Thuso e Tsoang ho “Molimo oa Matšeliso”
MORENA DAVIDA o ile a thulana le lintho tse ngata tse mo sithabetsang ’me a ba le ‘menahano e mengata e mo hlokisang botsitso.’ Empa ha ho mohla a kileng a belaella hore ’Mōpi o re utloisisa ka ho feletseng. O ile a ngola, a re: “Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba. U tseba ho lula ha ka le ho ema ha ka. U etse hloko monahano oa ka u le hōle. Etsoe ha ho lentsoe lelemeng la ka, empa, bona! Jehova, u se u ntse u le tseba kaofela.”—Pesaleme ea 139:1, 2, 4, 23.
Le rōna re ka kholiseha hore ’Mōpi oa rōna oa re utloisisa ebile o utloisisa kamoo ho tepella maikutlo ho fokolisang ’mele le likelello tsa rōna tse sa phethahalang kateng. O tseba se bakelang batho ho tepella maikutlo le hore na ba ka sebetsana joang le boemo boo. Ho feta moo, o senotse kamoo a tlang ho felisetsa ruri bothata ba ho tepella maikutlo kateng. Ha ho e mong ea ka re thusang ho feta ‘Molimo oa rōna ea nang le kutloelo-bohloko, ea tšelisang, ea khothatsang, ea khathollang le ea hlasimollang ba tepeletseng maikutlo.’—2 Bakorinthe 7:6, The Amplified Bible.
Empa ba tepeletseng maikutlo ba ka ’na ba ipotsa hore na Molimo a ka ba thusa joang ha ba sithabetse maikutlong.
◼ Na Molimo o haufi le ba tepeletseng maikutlo?
Molimo o haufi le bahlanka ba hae ba tepeletseng maikutlo hoo e kang o lula le “ea hateletsoeng le ea moea o ikokobelitseng, hore [a] hlasimolle moea oa ba ikokobelitseng le ho hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng.” (Esaia 57:15) Ruri hoa tšelisa ho tseba hore “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng”!—Pesaleme ea 34:18.
◼ Molimo a ka tšelisa ba tepeletseng maikutlo joang?
Barapeli ba Molimo ba ka bua le “Ea Utloang thapelo” ka nako leha e le efe, ’me a ka re thusa ho sebetsana le maikutlo le maemo a sithabetsang. (Pesaleme ea 65:2) Bibele e re phehella hore re mo tšollele lipelo, ha e re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.
◼ Re lokela ho etsa’ng haeba boikutlo ba ho se tšoanelehe bo etsa hore re nahane hore Molimo ha a utloe lithapelo tsa rōna?
Ho tepella maikutlo ho ka ’na ha etsa hore re fihlele qeto ea hore boiteko ba rōna ba ho thabisa Molimo ha boa lekana. Leha ho le joalo, Ntate oa rōna oa leholimo oa utloisisa hore rea fokola, “oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:14) Esita le haeba ‘lipelo tsa rōna li ka re tsoa,’ re ka li “kholisa” hore “Molimo o moholo ho [tsona] ’me o tseba lintho tsohle.” (1 Johanne 3:19, 20) Kahoo, ha u rapela u ka sebelisa mantsoe ao u a fumanang litemaneng tsa Bibele tse kang Pesaleme ea 9:9, 10; 10:12, 14, 17; le 25:17.
◼ Ho thoe’ng haeba re ferekane hoo re sitoang ho itlhalosa?
Ha maikutlo a bohloko a totile haholo hoo u sitoang ho bua ka ho hlaka, u se ke ua tela! Tsoela pele ho rapela “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle,” u tseba hore o utloisisa tsela eo u ikutloang ka eona le lintho tseo u li hlokang. (2 Bakorinthe 1:3) Maria, ea boletsoeng pejana lihloohong tsena, o re: “Ka linako tse ling ha ke ferekane haholo, ha ke tsebe hore na ke re’ng ha ke rapela. Empa kea tseba hore Molimo oa utloisisa ’me oa nthusa.”
◼ Molimo o arabela lithapelo tsa rōna joang?
