Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/09 leq. 24
  • Batsoali ba Tšepahalang, ba Sebelisanang ’Moho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batsoali ba Tšepahalang, ba Sebelisanang ’Moho
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fepa le ho Hlokomela Malinyane Liphoofolong
    Tsoha!—2005
  • Ithute ho Linonyana Tsa Leholimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Tsoha!—2009
g 8/09 leq. 24

Batsoali ba Tšepahalang, ba Sebelisanang ’Moho

◼ Ho ne ho bata haholo karolong e phahameng ea Afrika Boroa, kapa sehlabeng se bohareng ba naha. Ke ne ke le ka ofising ea ka e futhumetseng e mokatong oa boraro, ke shebeletse ka ho tšoenyeha ha sefate se se nang makhasi se ntse se tsukutloa ke moea oa mariha o fokang ka matla. Tlaase sefateng seo ho ne ho e-na le leeba le fuameng malinyane a mabeli a nang le matsatsi a mararo, hore le a futhumatse.

Pele le letšehali le behela, leeba le letšehali le le letona a ile a thusana ho haha sehlaha—le letona le ne le bokella makala ebe le letšehali lea haha. A entse mosebetsi o tsoileng matsoho, kaha sehlaha seo se ntse se eme le har’a moea o matla oa mariha, ’me le letšehali le se le beheletse ka ho sona ka makhetlo a mabeli. Le letšehali le ne le alama mahe bosiu; ’me le letona le a alama motšehare. Malinyane a ile a qhotsoa ka mor’a libeke tse ka bang peli. Le pele ho feta libeke tse ling tse peli, malinyane ao a ne a se a hōlile a bile a le matla hoo a ka fofang.

Mamela! Na u utloa molumo oo o monate, o utloahalang eka ke letšeho le monatjana? Leeba le letšehali le ntseng le bina, le tlatsitseng lijo qoqothong bakeng sa malinyane a lona, le bina le lutse lekaleng le haufinyane ho bontša hore le se le fihlile ho tla fuama malinyane e le hore le letona le ke le hahloe ke moea. Esita le ha malinyane a se a phuruselitse, maeba ana a ntse a tsoela pele ho a fepa ho fihlela a se a khona ho ikhoantlella.

Hangata ke hlolloa ke tšebelisano-’moho le tlhokomelo e lerato e bontšoang ke linonyana tsena, tseo tšekamelo ea tsona ea tlhaho e fetelang melokong e latelang ntle ho phoso ea letho. Lintlha tsena li re hopotsa mantsoe a Pesaleme ea 86:8, ha e re: “Ha ho le ea mong ea tšoanang le uena . . . , Jehova, hape ha ho mesebetsi leha e le efe e tšoanang le ea hao.”

Ka Lentsoeng la hae le ngotsoeng, e leng Bibele e Halalelang, Jehova Molimo o file batsoali tataiso e ka tšeptjoang joaloka tšekamelo ea tlhaho eo a e fileng maeba. Ka mohlala, Bibele e khothalletsa bo-’mè hore “ba rate bana ba bona.” (Tite 2:4) Ho bo-ntate, e re: “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4; 1 Timothea 5:8) Ka sebele batsoali ba bolokang melao ena ke ba bohlokoa mahlong a Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela