U Tla Araba Joang?
Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?
Bala Numere 22:21-27. Joale sheba setšoantšo sena. Ngola likarabo meleng e ka tlaase, ’me u toroee lintho tse sieo setšoantšong sena.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha Balame a ile a halefa? U ikutloa joang ka tsela eo Balame a ileng a tšoara esele e tšehali ka eona, hona hobane’ng?
Tse Hlahang Makasineng Ena
Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 7-8 Ho tšaba batho ho ka etsa’ng? Liproverbia 29:․․․
LEQEPHE 7 Ea hlokang kelello o tsamaea hokae? Moeklesia 2:․․․
LEQEPHE 7 Merero ea ea khothetseng e tlisa eng? Liproverbia 21:․․․
LEQEPHE 22 Bafu ba tseba eng? Moeklesia 9:․․․
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.
U Tseba’ng ka Baprofeta?
Bala Jeremia 38:1-13; 39:15-18, u ntan’o araba lipotso tse latelang.
4. ․․․․․
Ke mang ea ileng a pholosa Jeremia, hona ke hobane’ng ha a ile a ipeha kotsing joalo?
5. ․․․․․
Hamorao Jeremia o ile a re’ng ho monna eo?
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a phatlalatsa molaetsa oa Jehova le hoja ho ne ho le kotsi ho etsa joalo? Haeba u sebeletsa Jehova joaloka Jeremia, u ka tšepa hore o tla u etsetsa eng?
◼ Likarabo li leqepheng la 27
Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31
1. Esele e tšehali.
2. Lere la Balame.
3. Lengeloi la Jehova.
4. Ebede-meleke. O ne a tseba hore Jeremia ke moprofeta oa Jehova le hore ha a tšoaneloe ke lefu.
5. O ile a re Jehova o tla sireletsa Ebede-meleke ha ho timetsoa Jerusalema.