Bibele ha e re Molimo o felisa mathata ’ohle ao re nang le ’ona hona joale. Leha ho le joalo, Molimo o fana ka matla a re thusang ho mamella “lintho tsohle”—ho akarelletsa le ho tepella maikutlo. (Bafilipi 4:13) Martina o re: “Ha ke qala ho ba le bothata ba ho tepella maikutlo, ke ile ka rapela Jehova hore a mpholise hang-hang hobane ke ne ke nka hore nke ke ka khona ho mamella boemo boo. Hona joale ke khotsofalla ho rapella hore a mphe matla a letsatsi ka leng.”
Mangolo ke mohloli oa bohlokoa oa matla ao Molimo a fanang ka ’ona ho thusa ba tepeletseng maikutlo hore ba sebetsane le boemo boo. Sarah ea bileng le bothata ba ho tepella maikutlo ka lilemo tse 35, o lemohile kamoo ho bala Bibele letsatsi ka leng ho mo thusang kateng. O re: “Ruri ke ananela seo lingaka li nketselitseng sona. Empa ka holim’a tsohle, ke elelloa kamoo ho bala Lentsoe la Molimo ho nthusang kateng moeeng le bophelong. Ke itloaelitse ho le bala kamehla.”
Ha ho sa Tla ba le ho Tepella Maikutlo!
Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore Molimo o mo file matla a ho phekola maloetse a bohloko. Jesu o ne a labalabela ho imolla batho ba kulang haholo. Ho feta moo, oa tseba hore na ho bohloko hakae ho sithabela maikutlong. Bosiung ba pele a e-shoa lefu le bohloko, “Kreste o ile a nyehela lithapeli le likōpo tse matla ho Ea neng a khona ho mo pholosa hore a tsoe lefung, ka mehoo e matla le meokho.” (Baheberu 5:7) Le hoja boemo boo bo ile ba sithabetsa Jesu ka nako eo, hona joale re rua molemo kaha “o khona ho phallela ba ntseng ba lekoa.”—Baheberu 2:18; 1 Johanne 2:1, 2.
Bibele e senola hore Molimo o rerile ho felisa maemo ’ohle a sithabetsang, a tepeletsang batho maikutlo. Oa tšepisa: “Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong. Empa thabang, ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bōpang.” (Esaia 65:17, 18) “Maholimo a macha,” e leng ’Muso oa Molimo, a tla tsosolosa “lefatše le lecha,” e leng mokhatlo oa batho ba lokileng lefatšeng, hore e be ba phethahetseng ’meleng, maikutlong le moeeng. Maloetse ’ohle a tla felisoa ka ho feletseng.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Ke hoelelitse lebitso la hao, Jehova, ke le ka sekoting sa mofuta o tebileng ka ho fetisisa. U utloe lentsoe la ka. U se ke ua pata tsebe ea hao bakeng sa phomolo ea ka, bakeng sa mohoo oa ka o kōpang thuso. U atametse haufi letsatsing leo ke neng ke ntse ke u bitsa ka lona. U itse: ‘U se ke ua tšoha.’”—Lillo Tsa Jeremia 3:55-57
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]
‘LE BUE KA MOKHOA O TŠELISANG LE BA TEPELETSENG MAIKUTLO’
Ha Barbara a sitoa ho mamella bothata ba ho tepella maikutlo ’me a ikutloa e se oa bohlokoa, eena le monna oa hae ba founela motsoalle e mong oa bona ea bitsoang Gerard, eo e leng molebeli oa Mokreste. Kamehla o mamela ka hloko ha Barbara a ntse a bokolla, a mo bolella lintho tse mo sithabetsang tseo a seng a kile a mo bolella tsona.
Gerard o ithutile hore ha a mo mametse a se ke a mo tšoaea-tšoaea liphoso, a mo phehisa khang, kapa hona ho mo nyatsa. (Jakobo 1:19) Joalokaha Bibele e eletsa, o ithutile ho ‘bua ka mokhoa o tšelisang le ba tepeletseng maikutlo.’ (1 Bathesalonika 5:14) O tiisetsa Barbara a sa mo felle pelo hore ke oa bohlokoa haholo ho Jehova Molimo, ho ba lelapa la hae le ho metsoalle. O atisa ho mo balla temana e le ’ngoe ea Bibele kapa tse peli tse khothatsang, le hoja a se a kile a mo balla tsona nakong e fetileng. Kamehla o ithaopela ho rapela le Barbara le monna oa hae ka fono, e leng se ba khothatsang haholo.—Jakobo 5:14, 15.
Gerard oa elelloa hore ha a koetlisetsoa bongaka, ’me ha a leke ho phetha mosebetsi oa lingaka tseo Barbara a eang ho tsona. Leha ho le joalo, o tlatseletsa phekolo ea lingaka ka ntho eo e leng lingaka tse seng kae feela tse e etsang—e leng ho mo khothatsa ka litemana le ho mo tšelisa ka thapelo.
Hore u ‘bue ka mokhoa o tšelisang le ba tepeletseng maikutlo’
U ka ’na ua re: “Ke rata ho u tsebisa hore ke ne ke ntse ke nahana ka uena. Kea tseba hore ka linako tse ling ha u ikutloe hantle. Ebe ho ntse ho ea joang?”
Hopola: Bua ho tsoa botebong ba pelo ’me u mamele ka kutloelo-bohloko, esita le haeba a bua lintho tseo a seng a kile a li bua.
U ka ’na ua re: “Ke tsota lintho tseo u khonang ho li etsa (kapa “Ke rata litšobotsi tse ntle tsa Bokreste tseo u li bontšang”) le hoja u e-na le mathata a bophelo. E ka ’na eaba u lakatsa ho etsa ho eketsehileng, empa Jehova oa u rata ebile oa u ananela, ’me le rōna rea u rata ebile rea u ananela.”
Hopola: E-ba le qenehelo ’me u be mosa.
U ka ’na ua re: “Ke balile temana ena e khothatsang.” Kapa, “Ke ile ka u hopola ha ke ntse ke bala temana ena eo ke e ratang.” Ebe joale u bala temana eo kapa ua e qotsa.
Hopola: Qoba ho bua ka tsela e kang u mo fa taeo kapa u mo phahametse.
[Lebokose le leqepheng la 9]
Mangolo a ba Khothatsang
Lorraine o matlafatsoa ke tšepiso ea Jehova e fumanoang ho Esaia 41:10, e reng: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.”
Álvaro o re hangata mantsoe a Pesaleme ea 34:4, 6 aa mo tšelisa: “Ke ile ka botsa Jehova, eaba oa nkaraba, a ntopolla linthong tsohle tseo ke li tšabang. Enoa ea hlorileng o ile a hooa, ’me Jehova a utloa. A mo pholosa mahlomoleng ’ohle a hae.”
Naoya o re kamehla oa khothala ha a bala Pesaleme ea 40:1, 2, e reng: “Ke ne ke tšepile Jehova ka tieo, kahoo a ntšekehela tsebe ’me a utloa mohoo oa ka o kōpang thuso. . . . A tiisa mehato ea ka ka thata.”
Pesaleme ea 147:3 e khothatsa Naoko ha e re Jehova “o folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.”
Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Luka 12:6, 7 a thusa Eliz hore a tšepe hore Jehova o tla mo hlokomela: “Lirobele tse hlano li rekisoa ka lichelete tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane, na ha ho joalo? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se lebaloang ka pel’a Molimo. Empa esita le moriri oa lihlooho tsa lōna kaofela o baliloe. Le se ke la tšaba; le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.”
Litemana Tse Ling Tsa Bibele:
Pesaleme ea 39:12 e re: “U utloe thapelo ea ka, Jehova, u mamele mohoo oa ka o kōpang thuso. U se ke ua khutsetsa meokho ea ka.”
2 Bakorinthe 7:6 e re: Molimo “o tšelisa ba tepeletseng maikutlo.”—“New American Standard Bible.”
1 Petrose 5:7 e re: ‘Le lahlele matšoenyeho ’ohle a lōna ho Molimo, hobane oa le tsotella.’