefatše ngamoha, ke kene! E le hore motho eo ha a bone hore ha ke mo rate? Ebe nka khaotsa moqoqo oo joang ka tsela e ke keng ea mo utloisa bohloko?

U SE u le lilemong tsa hore u qale ho intša. U ka rata ho fumana motho ea bohehang, eo u leng tumelong e le ’ngoe le eena. (1 Bakorinthe 7:39) Leha ho le joalo, nakong e fetileng, ha u ne u leka ho qalisa kamano ea lerato le motho ea itseng, u ne u utloa eka u ke ke ua atleha.

Haeba u batla ho ithuta ngoanana ea itseng, ke lintlha life tseo u lokelang ho nahana ka tsona? Hona ke melao-motheo efe ea Bibele eo u lokelang ho e hopola?

Seo U Lokelang ho Qala ka Sona

Pele u etsa qeto ea hore u se u loketse ho intša le ngoanana ea itseng, ho na le lintho tseo u lokelang ho li tseba tse tla u thusa ho etsa setsoalle le motho leha e le ofe. Ak’u nahane ka lintlha tse latelang.

◼ Ithute mekhoa e metle. Bibele e re ‘lerato ha le na mekhoa e mebe.’ (1 Bakorinthe 13:5, BPN) Ho ba le mekhoa e metle ho bontša hore u hlompha ba bang, ua hōla ebile u hlaolela botho bo kang ba Kreste. Leha ho le joalo, ho ba le mekhoa e metle ha ho tšoane le ho apara sutu hore u khahle ba bang ebe ua e hlobola ha u fihla lapeng. Ak’u ipotse, ‘Na ke bontša mekhoa e metle ha ke sebetsana le ba lelapa leso?’ Haeba u sa e bontše, ho tla bonahala eka ua iketsisa ha u bontša mekhoa e metle nakong eo u sebetsanang le ba bang bao e seng ba lelapa leno. Hopola, e le hore ngoanana ea masene a tsebe hantle hore na u motho ea joang, o tla sheba tsela eo u tšoarang ba lelapa leno ka eona.—Baefese 6:1, 2.

Seo banana ba se buang: “Ntho e nkhahlang e le kannete ke ha moshanyana a bontša mekhoa e metle linthong tse nyenyane, tse kang ho mpulela lemati haesita le linthong tse khōlō tse kang ho ba mosa le ho ’nahanela esita le ho nahanela ba lelapa leso.”—Tina, ea lilemo li 20.a

“Kea teneha ha motho a qala ho kopana le ’na ’me a mpotsa lintho tse sa mo ameng, tse kang, ‘Na u na le mohlankana?’ kapa ‘Lipakane tsa hao ke life?’ Ha ho bontše mekhoa e metle ebile ho etsa hore ke be le maikutlo a mabe ka eena!”—Kathy, ea lilemo li 19.

◼ Lula u hloekile. Ho lula u hloekile ho bontša hore ua itlhompha ebile u hlompha ba bang. (Matheu 7:12) Ha u itlhompha, ho ka etsahala hore ba bang u hlomphe. Ka lehlakoreng le leng, haeba u hlokomoloha bohloeki, u tla be u itšenyeletsa, ngoanana a ke ke a khahloa ke uena.

Seo banana ba se buang: “Mohlankana e mong eo ke neng ke mo khahlile, o ne a nkha lehano habohloko. Ke ne ke sitoa ho iphapanyetsa seo.”—Kelly, ea lilemo li 24.

◼ Hlaolela tsebo ea ho qoqa. Puisano e ntle ke motheo oa kamano e tšoarellang. Sena se bolela hore u se ke ua thahasella litaba tse amang uena feela empa u thahaselle le tse amang motsoalle oa hao.—Bafilipi 2:3, 4.

Seo banana ba se buang: “Kea thaba ha mohlankana a qoqa le ’na ka bolokolohi, a hopola lintho tseo ke mo boleletseng tsona a bile a botsa lipotso tse ntšetsang moqoqo pele.”—Christine, ea lilemo li 20.

