Ho Utloisisa Sesosa sa Lehloeo le Khethollo
“Batho bohle ba tsoetsoe ba lokolohile ’me ba e-na le seriti ba bile ba e-na le litokelo tse lekanang. Ba filoe monahano le letsoalo ’me ba lokela ho sebelisana ka moea oa kutloano ea bara ba motho.”—Molao oa 1 oa Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo Tsa Botho.
HO SA tsotellehe boikemisetso boo bo botle, lehloeo le khethollo li ntse li aparetse moloko oa batho. ’Nete ena e bohloko ha e bontše feela nako eo re phelang ho eona empa e boetse e bontša hore batho ha baa phethahala. (Pesaleme ea 51:5) Leha ho le joalo, ho na le tšepo boemong bona. ’Nete ke hore e ka ’na eaba re ke ke ra khona ho felisa liketso tsohle tsa khethollo, empa re ka ntša lehloeo leo e ka ’nang eaba re na le lona.
Ke habohlokoa hore kaofela ha rōna re lemohe hore re ka ba le khethollo. Buka ea Understanding Prejudice and Discrimination e re: “Mohlomong qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo bafuputsi ba e fihlelang ka khethollo ke hore: (1) ha motho a khona ho nahana le ho bua a ka ba le khethollo, (2) hangata ho hlokahala hore motho a ikemisetse a be a lemohe seo e le hore a hlaole khethollo, ’me (3) ha motho a ikemiselitse, a ka finyella seo.”
Ho ’nile ha thoe thuto ke “thulusi ea bohlokoahali” ea ho loantša khethollo. Ka mohlala, thuto e nepahetseng e ka re bontša sesosa sa khethollo, ea re nolofalletsa ho itlhahloba ka tsela e se nang leeme, ’me ea re thusa ho sebetsana le khethollo ka bohlale.
Ho Utloisisa Sesosa
Khethollo e etsa hore batho ba sothe taba, ba e hlalose hampe, kapa ba iphapanyetse ’nete haeba e fapana le seo ba se lumelang. Khethollo e ka ’na ea qala ka mekhoa e bonahalang eka ha ea fosahala eo malapa a etsang lintho ka eona, empa e sa lokela, kapa ea jaloa ka boomo ke batho ba buang lintho tse sothehileng ka batho ba merabe e meng kapa ba litso tse ling. Khethollo e ka boetse ea hlohlelletsoa ke bochaba le lithuto tsa bolumeli ba bohata. ’Me e ka tsoaloa ke boikhohomoso. Ha u ntse u nahana ka lintlha tse latelang le ka melao-motheo e loketseng e ka Bibeleng, itlhahlobe ’me u bone moo u lokelang ho etsa liphetoho teng.
Metsoalle. Ka tlhaho batho ba rata ho ba le metsoalle ’me ena ke ntho e ntle. Ha e le hantle, Bibele e re “ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati” ’me o tla hlokomoloha bohlale bo sebetsang. (Liproverbia 18:1) Leha ho le joalo, re lokela ho khetha metsoalle ea rōna ka bohlale, kaha e ka ba le tšusumetso e matla ho rōna. Ka hona, batsoali ba bohlale ba thahasella ho tseba hore na bana ba bona ba tloaelane le bo-mang. Liphuputso li bontšitse hore esita le bana ba lilemo li tharo ba ka ithuta ho khetholla batho ba merabe e meng, ka lebaka la boitšoaro, mantsoe le liketso tsa ba bang. Ho hlakile hore batsoali ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho behela bana ba bona mohlala o motle, ba ntse ba hopola hore lintho tseo ba li etsang li atisa ho ba le tšusumetso e matla baneng.
◼ Bibele e re’ng? “Koetlisa moshanyana [kapa ngoanana] ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Haeba u motsoali, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na ke koetlisa bana ba ka hore ba tsamaee tseleng ea ’nete le e lokileng mahlong a Molimo? Na ke tloaelane le batho ba ntšusumelletsang ho etsa lintho tse ntle? Na ke behela ba bang mohlala o motle?’—Liproverbia 2:1-9.
Bochaba. Dikishinari e ’ngoe e hlalosa bochaba e le “boikutlo ba hore sechaba se itseng se phahametse tse ling kaofela le ba hore meetlo le mekhoa ea sona e lokela ho ntšetsoa pele ho fapana le ea lichaba tse ling.” Bukeng ea hae e bitsoang Conflict and Cooperation Among Nations, Ivo Duchacek, e leng moprofesa oa saense ea lipolotiki, o re: “Bochaba bo arotse batho ka tsela e etsang hore ba se ke ba mamellana. Ka lebaka leo, ntho ea pele eo batho ba e nahanang ke hore bona ke Maamerika, Marussia, Machaena, Baegepeta kapa Maperu, ka mor’a moo ebe hona ba hopolang hore ke batho—le teng haeba ba hopola seo.” Eo e kileng ea e-ba mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng o ile a ngola, a re: “Mathata a mangata ao re tobanang le ’ona kajeno a bakoa ke maikutlo a fosahetseng—ao a mang a ’ona, batho ba bang le ’ona ba sa elelloe. A mang a maikutlo ana ke a bochaba—a ho re ‘ke ema le naha ea heso, ebang e nepile kapa e fositse.’”
◼ Bibele e re’ng? “Molimo o ratile lefatše [moloko oohle oa batho] haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Ipotse, ‘Haeba Molimo o bontša lerato ka tsela e se nang leeme—o amohela batho ba lichaba tsohle, ho akarelletsa le ’na—na ha kea lokela ho mo etsisa, haholo-holo haeba ke bolela hore kea mo hlompha?’
Khethollo ea Merabe. Dikishinari e ’ngoe e re batho ba khethollang merabe e meng ba lumela hore “batho ba merabe e fapaneng ba na le botho kapa bokhoni bo sa tšoaneng le hore morabe o itseng o phahametse e meng.” Empa joalokaha The World Book Encyclopedia e bontša, bafuputsi “ha ba e-s’o ka ba fumana bopaki leha e le bofe ba saense bo tšehetsang taba ea hore [morabe o itseng] o phahametse e meng.” Khethollo ea merabe e hlohlelletsa ho hloka toka ho feteletseng, ho kang ha tsamaiso e hanelang batho ka litokelo tsa bona, e leng bopaki bo bontšang ’nete e bohloko ea hore khethollo ea merabe e thehiloe leshanong le lineanong tse se nang thuso.
◼ Bibele e re’ng? “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) “[Molimo] o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” (Liketso 17:26) “Tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (1 Samuele 16:7) Ipotse: ‘Na ke leka ho talima batho bohle ka tsela eo Molimo a ba talimang ka eona? Na ke leka ho ithuta seo batho ba bang—mohlomong ba morabe kapa ba setso se seng—ba hlileng ba se ratang ka hore ke iphe nako ea ho ba tseba?’ Ha re ntse re tloaelana le batho ba bang haholoanyane, re ba boemong bo botle ba ho hlaola mashano a buuoang ka bona.
Bolumeli. Buka ea The Nature of Prejudice e re: “Ho etsahala lintho tse manyala ha batho ba sebelisa bolumeli ho lokafatsa [lintho tsa boithati tseo ba li phehellang] le lithahasello tsa boithati tsa morabe o itseng. Ke moo bolumeli le khethollo li kopanang teng.” Buka eo e re ntho e ikhethang ke kamoo balumeli ba bangata ba “bonahalang [ba ikemiselitse kateng] ho behella borapeli ka thōko e le hore ba bontše khethollo.” Bopaki ba seo bo bonoa likerekeng tseo ho eang batho ba morabe o itseng feela, maquloaneng a tletseng lehloeo le a mabifi esita le liketsong tsa bokhukhuni tse hlohlelletsoang ke bolumeli.
◼ Bibele e re’ng? “Bohlale bo tsoang holimo [ho Molimo] . . . bo na le khotso, kahlolo e molemo, . . . ha bo khetholle ka leeme.” (Jakobo 3:17) “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete [ea bolumeli].” (Johanne 4:23) “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:44) Ipotse: ‘Na bolumeli ba ka bo nkhothalletsa ho rata batho bohle, esita le ba ka ’nang ba batla ho ’ntša kotsi? Na kerekeng ea heso ho amoheloa batho ba mefuta eohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe, ba ’mala ofe, ba bong bofe, maemo a bona a lichelete ke afe, kapa hore na maemo a bona sechabeng ke afe?’
Boikhohomoso. Boikhohomoso e leng ho inkela holimo ho feta tekano kapa ho ikakasa ho ka etsa hore motho a be le khethollo. Ka mohlala, boikhohomoso bo ka etsa hore motho a nahane hore o phahametse ba bang kapa ba mo etsa hore a khese batho ba sa rutehang kapa ba kojoana li mahetleng. Bo ka boetse ba mo etsa hore a lumele leshano la hore sechaba sa habo kapa morabe oa habo o phahametse e meng. Batho ba bohlale ba hasang likhopolo tsa leshano, ba kang mohatelli oa Bonazi ea bitsoang Adolf Hitler, ba ’nile ba khothalletsa batho ho rata naha le ho ikhohomosa ka morabe oa bona, e le hore batho ba bangata ba ba tšehetse ’me ba hlasele batho bao ho nkoang hore ba fapane le bona kapa ha ba ratehe.
◼ Bibele e re’ng? “E mong le e mong ea pelo e ikakasang ke ntho e manyala ho Jehova.” (Liproverbia 16:5) “Le [se] etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le [nke] hore ba bang ba le phahametse.” (Bafilipi 2:3) Ipotse: ‘Na ka pelong kea thaba ha ba bang ba rorisa morabe oa heso kapa ba bua hampe ka merabe e meng? Na ke honohela batho ba nang le litalenta tseo ke se nang tsona, kapa na kea thaba ha ba finyella se itseng?’
Ke ka ho utloahalang Bibele e eletsang tjena: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) Kahoo, talima pelo ea hao e le ea bohlokoa haholo, ’me u se ke ua lumella letho ho e silafatsa! Ho e-na le hoo, e tlatse bohlale ba bomolimo. Ke ka tsela eo feela, ‘matla a ho nahana le temoho li tlang ho u sireletsa, ho u lopolla tseleng e mpe, ho motho ea buang lintho tse khelohileng.’—Liproverbia 2:10-12.
Empa u ka etsa’ng haeba u khetholloa kapa u tšoaroa ka leeme? Sehlooho se latelang se tšohla taba ena.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ha re ntse re tloaelana le batho ba bang haholoanyane, re ba boemong bo botle ba ho hlaola mashano a buuoang ka bona