Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/09 leq. 6
  • Mohato oa 4: Hlomphanang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohato oa 4: Hlomphanang
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo le ka Qobang Puo e Hlabang
    Tsoha!—2013
  • Ha ho Tsoha Likhang Lenyalong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Utolla Metso ea Puo e Nyefolang
    Tsoha!—1996
  • Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 10/09 leq. 6

Mohato oa 4: Hlomphanang

“Ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna.”—Baefese 4:31.

Se boleloang ke sena. Ho se lumellane ho ba teng malapeng a atlehileng le a nang le mathata. Empa ha banyalani ba buisana malapeng a atlehileng, ha ba phoqane, ha ba rohakane kapa hona ho bua ka tsela e nyefolang. Ba lelapa ba tšoarana ka tsela eo le bona ba ka ratang ho tšoaroa ka eona.—Matheu 7:12.

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Mantsoe a ka lematsa batho joaloka libetsa. Maele a Bibele a re: “Ho lula nahathote ho molemo ho feta ho lula le mosali ea likomang le ea bohale.” (Liproverbia 21:19, The Bible in Basic English) Ke ’nete hore ho ka buoa se tšoanang le ka monna ea likomang. ’Me ha ho tluoa tabeng ea ho hōlisa bana, Bibele e re: “Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) Bana ba lulang ba tšoauoa liphoso ba ka ’na ba qetella ba nahana hore ba ke ke ba khona ho khahlisa batsoali ba bona. Ba ka ba ba khaotsa ho leka ho ba khahlisa.

Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na u hlompha ba bang hakae ka lapeng.

◼ Na ha ho e-na le lintlha tse itseng tseo re sa lumellaneng ka tsona ka lapeng, puisano e fella ka hore e mong a tsoe ka tlung a halefile?

◼ Na ha ke buisana le molekane oa ka kapa bana, ke ba bitsa ka mabitso a hlabang, a kang “sethoto tooe,” “tseketseke” kapa a mang a joalo?

◼ Na ke hōletse moo batho ba neng ba atisa ho bua puo e nyefolang?

Ikemisetse. Nahana ka pakane e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka ipehelang tsona e le hore u bue ka tsela e bontšang tlhompho. (Tlhahiso: Ikemisetse hore ha u bua, u supise taba ka ho uena ho e-na le ho e supisa ho motho e mong. Ka mohlala, u ka re: “Ke utloa bohloko ha u . . . ,” ho e-na le ho re “Ha ho mohla u . . . ”)

Ke hobane’ng ha u sa bolelle molekane oa hao hore na u ikemiselitse ho etsa’ng? Ka mor’a likhoeli tse tharo, mo botse hore na u sebelitse joang.

Nahana ka litsela tse ling tse ka u thusang hore u se ke ua bua le bana ka tsela e nyefolang.

Mohlomong u ka kōpa bana hore ba u tšoarele ha u ile ua ba halefela kapa ua ba buisa ka tsela e phoqang.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Feela joalokaha maqhubu a leoatle a ka hohola lefika le tiile, ho tloaela ho sebelisa mantsoe a hlabang ho ka fokolisa lelapa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela