Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/09 maq. 3-4
  • Motho o Ikutloa Joang ha a Tepeletse Maikutlo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motho o Ikutloa Joang ha a Tepeletse Maikutlo?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bo Itšohlometsa ka Sehlōhō
  • Na ha ho na Lebaka la Hore U Hloname?
  • Ho Hlōla Ntoa ea ho Tepella Maikutlong
    Tsoha!—1987
  • Ho Sibolla Motso oa Taba
    Tsoha!—2001
  • Ke Hobane’ng ha Bacha ba E-na le Khatello ea Maikutlo? Ba ka Thusoa Ke’ng?
    Tsoha!—2017
  • Ho Tepella Maikutlong: Na Bohloko Bohle bo Hloohong?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 7/09 maq. 3-4

Motho o Ikutloa Joang ha a Tepeletse Maikutlo?

JAMESa o re: “Ka letsatsi le leng ha ke le lilemo li 12, ke ile ka tsoha hoseng eaba ke lula betheng, ka ipotsa hore, ‘Ebe ke tl’o shoa letsatsing lee?’” James o ne a tepeletse maikutlo habohloko. Ka mor’a lilemo tse 30, James o re: “Letsatsi ka leng, ke ’nile ka loantša boloetse bona ba maikutlo le ba kelello.” Ha James a sa le mocha, o ne a ikutloa e se oa bohlokoa hoo a ileng a tabola lifoto tsa hae tsa bongoaneng. O re: “Ke ne ke sa nahane hore ho na le motho ea lokelang ho nkhopola.”

Kaha kaofela ha rōna re ikutloa re hloname ka linako tse ling, re ka ’na ra etsa qeto ea hore re utloisisa tsela eo motho ea tepeletseng maikutlo a ikutloang ka eona. Empa motho ea nang le boloetse ba ho tepella maikutlo o ikutloa joang?

Bo Itšohlometsa ka Sehlōhō

Ho tepella maikutlo hase ho hlonama ho ba teng feela ka nakoana, empa ke bothata bo tebileng boo hangata bo sitisang motho ho phetha mesebetsi ea letsatsi le letsatsi.

Ka mohlala, Álvaro o qetile lilemo tse fetang 40 “a phela a tšohile, a ferekane kelellong, a tsielehile a bile a sithabetse.” O re: “Ho tepella maikutlo ho ne ho etsa hore ke angoe ka ho teba ke seo batho ba bang ba se nahanang. Kamehla ke ne ke itjarisa boikarabelo ha lintho li sa tsamaee hantle.” O hlalosa hore ho tepella maikutlo ho tšoana “le ha motho a opeloa habohloko empa a sa tsebe hore na ho bohloko hokae, a tšoha ntle ho mabaka, ’me ho hobe le ho feta, a sa batle le ho bua ka hona.” Empa, hona joale o ikutloa a imolohile. Oa tseba hore na o jeoa ke eng. O re, “Ho tseba hore batho ba bang ba ntse ba e-na le bothata bo tšoanang ho nthusitse hore ke be betere.”

Ho tepella maikutlo ho etsa hore Maria ea lilemo li 49 oa Brazil a be le bothata ba ho hlobaela, ba ho opeloa, e be sefela-peloana ’me a be le “ho sareloa ho bonahalang eka ha ho ee moriting.” Maria o ile a imoloha ha a tseba hore na o jeoa ke eng. O re: “Empa joale ke ile ka tšoenyeha, kaha hase batho ba bangata ba utloisisang boloetse ba ho tepella maikutlo ebile bo nkoa e le sekhobo.”

Na ha ho na Lebaka la Hore U Hloname?

Le hoja ka linako tse ling ho totobetse hore na ke eng e bakelang motho ho tepella maikutlo, hangata ho itlela feela. Richard, oa Afrika Boroa o re: “Ka tšohanyetso feela, bophelo ba hao bo apareloa ke leru le letšo la ho hlonama empa ho se na lebaka le totobetseng la seo. Ha ho motho eo u mo tsebang ea shoeleng ebile ha ho letho le bohloko le etsahetseng. Empa u ikutloa u nyahame ebile u nyotobetse. Ha ho letho le tlosang leru leo. U ikutloa u sithabetse empa u sa tsebe lebaka.”

Batho ba tepeletseng maikutlo ha baa lokela ho hlajoa ke lihlong. Leha ho le joalo, Ana oa Brazil o ne a hlajoa ke lihlong hore ebe o na le boloetse ba ho tepella maikutlo. O re: “Ha e le hantle, esita le ka mor’a lilemo tse robeli ke ntse ke hlajoa ke lihlong.” Ntho e mo thatafallang haholo ke ho sebetsana le bohloko bo mo amang maikutlong. Oa hlalosa: “Ka linako tse ling ke utloa bohloko haholo, hoo ke bileng ke opeloang ’meleng. Ke opeloa ke mesifa hohle.” Linakong tseo, ke thatafalloa ke ho tsoha. Ka linako tse ling Ana o lula a lla. O re: “Ke sisa pelo habohloko ’me ke khathala haholo, hoo ekareng mali a ka a khaolitse ho phalla.”

Bibele ea lumela hore batho ba ka sithabela habohloko maikutlong. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a tšoenyehile ka motho e mong ea neng a ka ’na a “sithabetsoa ke ho hlomoha ka ho fetisisa [“a sithabetsoa ke ho tepella maikutlo habohloko,” Jewish New Testament].” (2 Bakorinthe 2:7) Batho ba bang ba tepeletseng maikutlo ba ferekana hoo ba lakatsang eka ba ka shoa. Ba bangata ba ikutloa joaloka moprofeta Jonase, ea ileng a re: “Ho shoa ha ka ho molemo ho feta ho phela ha ka.”—Jonase 4:3.

Ke eng seo batho ba tepeletseng maikutlo ba ka se etsang e le hore ba ikoke lefu lee le sithabetsang le ho le mamella?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a lihloohong tsena a fetotsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

“Ka tšohanyetso feela, bophelo ba hao bo apareloa ke leru le letšo la ho hlonama empa ho se na lebaka le totobetseng la seo”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela