Bophelo ba motho bo Qala Neng?
GIANNA o re: “’Mè o ne a le lilemo li 17, e le moimana oa likhoeli tse supileng le halofo ha a etsa qeto ea ho ntša mpa ka motsoako oa saline.”a O phaella ka ho re: “O ne a batla ho mpolaea. Ho e-na le hore ke shoe, ke ile ka phela.”
Bopaki bona bo ile ba fanoa ke Gianna ka 1996, a le lilemo li 19, ka pel’a komiti ea ’muso oa United States ha ho ne ho buuoa ka taba ea ho ntša mpa. Nakong eo Gianna a neng a le likhoeli tse supileng le halofo a le ka pōpelong, litho tsa hae tsa ’mele li ne li hōtse ka tsela e bonahalang. Mohlomong ua lumela hore ha e le hantle e ne e le motho, kaha o ile a tsoela pele a phela le ha a se a tsoile ka pōpelong.
Joale ho thoe’ng ka Gianna ha a ne a sa tsoa emoloa a e-na le libeke tse hlano, ’me a le bolelele ba senthimithara feela? Ke ’nete hore litho tsa hae tsa ’mele li ne li e-s’o hōle ka ho feletseng, empa o ne a se a e-na le motheo oa tsamaiso ea methapo, ho akarelletsa le boko. O ne a e-na le pelo e otlang ka makhetlo a 80 ka motsotso ’me e pompela mali methapong. Kahoo, haeba Gianna e ne e le motho ka mor’a likhoeli tse supileng le halofo a le ka pōpelong, na hase ho utloahalang ho etsa qeto ea hore le ka mor’a libeke tse hlano e ne e se e ntse e le motho—le hoja a ne a e-s’o hōle hakaalo?
Mohlolo oa Kemolo
Likarolo tsohle tsa lesea li qala ho ba teng nakong ea kemolo, ha lehe la mosali le kopana le peō ea botona. Khatelo-pele e entsoeng theknolojing e nolofalelitse litsebi tsa saense ho shebella liphetoho tse hlollang tse etsahalang seleng e le ’ngoe ea lehe lena le emolisitsoeng. Limolek’hule tsa DNA (deoxyribonucleic acid), e leng motsoako o nang le liphatsa tsa lefutso tsa ntate le tsa ’mè lia kopana, ebe li hlahisa bophelo ba motho bo neng bo le sieo pele ho moo.
Sele eo e le ’ngoe ea pele e qalisa tšebetso eo ruri e leng mohlolo, ea ho haha motho ea feletseng. Liphatsa tsa rōna tsa lefutso, tseo e leng likarolo tsa DNA ke tsona tse rerang hore na “kaho” ena e tla ba ea mofuta ofe. Liphatsa tsena li laola hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka rōna. Ke tsona tse laolang hore na re tla ba balelele hakae, litšobotsi tsa rōna tsa sefahleho li be joang, ’mala oa mahlo le oa moriri hammoho le lintho tse ling tse likete tse re khethollang.
Ka mor’a moo, ha sele eo e aroha, “litaelo” tsohle tse ho eona li fetela seleng e ’ngoe le e ’ngoe e ncha. Ho hlollang ke hore e ’ngoe le e ’ngoe ea lisele tsena e etselitsoe hore e hlahise mefuta e meng ea lisele tse hlokahalang. Seo se akarelletsa lisele tsa pelo, tsa boko, tsa lesapo, tsa letlalo esita le tse bonaletsang tsa mahlo. Ke ho utloahalang hore ebe hangata litaelo tsa sele ena ea pele tse hlahisang motho e mocha ea ikhethang li ’nile tsa bitsoa “mohlolo.”
Dr. David Fu-Chi Mark, eo e leng setsebi se tummeng sa baeloji ea limolek’hule, o re: “Nakong eo ho bang le sele e le ’ngoe, motho o se a ntse a e-na le litaelo tsohle tse tla laola tsela eo a tla hōla ka eona.” O ile a phetha ka ho re: “Ha ho sa na pelaelo leha e le efe ea hore motho ka mong o ikhetha ka ho feletseng ho tloha qalong ea bophelo ba hae ha peō ea monna e kopana le lehe la mosali.”
Na ke Motho ha a le ka Pōpelong?
Ho tloha ha ngoana a emoloa ka pōpelong, ha e be karolo feela ea lisele tsa ’mè, empa ke motho ea ikemetseng. ’Mele oa ’mè o nka ngoana e se karolo ea oona. Hoja ebe pōpelo ea ’mè ha ea etsetsoa hore e be “sebaka se sireletsehileng,” o ne o tla lahla lesea leo ka potlako. Lesea lena le pota-potiloeng ke lera le sireletsang—ke motho ea nang le DNA ea hae e ikhethang.
Ba bang ba beha lebaka la hore kaha ka tlhaho ’mele oa mosali le oona o ntša mahe a mangata a emolisitsoeng, joale ke hobane’ng ha ngaka eona e sa lokela ho ntša mpa? Empa ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho shoa ho etsahalang ka tlhaho le ho bolaea motho ka boomo. Naheng e ’ngoe ea Amerika Boroa, ho shoa bana ba 71 ho ba bang le ba bang ba 1 000 pele ba qeta selemo. Empa na hobane feela bana ba bangata hakaalo ba shoa pele ho nako, e ne e tla ba ho loketseng ho bolaea ngoana ea e-song ho qete selemo? Che, e ke ke ea e-ba ho loketseng!
Ntlha ea bohlokoa ke hore Bibele e hlalosa hore motho oa phela ha a le ka pōpelong. Mopesaleme Davida o ile a ngola se latelang ka Molimo: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao.” (Pesaleme ea 139:16) Davida ha a re feela “lesea le sa tsoa emoloa” empa o re “KE sa le lesea le sa tsoa emoloa,” kahoo ka nepo o bontša hore bophelo ba hae bo qalile ha a ne a emoloa, nako e telele pele a hlaha. A bululetsoe ke Molimo, Davida o ile a boela a senola hore ha a emoloa, litho tsa ’mele oa hae li ile tsa hōla ho latela moralo, kapa litaelo ‘tse ngotsoeng,’ e leng tsona tse ileng tsa mo etsa seo a neng a le sona.
Ka kōpo, hlokomela hore Bibele ha e re mosali o emola lisele. Ho e-na le hoo, e re: “Ho emotsoe monna ea shahlileng!” (Jobo 3:3) Sena le sona se bontša hore ho ea ka Bibele, ngoana e ba motho ea phelang ho tloha ha a emoloa. Ka sebele, ena ke nako eo bophelo ba motho bo qalang ka eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha motho a ntša mpa ka motsoako oa saline o entoa pōpelong ka motsoako ona o kotsi o nang le letsoai, ebe ngoana oa o koenya ’me hangata o mo bolaea le pele ho feta lihora tse peli. ’Mè o ba le mahlaba ’me ka mor’a lihora tse ka bang 24 o beleha lesea le shoeleng kapa—maemong a seng makae—le mothating oa ho shoa.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]
Lesea le sa tsoa emoloa le nang le libeke tse hlano, hase lisele feela tjee—le na le motheo oa litho tsohle tsa ’mele oa motho ea hōlileng
(le le kana ka boholo)