Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/09 leq. 20
  • Ho Tšoarella ka Tieo Letsohong le Letona la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoarella ka Tieo Letsohong le Letona la Molimo
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Sibolotse Eng Jezriele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jeokrafi ea Bibele—Na e Nepahetse?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “’Na, Jehova Molimo oa Hao, ke U Tšoara ka Letsoho la Hao le Letona”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ha ho Ameha ka Ponahalo ho se ho Iphetola Boloetse
    Tsoha!—2004
Tsoha!—2009
g 9/09 leq. 20

Ho Tšoarella ka Tieo Letsohong le Letona la Molimo

◼ Jezreel oa Mexico o hlahile a e-na le lefu le sa tloaelehang la letlalo le bitsoang congenital lamellar ichthyosis. Lefu lena le etsa hore a khakhaphehe ’meleng ’me a be le letlalo le thata. Jezreel o re: “Sena se etsa hore ke shebahale ke tšosa, empa lefu lena ha le tšoaetsanoe.”

Jezreel o ile a tsamaea lipetlele tse ngata bongoaneng ba hae. Ha a le lilemo li peli, o ile a robatsoa ka kamoreng e khethehileng ea sepetlele e le hore a se ke a tšoaetsoa. Leha ho le joalo, ha aa ka a fola. O ile a isoa ngakeng ea mafu a kelello e le hore e mo thuse ho sebetsana le boikutlo ba ho khesoa.

Hangata batho ba nahanang hore lefu la Jezreel le ea tšoaetsanoa baa ba mo koekoetla. Sena se ne se mo utloisa bohloko haholo ha a sa le monyenyane, ha a ne a batla ho bapala le bana ba bang. O re: “Ba ne ba ntšoma ba bile ba mpitsa ka mabitso a phoqang a kang Mofu le Motho oa Lipolaneteng.”

Ka lehlakoreng le leng, hore ebe Jezreel o tšoeroe ke lefu lena leo bohle ba ka le bonang habonolo, ho mo fa monyetla oa hore a buisane le ba bang ka tšepo ea hae e thehiloeng Bibeleng. Hangata batho ba tla ho eena, ba mo botse hore na o chele. Ha a re ha aa cha, baa mo botsa hore na joale ho etsahetse’ng. Oa ba hlalosetsa hore na lefu lena la letlalo le mo tšoereng le joang ’me oa ba bolella hore hona joale ha ho tsejoe pheko ea lona.

Ha a tsoela pele o re: “Ke na le tšepo e molemo ka ho fetisisa, kaha Jehova Molimo o tšepisa hore ba mamelang melao ea hae, ba tla phela lefatšeng le lecha leo ho lona ho se nang ho kula le bohloko.” (Tšenolo 21:3, 4) Ho bua ka sena ho thusitse Jezreel hore a qalise lithuto tsa Bibele le batho ba bang, ’me o ’nile a thabela ho bona ba bangata ba bona e e-ba barapeli-’moho le eena.

Jezreel o re: “Ke thabela hore ebe ke hlahetse lelapeng la Bokreste ’me joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova ke na le metsoalle e haufi. Ha e nkhese ka lebaka la tsela eo ke shebahala ka eona. Ke kolobelitsoe ha ke le lilemo li 17, ’me ke se ke qetile lilemo tse 14 ke sebeletsa ’Mōpi oa rōna ka litsela tse ngata.”

Jezreel o lula a nahana ka mantsoe a khothatsang a Jehova a fumanoang ho Esaia 41:10, 13, a reng: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. . . . Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka. Etsoe ’na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”

Jezreel o thusitsoe ke ho tšoarella ka tieo letsohong le letona la Jehova hore a hlōle boikutlo ba ho tšoenyeha ka seo batho ba se nahanang ka eena le hore a mamelle mathata a amanang le lefu lena. Hammoho le batho ba bang ba limilione, o emetse ho phethahala ha litšepiso tse hlollang tsa Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela