Ho Tepella Maikutlo—Kamoo ho ka Phekoloang Kateng
RUTH ea qetileng lilemo tse ngata a tepeletse maikutlo, o re: “’Na le mohats’a ka re ile ra batla thuso ea lingaka, ra etsa liphetoho mokhoeng oa rōna oa bophelo, ’me ra sebetsa ka thata hore re fumane tsela e molemo eo re ka etsang lintho ka eona. Ho bonahala eka re fumane phekolo e nthusang, ’me joale ke betere. Empa nakong eo ho neng ho bonahala eka ha ho letho le sebetsang, lerato le sa khaotseng la monna oa ka le metsoalle le ile la nthusa hore ke se ke ka tela.”
Joalokaha phihlelo ea Ruth e bontša, batho ba tšoeroeng ke boloetse ba ho tepella maikutlo ba hloka thuso ka hohle, ho kopanyelletsa le phekolo leha e le efe ea lingaka e ka ba tsoelang molemo. Ho ka ba kotsi ho iphapanyetsa motho ea tepeletseng maikutlo hobane maemong a mang haeba a sa fumaneloe phekolo, bophelo ba hae bo ka ba kotsing. Lilemo tse ka bang likete tse peli tse fetileng, Jesu Kreste o ile a lumela hore ba nang le tsebo ea bongaka ba ka thusa bakuli, ha a ne a re ‘ba kulang ba hloka ngaka.’ (Mareka 2:17) ’Nete ke hore lingaka li ka etsa ho hoholo ho thusa ba bangata ba tepeletseng maikutlo.a
Mekhoa e Meng e Molemo
Ho na le mekhoa e mengata ea ho phekola boloetse ba ho tepella maikutlo, ’me e fapana ho ea ka matšoao a u nang le ’ona le hore na u kula hakae. (Sheba lebokose le leqepheng la 5, le reng, “Ke ho Tepella Maikutlo ha Mofuta Ofe?”) Batho ba bangata ba ka ’na ba thusoa ke lingaka tse tloaelehileng, empa ba bang ba hloka phekolo e khethehileng. Ngaka e ka ’na ea fana ka meriana e hlasimollang kapa ea khothalletsa hore mokuli a thusoe ka tsela e itseng. Batho ba bang bona ba thusitsoe ke meriana ea litlama, ho fetola lijo tseo ba li jang, kapa ho ikoetlisa ka tsela e itseng.
Mathata a Atisang ho ba Teng
1. Metsoalle e nang le sepheo se setle e sa koetlisetsoang bongaka kapa e sa tsebeng hakaalo ka litaba tsa bongaka e ka ’na ea leka ho u bolella hore na u amohele kapa u hane mekhoa efe ea phekolo. E ka ’na ea tsitlella hore u noe meriana ea litlama, kapa ea ngakeng kapa u se ke ua noa letho.
Hlokomela: Tiisa hore keletso leha e le efe eo u e amohelang e tsoa mohloling o ka tšeptjoang. Qetellong, ke uena ea lokelang ho etsa qeto ka mor’a hore u fumane boitsebiso.
2. Ho nyahama ho ka ’na ha etsa hore bakuli ba khaotse phekolo eo ba e khethileng hobane ho bonahala eka ha ba be betere kapa ka lebaka la liphello tse mpe tse bang teng.
Hlokomela: “Merero ea senyeha moo ho se nang [puisano ea] lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” (Liproverbia 15:22) Hangata ho ka etsahala hore lenaneo la phekolo le atlehe haeba ngaka le mokuli ba buisana hantle. Hlalosetsa ngaka ka botlalo lintho tse u tšoenyang kapa matšoao a mang a u nang le ’ona, ’me u e botse hore na ho hlokahala hore u fetole tsela eo u noang meriana ka eona kapa u ’ne u tsoele pele ka eona, pele u ka qala ho hlaphoheloa.
3. Ho itšepa ho tlōla ho ka etsa hore bakuli ba khaotse ho noa meriana ka mor’a libeke tse seng kae feela hobane ba se ba utloa eka ba hlaphohetsoe. Ba ka ’na ba lebala hore na ba ne ba kula hakae pele ba qala ho noa meriana.
Hlokomela: Ho khaotsa ho noa meriana u sa buisana le ngaka ho ka u bakela mathata a tebileng a ka ’nang a beha bophelo kotsing.
Le hoja Bibele e se buka ea bongaka, Mongoli oa eona, e leng Jehova Molimo, ke ’Mōpi oa rōna. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa kamoo Lentsoe la Molimo le tšelisang le ho tataisa batho ba nang le boloetse ba ho tepella maikutlo hammoho le ba ba hlokomelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e buelle phekolo ea mofuta o itseng ka ho khetheha. Motho ka mong o lokela ho hlahloba ka hloko phekolo eo a e khethang pele a etsa qeto.
[Lebokose le leqepheng la 5]
KE HO TEPELLA MAIKUTLO HA MOFUTA OFE?
Hore phekolo e itseng e atlehe, ho itšetlehile ka mofuta oa ho tepella maikutlo oo mokuli a nang le oona.
◼ Motho ea tepeletseng maikutlo habohloko a ka ba le matšoao a matla hoo a ka qetang likhoeli tse tšeletseng kapa ho feta ’me a ama likarolo tse ngata tsa bophelo ba hae, haeba a sa fumane pheko.
◼ Batho ba ferekaneng kelellong ba ba le maikutlo a feto-fetohang, ka linako tse ling ba ba mahlahahlaha haholo ’me ka linako tse ling ba tepella maikutlo habohloko, le hona e le ka nako e telele.—Sheba sehlooho se reng, “Ho Phela le ho Feto-fetoha ha Maikutlo ho sa Laoleheng,” se Tsoheng! ea January 8, 2004.
◼ Le hoja batho ba tepeletseng maikutlo feela ba se na mathata a kang a batho ba tepeletseng maikutlo habohloko, ba ba le matšoao a ba nyotobetsang, a ba thatafalletsang ho phela ka tsela e tloaelehileng. Ka linako tse ling ba bang ba ka ’na ba boetse ba tepella maikutlo habohloko.
◼ Bo-’mè ba bangata ba tepella maikutlo ka mor’a ho pepa.—Sheba sehlooho se reng, “Ho Utloisisa Bothata ba ho Tepella Maikutlo ka Mor’a ho Pepa,” se Tsoheng! (ea Senyesemane) ea June 8, 2003.
◼ Batho ba bang ka ’na ba tepella maikutlo ka linako tse itseng tsa selemo ka lebaka la ho haella ha khanya ea letsatsi nakong ea hoetla le mariha. Hangata baa hlaphoheloa nakong ea selemo le hlabula.