“Ke lumela hore bashanyana ba khahloa ke seo ba se bonang, empa banana bona ba khahloa ke seo ba se utloang.”—Laura, ea lilemo li 22.

“Limpho ke tsa bohlokoa. Empa haeba mohlankana a tseba ho qoqa hantle, a tseba ho u tšelisa le ho u khothatsa . . . seo se khahlisa hakaakang!”—Amy, ea lilemo li 21.

“Ka sebele nka rata ho qeta nako e ngata ke ithuta motho ea ratang metlae empa a boetse a khona ho bua ka lintho tse tebileng, a sa utloahale eka ke nketsisane.”—Kelly, ea lilemo li 24.

Ho sebelisa litlhahiso tse ka holimo ho tla u thusa hore u thabele botsoalle bo molemo le ba bang. Leha ho le joalo, hang ha u nahana hore joale u se u loketse ho fereha ngoanana ea itseng, u lokela ho etsa’ng?

Mohato o Latelang

◼ Nka Bohato ba Pele. Haeba u nahana hore ngoanana ea itseng eo u mo ratang e ka ba molekane ea loketseng oa lenyalo, mo tsebise hore ua mo rata. Toba taba ’me u mo bolelle ka ho hlaka hore na u ikutloa joang. Ka sebele, ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa joalo. U tšoha hore a se ke a u hana. Empa hore ebe u ikemiselitse ho nka bohato ba pele ke pontšo ea hore u se u hōlile.

Seo banana ba se buang: “Ha ke khone ho bona se ka pelong. Kahoo haeba mohlankana a batla ho ithuta ’na, o tla lokela hore a ipuele ’nete feela, a tobe taba ’me a mpolelle.”—Nina, ea lilemo li 23.

“Haeba le ne le bile metsoalle ka nakoana, phetoho eo e ka ba ntho e sa tloaelehang. Empa nka hlompha motho ea mpolellang ka ho toba hore a ka rata ho ntseba haholoanyane, ke se motsoalle feela tjee.”—Helen, ea lilemo li 25.

◼ Hlompha qeto ea ngoanana. U tla etsa’ng haeba ngoanana a re o batla hore le lule le le metsoalle feela? Mo hlomphe ’me u lumele hore o tseba se ka pelong ea hae le hore o tiile ka seo a se bolelang. U bontša ho se hōle kelellong ha u mo sala-sala morao. Ha e le hantle, haeba u hlokomoloha ha ngoanana a u bolella ka ho hlakileng hore ha a u rate—ebile u halefisoa ke seo—na u hlile u nahanela maikutlo a ngoanana kapa a hao feela?—1 Bakorinthe 13:11.

Seo banana ba se buang: “Kea teneha ha ke boleletse moshanyana ka ho toba hore ha ke mo rate empa a ntse a nkemella.”—Colleen, ea lilemo li 20.

“Ke ile ka hlalosetsa moshanyana e mong hore ha ke mo rate, empa a ’na a nkemella ka hore ke mo fe linomoro tsa fono. Ke ne ke batla ho bontša mekhoa e metle. Etsoe mohlomong ho ne ho bile thata hore a mpolelle maikutlo a hae. Empa qetellong ke ile ka tlameha ho bua ke lomahantse meno.”—Sarah, ea lilemo li 23.

Seo U sa Lokelang ho se Etsa

Bahlankana ba bang ba nahana hore ha ba na bothata ba ho etsa hore banana ba ba rate. Ba ka ba ba hlōlisana le metsoalle ka hore na ke mang ea ka etsang hore banana ba bangata ba mo rate. Leha ho le joalo, tlhōlisano e joalo e sehlōhō ebile e ka u etsetsa lebitso le lebe. (Liproverbia 20:11) U ka phema seo haeba u etsa lintho tse latelang.

◼ U se ke ua bapala ka maikutlo a motho e mong. Motho ea bapalang ka maikutlo a e mong a lerato o sebelisa mantsoe a boikaketsi le ho etsa lintho tse ka tsosetsang ngoanana takatso. Ha a ikemisetsa ho ntšetsa pele kamano e hlomphehang ea lerato le motho eo. Boitšoaro bo joalo bo hlokomoloha keletso ea Bibele ea ho tšoara “basali ba bacha joaloka likhaitseli tsa hao ka tlhoeko eohle.” (1 Timothea 5:2) Batho ba bapalang ka maikutlo a ba bang a lerato hase metsoalle ea sebele ebile ba etsa hore ho be bosula manyalong. Banana ba masene ba tseba seo.

Seo banana ba se buang: “Ke nka hore ke ntho e tenang haholo ha motho a u bolella mantsoe a boikaketsi ’me u tseba hore o buile se tšoanang ho motsoalle oa hao khoeling e fetileng.”—Helen, ea lilemo li 25.

“Mohlankana e mong ea motle o ile a qala ho mpontša thahasello, a qeta nako e ngata a bua ka eena. Ha ngoanana e mong a fihla sehlopheng sa rōna, o ile a etsa se tšoanang le ho eena. Ha ho fihla ngoanana e mong hape, a ’na a etsa se tšoanang. Seo se ne se khopisa!”—Tina, ea lilemo li 20.

◼ U se ke ua bapala ka maikutlo a ngoanana. U se ke ua lebella hore tsela eo u etsang lintho le bashanyana ba bang ka eona, e tla tšoana le eo u li etsang le banana. Hobane’ng? Nahana ka sena: Haeba u babatsa moshanyana e mong eo e leng motsoalle oa hao ka hore sutu ea hae e ncha ea mo tšoanela kapa u lula u bua le eena ’me u mo bolella makunutu a hao, a ka ’na a se ke a nahana hore u na le maikutlo a lerato ho eena. Empa haeba u babatsa ngoanana ka tsela eo a shebahalang ka eona kapa u lula u bua le eena ’me u mo bolella makunutu a hao, a ka ’na a nahana hore ua mo rata.

Seo banana ba se buang: “Ke nahana hore bashanyana ha ba utloisise hore ba ke ke ba tšoara banana joalokaha eka ke metsoalle ea bona ea bashanyana.”—Sheryl, ea lilemo li 26.

“Moshanyana e mong o ile a nka nomoro ea ka ea fono ’me ka mor’a moo a nthomella molaetsa. Kahoo . . . seo se bolela’ng? Ka linako tse ling le ka ba le kamano ka ho ngollana melaetsa ’me le be le nkehe maikutlo, empa ha e le hantle, le ka bua lintho tse kae ha le ngollana melaetsa ka fono?”—Mallory, ea lilemo li 19.

“Ke nahana hore bashanyana ha ba hlokomele kamoo banana ba amehang maikutlo kapele kateng, haholo-holo haeba ba bontša hore baa ba tsotella ho bile ho le bonolo ho bua le bona. Hase hore banana bao ba tsielehile. Ke nahana hore banana ba bangata ba mpa ba batla ho fumana mohlankana ea ba loketseng.”—Alison, ea lilemo li 25.

Sheba Lintho ka Tsela ea Sebele

Ke ho sa utloahaleng, ebile ke ho iphahamisa ho nahana hore banana bohle ba tla u rata. Empa ba bang ba tla u rata haeba u ka hopola sena: Seo u leng sona ka hare ke sa bohlokoa ho feta tsela eo u shebahalang ka eona. Ha ho makatse hore ebe Bibele e hatisa bohlokoa ba ho hlaolela “botho bo bocha.”—Baefese 4:24.

Ha Kate ea lilemo li 21, a akaretsa taba ena, o re: “Bashanyana ba nahana hore ba lokela ho apara kapa ho shebahala ka tsela e itseng e le hore ba khahle banana. Le hoja sena e ka ’na eaba ke ’nete, ke nahana hore banana ba bangata ba khahloa ke litšobotsi tse ntle tseo motho a nang le tsona.”b

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

b Sheba khaolo ea 3 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ U ka bontša joang hore ua itlhompha?

◼ U ka bontša joang hore u hlompha maikutlo a ngoanana?

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ho ba le mekhoa e metle ha ho tšoane le ho apara sutu hore u khahle ba bang ebe ua e hlobola ha u fihla lapeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela